EBA MAFOLOFOLO MOSEBETSING WA BOBOLEDI | Eketsa Thabo Ya Hao Boboleding
Thusa Motho eo o Ithutang Bibele le Yena Hore a Qobe Metswalle e Fosahetseng
E le hore baithuti ba Bibele e be metswalle ya Jehova, ba lokela ho kgetha metswalle e nepahetseng. (Pes 15:1, 4) Metswalle eo e tla ba susumelletsa ho etsa dintho tse nepahetseng.—Lipr 13:20; lff kgaolo ya 48.
O nahanele batho bao o ithutang le bona ha o ba thusa ho qoba metswalle e mebe. Ba ka nna ba thatafallwa ke ho tlohela metswalle ya bona ya pele. Ka hoo, bontsha hore o ba tsotella haholo le matsatsing ao le sa baleng ka wona. Mohlomong o ka etsa jwalo ka hore o ba ngolle melaetsa, o ba letsetse kapa o ba etele. Ha ba ntse ba hatela pele, o ka ba mema hore ba tlo qeta nako le batho ba Modimo. Ka tsela eo, ba tla bona hore ba fumana ho hongata ho feta hoo ba ho lahlileng. (Mar 10:29, 30) Le wena o tla thaba ha o bona lelapa la Jehova le ntse le eketseha.
SHEBELLANG VIDEO YA THUSA MOTHO EO O ITHUTANG BIBELE LE YENA HORE A QOBE METSWALLE E FOSAHETSENG EBE LE ARABA DIPOTSO TSE LATELANG:
Ditlwaelano tse mpe ke eng?—1Ko 15:33
Dipontsho o ile a nahana hore mmoka wa Bakreste o tla ba jwang?
Nteboheleng o ile a thusa Dipontsho jwang hore a be le metswalle e nepahetseng?