LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • mwb20 August leq. 3
  • Ikemisetse ho Tshepahalla Jehova ha Bofelo bo Ntse bo Atamela

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • Ikemisetse ho Tshepahalla Jehova ha Bofelo bo Ntse bo Atamela
  • Bukana ya Seboka sa Bophelo le Tshebeletso—2020
  • Dintlha tse Ding
  • Hlaolela Makgabane a Tshwanang le a Modimo​—⁠Sebete
    Bophelo le Tshebeletso ya Rona—Bukana ya Seboka—2017
  • Ha ho Thata ho ba Sebete
    Bophelo ba Bokreste le Tshebeletso ya Rona-Bukana ya Seboka sa-2021
  • “Eba Sebete . . . Mme o Nke Bohato”
    Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2017
  • Mphe Sebete
    Binelang Jehova le Thabile
Tse Ding
Bukana ya Seboka sa Bophelo le Tshebeletso—2020
mwb20 August leq. 3

PHELA JWALO KA MOKRESTE

Ikemisetse ho Tshepahalla Jehova ha Bofelo bo Ntse bo Atamela

KE HOBANENG HA HO LE BOHLOKWA: Haufinyane ho tla etsahala dintho tse tshosang tse tla hloka hore re be sebete mme re tshepe Jehova ho feta le ha e le neng pele. Mahlomola a maholo a tla qala ha bodumedi ba bohata bo fediswa. (Mat 24:21; Tše 17:16, 17) Ka nako eo ya pherekano ho ka etsahala hore re bolele molaetsa o matla wa kahlolo. (Tše 16:21) Gogo wa Magogo o tla re hlasela. (Eze 38:10-12, 14-16) Ka nako eo Jehova o tla tlisa “ntwa ya letsatsi le leholo la Modimo ya Matla Ohle” ho sirelletsa batho ba hae. (Tše 16:14, 16) E le hore re be sebete nakong e tlang re lokela ho dula re tshepahala ha tumelo ya rona e ntse e lekwa hona jwale.

O KA ETSA SEO JWANG:

  • Mamela melao ya Jehova e phahameng ya boitshwaro o be o e emele ka sebete. ​—Esa 5:20

  • Eya dibokeng ka mehla.​—Heb 10:24, 25

  • Mamela tataiso e tswang mokgatlong wa Jehova hanghang.​—Heb 13:17

  • Nahanisisa ka moo Jehova a ileng a pholosa batho ba hae ka teng nakong e fetileng.​—2Pe 2:9

  • Rapela Jehova mme o mo tshepe.​—Pes 112:7, 8

SHEBELLA KAROLO YA VIDEO E RENG DIKETSAHALO TSA NAKO E TLANG TSE TLA HLOKA HORE RE BE SEBETE, EBE O ARABA DIPOTSO TSE LATELANG:

  • Karolo ya video e reng ‘Diketsahalo Tsa Nako e Tlang Tse Tla Hloka Hore re be Sebete.’ Moradiwabo rona o Holong ya Mmuso mme o tshwenyehile ka mora hore a bale moo ho ngotsweng ditsebiso hore diphutheho di tlo kopanngwa.

    Bahweletsi ba ile ba lekeha jwang hore ba se ke ba mamela baholo ha phutheho ya bona e ne e kopanngwa le diphutheho tse ding?

  • Karolo ya video e reng ‘Diketsahalo Tsa Nako e Tlang Tse Tla Hloka Hore re be Sebete.’ Moradi eo wabo rona o buisana le baradibabo rona ba bang ba babedi ka diphetoho tsena tsa phutheho.

    Ho mamela ho etsa hore re be sebete jwang?

  • Karolo ya video e reng ‘Diketsahalo Tsa Nako e Tlang Tse Tla Hloka Hore re be Sebete.’ Morabo rona e motjha dilemong o tshwenyehile ka mora ho thuisa ka seo a qetang ho se bala ka Armagedone bukeng ya ‘Mmuso wa Modimo o a Busa!’

    Ke hobaneng ha re tla hloka ho ba sebete ha Armagedone e fihla?

  • Karolo ya video e reng ‘Diketsahalo Tsa Nako e Tlang Tse Tla Hloka Hore re be Sebete.’ Josafate le ba bang ba ne ba tswa Juda ba ile ba ya ntweng ho bona hore ha ho lesole le ha e le le le leng le phelang hara masole ao e leng dira tsa bona.

    Itokise hona jwale bakeng sa diketsahalo tse tla hloka hore o be sebete nakong e tlang

    Ke tlaleho efe ya Bibele e ka matlafatsang tumelo ya rona mabapi le hore Jehova a ka re pholosa?​—2Likr 20:1-24

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share