EBA MAFOLOFOLO MOSEBETSING WA BOBOLEDI | EKETSA THABO YA HAO BOBOLEDING
Tjheseha ha o Ruta
Ha o tjheseha, o ka etsa hore le batho ba bang ba tjhesehe ebile ba tla mamela ka hloko dintho tseo o di buang. Ha re tjheseha re bontsha hore re nka molaetsa wa rona e le wa bohlokwa. Ho sa tsotellehe setso kapa botho ba rona, re ntse re ka lwanela hore re tjhesehe. (Bar 12:11) Re ka kgona jwang?
Ntlha ya pele, nahana hore na molaetsa wa hao ke wa bohlokwa hakae. O na le monyetla wa ho ‘bolela ditaba tse molemo tsa dintho tse molemo!’ (Bar 10:15) Ntlha ya bobedi, nahana hore na ditaba tsa hao di ka ntlafatsa bophelo ba bamamedi ba hao jwang. Ba hloka ho utlwa ditaba tseo. (Bar 10:13, 14) Ntlha ya ho qetela, bua ka tjheseho. Tsamaisa matsoho, hlooho le mahetla ka tsela e loketseng o be o bontshe boikutlo ba hao sefahlehong.
SHEBELLANG VIDEO YA THABELA MOSEBETSI WA HO ETSA BARUTUWA—NTLAFATSA TSELA EO O RUTANG KA YONA—KA HO TJHESEHA HA O RUTA, EBE LE ARABA DIPOTSO TSE LATELANG:
Keng e ileng ya etsa hore Nteboheleng a se ke a tjhesehela ho ithuta Bibele le Dipontso?
Nteboheleng o ile a thuswa ke eng hore a boele a tjhesehe?
Ha o tjheseha, o ka etsa hore le batho ba bang ba tjhesehe
Ke hobaneng ha re lokela ho ameha ka makgabane a bamamedi ba rona?
Tjheseho ya rona e ka ama batho bao re ithutang Bibele le bona le batho ba bang jwang?