EBA MAFOLOFOLO MOSEBETSING WA BOBOLEDI | EKETSA THABO YA HAO BOBOLEDING
Thusa Motho eo o Ithutang Bibele le Yena Hore a be le Kamano e Ntle le Jehova
Jehova o batla re mo sebeletse hobane re mo rata. (Mat 22:37, 38) Haeba batho bao re ithutang Bibele le bona ba rata Jehova, seo se tla etsa hore ho be bonolo hore ba etse diphetoho tse hlokahalang le ho mamella ha ba tobana le diteko. (1Jo 5:3) Lerato la bona ho Jehova le tla ba susumelletsa hore ba kolobetswe.
Thusa batho bao o ithutang Bibele le bona hore ba bone hore Jehova o a ba rata. Ba botse dipotso tse kang: “See se o rutang ka Jehova?” kapa “Taba ee e bontsha jwang hore Modimo o a o rata?” Ba thuse hore ba hlokomele ka moo Jehova a ba thusang ka teng. (2Likr 16:9) Ba bolelle ka moo Jehova a ileng a arabela dithapelo tsa hao ka teng mme o ba thuse ho hlokomela ka moo Jehova a arabelang dithapelo tsa bona. Re thaba haholo ha re bona batho bao re ithutang Bibele le bona ba hlokomela hore Jehova o a ba rata ebile ba bontsha hore le bona ba a mo rata le hore ba batla ho ba metswalle ya hae.
SHEBELLANG VIDEO YA THUSA MOTHO EO O ITHUTANG BIBELE LE YENA HORE A BE LE KAMANO E NTLE LE JEHOVA EBE LE ARABA DIPOTSO TSE LATELANG:
Dipontsho o ne a na le bothata bofe?
Nteboheleng o ile a thusa Dipontsho jwang?
Dipontsho o ile a hlola bothata ba hae jwang?