PHELA JWALO KA MOKRESTE
Re ka Etsang e le Hore Seboka sa Tshimo se re Tswele Molemo?
Seboka sa tshimo se tshwana le diboka tse ding tsohle tsa phutheho, ke mpho eo Jehova a re fileng yona e le hore re ka susumelletsana leratong le mesebetsing e metle. (Heb 10:24, 25) Seboka sa tshimo se lokela ho nka metsotso e mehlano ho isa ho e supileng. Nako eo e akarelletsa ho aba batho, ho bolela hore na tshimo e tla sebetswa hokae le thapelo. (Haeba seboka sa tshimo se le ka mora diboka tsa phutheho se lokela ho ba sekgutshwane ho feta moo.) Motho ya kgannang seboka sa tshimo o lokela ho lokisetsa dintlha tse tla thusa bahweletsi ba yang tshimong letsatsing leo. Mohlala, ka Moqebelo ho ka etsahala hore boholo ba bahweletsi ba teng tshimong ha ba a ka ba kgona ho ba teng tshimong hara beke. Ka hoo, ho ka ba molemo hore motho ya kgannang seboka sa tshimo a bue ka dintlha tseo bahweletsi ba ka di buang le beng ba matlo. O ka bua ka dintlha dife tse ding sebokeng sa tshimo?
O ka bua ka mehlala ya seo o ka se buang le batho e hlahang Bukaneng ya Seboka sa Bophelo le Tshebeletso
O ka bontsha hore na bahweletsi ba ka qadisa moqoqo jwang ba sebedisa dintho tse sa tswa etsahala kapa tse hlahileng ditabeng
O ka bua ka hore na bahweletsi ba ka araba jwang ha mongantlo a hanyetsa
O ka bua ka hore na bahweletsi ba ka bua jwang le motho ya sa dumeleng ho Modimo, ya dumelang hore dintho di itlhahisitse, ya buang puo e nngwe le ya leng bodumeding bo sa tlwaelehang sebakeng seo
O ka bua ka hore na ke jwang ba ka sebedisang karolo e nngwe ya websaete ya jw.org, ya JW Library® kapa ya Bibele
Hore na ba ka sebedisa dingolwa kapa divideo tse hlahang tlasa Dithulusi Tsa ho Ruta jwang
O ka bua ka hore na bahweletsi ba ka etsang haeba ba kopanela mofuteng o mong wa ho paka o kang ho paka ka fono, ho ngola mangolo, bopaki ba phatlalatsa, maeto a ho boela kapa ho kganna thuto ya Bibele
O ka hopotsa bahweletsi hore ba lokela ho dula ba sireletsehile, ba tenyetsehe, ba be le mekgwa e metle, maikutlo a nepahetseng le dintho tse ding tse tshwanang le tseo
O ka bua ka sehlooho kapa video e hlahang bukaneng ya Ikemisetse ho Bala le ho Ruta
O ka bua ka hore na bahweletsi ba ka etsang e le hore ba kgothatse le ho thusa motho eo ba tsamayang le yena tshimong
O ka bua ka lengolo le amanang le ho ruta batho Bibele kapa wa pheta pale ya se ileng sa etsahala tshimong