LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • mwb23 May leq. 3
  • Jehova o Bona Dintho Tse Ntle Tseo o di Etsang

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • Jehova o Bona Dintho Tse Ntle Tseo o di Etsang
  • Bophelo ba Bokreste le Tshebeletso ya Rona—2023
  • Dintlha tse Ding
  • Diqeto Tse Bontshang Hore re Tshepa Jehova
    Bophelo ba Bokreste le Tshebeletso ya Rona—2023
  • Ka Boikokobetso Amohela Hore ho na le Dintho Tseo o sa di Tsebeng
    Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2025
  • Kgodiseha Hore Jehova o a o Rata
    Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2025
  • Jehova “o Fodisa Bao Dipelo Tsa Bona di Utlwileng Bohloko”
    Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2024
Tse Ding
Bophelo ba Bokreste le Tshebeletso ya Rona—2023
mwb23 May leq. 3

PHELA JWALO KA MOKRESTE

Jehova o Bona Dintho Tse Ntle Tseo o di Etsang

“Jehova o rata batho ba hae.” (Ps 149:4) Le hoja re sa phethahala, o bona makgabane a rona le dintho tseo re ka kgonang ho di etsa. Empa ka dinako tse ding re ka nna ra thatafallwa ke ho hlokomela dintho tse ntle tseo re di etsang. Ho ka etsahala hore re ikutlwe re se na thuso ka lebaka la tsela eo batho ba bang ba re tshwarang ka yona. Re ka nna ra thatafallwa ke ho dumela hore Jehova o a re rata haeba re ile ra etsa diphoso nakong e fetileng. Keng e ka re thusang ha re ikutlwa ka tsela eo?

Hopola hore Jehova o bona dintho tseo batho ba ke keng ba kgona ho di bona. (1Sa 16:7) Taba ena e bolela hore o bona dintho tse ntle tseo re di etsang le hoja rona re sa di bone. Ke ho thabisang hore ebe Bibele e re thusa ho utlwisisa hore na Jehova o ikutlwa jwang ka rona. Re ka utlwisisa sena ha re bala ditemana tsa Bibele le ditlaleho tse bontshang ka moo Jehova a ratang barapedi ba hae ka teng.

SHEBELLANG VIDEO YA IKGODISE HORE JEHOVA O A O RATA EBE LE ARABA DIPOTSO TSE LATELANG:

  • Papiso ya motho ya mathang le ntate wa hae e re ruta hore Jehova o ikutlwa jwang ka rona?

  • Motho ya entseng sebe se tebileng a ka ikgodisa jwang hore Jehova o a mo rata ha a ntse a etsa dintho tse tla mo thusa ho lokisa setswalle sa hae le yena?​—1Jo 3:19, 20

  • Morabo rona o fumane melemo efe ha a ntse a bala le ho nahanisisa ka tlaleho ya Davida le ya Josafate?

Ditlaleho tsa Bibele tse re kgodisang hore . . .

Jehova o a re rata ho sa tsotellehe hore na batho ba bang ba ikutlwa jwang ka rona

  • Enoke (Ge 5:24; Heb 11:5; Ju 14, 15)

  • Anna (1Sa 1:1–2:11, 18-21, 26)

Jehova o tshwarela baetsadibe ba bakileng

  • Manase (2Kr 33:1-7, 12, 13)

  • Pauluse (1Ti 1:12-16)

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share