PHELA JWALO KA MOKRESTE
Ha ho Thata ho ba Sebete
Motho ya sebete ke ya nang le matla. Empa seo ha se bolele hore a ke ke a tshoha, ho e na hoo ho bolela hore a ka etsa ntho e itseng le hoja a tshohile. Jehova ke yena ya re fang sebete. (Pes 28:7) Ke jwang batjha ba ka bang sebete?
SHEBELLANG VIDEO YA ETSISNG BATHO BA SEBETE ESENG MAKWALA EBE LE ARABA DIPOTSO TSE LATELELANG:
Ke maemo afe a hlokang batjha hore ba be sebete?
Ke ditlaleho dife tsa Bibele tse ka re thusang hore re be sebete?
Ha re bontsha sebete, seo se ka tswela rona le batho ba re shebileng molemo jwang?