LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • w25 August maq. 8-13
  • Kgodiseha Hore Jehova o a o Rata

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • Kgodiseha Hore Jehova o a o Rata
  • Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2025
  • Dihloohwana
  • Dintlha tse Ding
  • KE HOBANENG HA E LE HA BOHLOKWA HORE RE KGODISEHE HORE JEHOVA O A RE RATA
  • KE ENG E KA RE THUSANG HORE RE KGODISEHE HORE JEHOVA O A RE RATA?
  • KA MOO JESU A RE THUSANG KA TENG HORE RE KGODISEHE HORE JEHOVA O A RE RATA
  • DULA O KGODISEHILE HORE JEHOVA O A O RATA
  • Jehova o a o Rata
    Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2024
  • Tefo ya Topollo e re Rutang?
    Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2025
  • Lerato la Modimo ha le Fele
    Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2025
  • Ka Boikokobetso Amohela Hore ho na le Dintho Tseo o sa di Tsebeng
    Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2025
Tse Ding
Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2025
w25 August maq. 8-13

SEHLOOHO SE ITHUTWANG SA 33

PINA YA 4 “Jehova ke Modisa wa Ka”

Kgodiseha Hore Jehova o a o Rata

“Ke ka lebaka la lerato lena ke ileng ka o tshepahalla le ho o hulela ho nna.”—JER. 31:3.

NTLHAKGOLO

Re tlo ithuta hore na ke hobaneng ha ho le bohlokwa hore re dumele hore Jehova o a re rata, le hore na re ka etsang e le hore re kgodisehe le ho feta hore o a re rata.

1. Ke hobaneng ha o ile wa inehela ho Jehova? (Sheba setshwantsho.)

NA O sa hopola ha o ne o inehela ho Jehova? O ile wa inehela ho yena hobane o ile wa ithuta ka yena, wa mo tseba le ho mo rata. O ile wa mo tshepisa hore ho etsa thato ya hae ke hona ho tla tla pele bophelong ba hao le hore o tla tswela pele o mo rata ka pelo ya hao yohle, moya wa hao ohle, kelello ya hao yohle le matla a hao ohle. (Mar. 12:30) Ho tloha ka nako eo, lerato leo o mo ratang ka lona le ile la nna la hola. Jwale o ka reng ha motho a o botsa a re, “Na o kgodisehile hore o rata Jehova?” O ka mo araba ntle ho pelaelo wa re, “Ke mo rata ho feta motho le ha e le ofe kapa ntho le ha e le efe!”

Ditshwantsho: Moradi wa bo rona o hopola ha a ne a inehela le ho kolobetswa. 1. O dutse tlasa sefate o a rapela. 2. O kolobetswa nokeng.

Na o sa hopola lerato leo o neng o ena le lona ha o ne o inehela ho Jehova mme o kolobetswa? (Sheba serapa sa 1)


2, 3. Jehova o batla hore re kgodisehe ka eng, hona re tlo bua ka eng sehloohong see? (Jeremia 31:3)

2 Empa o ka reng haeba motho e mong a o botsa, a re: “Na o kgodisehile hore Jehova o a o rata?” Mohlomong o ka belaela mme wa nahana hore ha o motho wa bohlokwa hakaalo hore Jehova a ka o rata. Moradi wa bo rona e mong ya neng a utlwa eka batho ha ba mo rate ha a ntse a hola, o re: “Ke a tseba hore ke rata Jehova. Ke kgodisehile ka seo. Empa seo ke sa kgodisehang ka sona ke hore na Jehova o a nthata.” Ha e le hantle Jehova o ikutlwa jwang ka wena?

3 Jehova o batla hore o kgodisehe hore o a o rata. (Bala Jeremia 31:3.) Nnete ke hore o o huletse ho yena. Ha o ne o inehela ho yena mme o kolobetswa, o ile a o fa ntho ya bohlokwa, e leng lerato la hae. O o rata haholo ebile a ke ke a o lahla. Sena se mo susumelletsa hore a nke barapedi ba hae ba tshepahalang e le “thepa e kgethehileng.” (Mal. 3:​17, nal.) Ka hoo, o motho wa bohlokwa haholo ho Jehova. O batla hore o ikutlwe ka tsela eo moapostola Pauluse a neng a ikutlwa ka yona. Pauluse o ne a kgodisehile hore Jehova o a mo rata, hoo a ileng a ngola a re: “Ke kgodisehile hore lefu, bophelo, mangeloi, mebuso, dintho tse teng hona jwale, dintho tse tlang, matla, bophahamo, botebo kapa dintho tse ding tsohle tse bopilweng di ke ke tsa re arohanya le lerato leo Modimo a re bontshitseng lona.” (Bar. 8:​38, 39) Sehloohong sena, re tlo bua ka hore na ke hobaneng ha ho le bohlokwa hore re kgodisehe le ho feta hore Jehova o a re rata le hore na re ka thuswa ke eng ho etsa seo.

KE HOBANENG HA E LE HA BOHLOKWA HORE RE KGODISEHE HORE JEHOVA O A RE RATA

4. Re ka hanela a mang a maqiti a Satane jwang?

4 Ho kgodiseha hore Jehova o a re rata, ho tla re thusa hore re hanele ‘maqiti’ a Satane. (Baef. 6:11) Satane a ka etsa eng kapa eng ho re thibela hore re sebeletse Jehova. Satane o batla hore re nahane hore Jehova ha a re rate. Ka hoo, o se ke wa lebala hore Satane ke ramenyetla. (Diprov. 24:10) Bibele e re Satane o tshwana le tau, ka ha tau e hlasela diphoofolo ha di fokola ebile di sa kgone ho itshireletsa. Ka tsela e tshwanang, Satane o re hlasela nakong eo re fokolang, e leng nakong eo re nang le mathata, re tshwenyehileng ka bokamoso kapa re nyahamisitswe ke dintho tse re etsahalletseng nakong e fetileng. Ka hoo, o nka monyetla ha re nyahame e le hore re ka tela. Haeba re kgodisehile hore Jehova o a re rata, re tla kgona ho ‘hanyetsa’ Satane ha mmoho le maqiti a hae.—1 Pet. 5:​8, 9; Jak. 4:7.

5. Ke hobaneng ha e le habohlokwa hore re ikutlwe re ratwa ke Jehova?

5 Ha re kgodisehile hore Jehova o a re rata, re ka atamela ho yena. Ke hobaneng ha re tjho jwalo? Bibele e re: “Atamelang ho Modimo mme o tla atamela ho lona.” (Jak. 4:8) Jehova o entse batho ka tsela eo ba kgonang ho rata batho ba bang le hore le bona ba ikutlwe ba ratwa. Ka hoo, haeba re ikutlwa re ratwa, ho bonolo hore le rona re rate batho ba bang. Jwale ha re bona hore Jehova o a re rata ebile o a re ananela, seo se tla etsa hore le rona re mo rate le ho feta. (1 Joh. 4:19) Ho hlakile hore ha lerato la rona ho yena le ntse le hola, le yena o tla re rata le ho feta. Empa re ka etsang hore re kgodise le ho feta hore Jehova o a re rata?

KE ENG E KA RE THUSANG HORE RE KGODISEHE HORE JEHOVA O A RE RATA?

6. Re ka rapella eng e ka re thusang hore re kgodisehe hore Jehova o a re rata?

6 O se ke wa kgaotsa ho rapela mme o tobe taba. (Luka 18:1; Bar. 12:12) Kopa Jehova hore a o thuse hore o ipone ka tsela eo a o bonang ka yona. O ka rapela ka makgetlo a mangata ka letsatsi ha ho hlokahala. Ka dinako tse ding, dipelo tsa rona di ka re qosang hoo ho ka bang thata hore re dumele hore Jehova o a re rata. Empa hopola hore Jehova o moholo ho dipelo tsa rona. (1 Joh. 3:​19, 20) Jehova o o tseba ho feta ka moo o itsebang ka teng ebile o bona le makgabane ao o sa tsebeng le hore o na le ona. (1 Sam. 16:7; 2 Dikron. 6:30) Ka hoo, “mo bolelle” se ka pelong ya hao, mme o mo kope hore a o thuse hore o dumele hore o a o rata. (Pes. 62:8) Ka mora moo, etsa dintho tumellanong le thapelo ya hao ka hore o etse dintho tse latelang.

7, 8. Dipesaleme di re thusa jwang hore re kgodisehe hore Jehova o a re rata?

7 Kgolwa seo Jehova a o bolellang sona. Hopola hore Jehova o file bangodi ba Bibele moya wa hae o halalelang. Ka hoo, sohle seo ba se buileng ka Lentsweng la hae ke nnete. Nahana ka tsela eo mopesaleme Davida a hlalositseng Jehova ka yona. O re: “Jehova o haufi le bao dipelo tsa bona di utlwileng bohloko. O pholosa ba nyahameng.” (Pes. 34:​18, nal.) Nakong eo o nyahameng, o ka ikutlwa o le mong. Empa hopola hore Jehova o tshepisa hore o tla ba haufi le wena dinakong tse jwalo, hobane o a bona hore o mo hloka ho feta le ha e le neng pele. Davida o ile a boela a ngola a re: “O bokelle dikeledi tsa ka ka lekukeng la hao.” (Pes. 56:8) Jehova o a bona ha o utlwile bohloko. O o tsotella haholo ebile ha a batle ho o bona o utlwile bohloko. Ho tshwana le ha eka o bokella dikeledi tsa hao ebe o a di boloka jwalo ka metsi ka lekukeng. Pesaleme ya 139:​3, e re: “[Jehova] o tseba dintho tsohle tseo ke di etsang.” Jehova o tseba dintho tsohle tseo o di etsang, empa o sheba tse ntle feela. (Baheb. 6:10) Ke hobaneng ha Jehova a o etsetsa dintho tsee? Hobane o nka ntho e nngwe le e nngwe eo o e etsang hore o mo thabise e le ya bohlokwa.a

8 Ha e le hantle, Jehova o sebedisa mangolo ana a kgothatsang a ka Lentsweng la hae ho o bolella hore o o rata haholo ebile o a o tsotella. Empa jwalo ka ha re ithutile dirapeng tse fetileng, Satane o batla hore re dumele hore Jehova ha a re rate. Ka hoo, ka dinako tse ding ha o utlwa o belaela hore Jehova o a o rata, a ko eme hanyane mme o ipotse, ‘Ke tla kgolwa mang, “ntate wa leshano” kapa “Modimo ya nang le nnete”?’—Joh. 8:44; Pes. 31:5.

9. Jehova o tshepisa batho ba mo ratang eng? (Exoda 20:​5, 6)

9 Nahana ka hore na Jehova o ikutlwa jwang ka batho ba mo ratang. Jehova o ile a bolella Moshe le Baiseraele hore o tla dula a bontsha batho ba mo ratang lerato le tshepahalang. (Bala Exoda 20:​5, 6.) Ka ha Jehova ke Modimo ya tshepahalang, re ka kgodiseha hore haeba re mo rata le yena o tla re rata. (Neh. 1:5) Ka hoo, ka dinako tse ding, ha o utlwa o sa kgodiseha hore na Jehova o a o rata, a ko eme hanyane mme o ipotse potso ena, ‘Na ke rata Jehova?’ Ka mora moo, nahana ka taba ena: Haeba o rata Jehova mme o leka ka hohle ka moo o ka kgonang ho mo thabisa, o lokela ho kgodiseha hore le yena o o rata haholo. (Dan. 9:4; 1 Bakor. 8:3) Ka mantswe a mang, haeba ha re belaele hore re rata Jehova, re lokela ho kgodiseha hore le yena o a re rata. Ka hoo, o ka kgodiseha hore o tla dula a o rata ebile a ke ke a o lahla.

10, 11. Jehova o batla hore o ikutlwe jwang ka tefo ya topollo? (Bagalata 2:20)

10 Dula o nahanisisa ka tefo ya topollo. Sehlabelo sa Jesu Kreste ke mpho e kgolo ka ho fetisisa eo Jehova a e fileng batho bohle. (Joh. 3:16) Empa na ke mpho eo Jehova a o fileng yona ka ho toba? E! Nahana ka mohlala wa moapostola Pauluse. Hopola hore o ile a etsa dibe tse tebileng haholo pele e ba Mokreste mme o ne a lokela ho tswela pele a lwantshana le ho se phethahale. (Bar. 7:​24, 25; 1 Tim. 1:​12-14) Le ha ho le jwalo, o ile a nka tefo ya topollo e le mpho e tswang ho Jehova molemong wa hae. (Bala Bagalata 2:20.) Mantswe a Pauluse a bontsha hore Jehova o batla hore o nke tefo ya topollo e le mpho eo a o fang yona. Jehova o ile a susumetsa Pauluse hore a ngole mantswe ana. Dintho tsohle tse ka Bibeleng di ngoletswe ho re ruta. (Bar. 15:4) Ha o sheba sehlabelo sa Jesu ka tsela ena, o tla kgodiseha le ho feta hore Jehova o a o rata.

11 Re leboha Jehova ka ho romela Mora wa hae, Jesu, ho tla re shwela lefatsheng. Empa lebaka le leng leo Jesu a tlileng lefatsheng ka lona ke ho bolella batho ba bang nnete ka Modimo. (Joh. 18:37) Nnete eo e akarelletsa tsela eo Jehova a ikutlwang ka yona ka bana ba hae.

KA MOO JESU A RE THUSANG KA TENG HORE RE KGODISEHE HORE JEHOVA O A RE RATA

12. Ke hobaneng ha re ka tshepa seo Jesu a se buileng ka Jehova?

12 Ha Jesu a ne a le lefatsheng, o ne a thabela ho bolella batho hore na Jehova ke motho ya jwang. (Luka 10:22) Re na le mabaka ohle a ho dumela seo Jesu a se buileng ka Jehova, hobane Jesu o phetse le Jehova dilemo tse dibilione pele a tla lefatsheng. (Bakol. 1:15) Jesu o bone ebile o ne a tseba ka moo Jehova a mo ratang ka teng le ka moo a ratang bara le baradi ba hae ba tshepahalang ka teng. Jwale, Jesu o re thusa jwang hore re dumele hore Modimo o a re rata?

13. Jesu o batla hore re tsebe eng ka Jehova?

13 Jesu o batla hore re tsebe hore na Jehova o ikutlwa jwang ka rona. Mangolong a Dikosepele, Jesu o bitsa Jehova “Ntate” ka makgetlo a ka hodimo ho 160. Hape o ne a sebedisa mantswe a kang “Ntate wa lona” kapa “Ntate wa lona ya lehodimong,” ha a ne a bua le balatedi ba hae. (Mat. 5:16; 6:26) Pele Jesu a tla lefatsheng, bahlanka ba Modimo ba tshepahalang ba pele ba ne ba sebedisa ditlotla ha ba ne ba bua ka Jehova, tse akarelletsang ‘Ya Matla Ohle,’ ‘Ya Phahameng ka ho Fetisisa’ le ‘Mmopi e Moholo.’ Empa Jesu hangata o ne a sebedisa lentswe le bonolo le le tlwaelehileng, e leng ‘Ntate’ ha a hlalosa tsela eo Modimo a batlang hore bahlanka ba hae ba ikutlwe ka yona ka yena. Ho hlakile hore Jesu o batla hore re tsebe hore Jehova o a re rata. O re rata haholo jwalo ka Ntate ya ratang bana ba hae. A re hlahlobeng mehlala e mmedi ya moo Jesu a sebedisitseng lentswe “Ntate” ha a ne a bua ka Jehova.

14. Jesu o bontshitse jwang hore e mong le e mong wa rona o bohlokwa mahlong a Ntate wa rona ya lehodimong? (Matheu 10:​29-31) (Sheba setshwantsho.)

14 A re qaleng ka mohlala wa Jesu o ho Matheu 10:​29-31. (E bale.) Dirobele ke dinonyana tse nyenyane haholo tse ke keng tsa rata kapa hona ho rorisa Jehova. Le ha ho le jwalo, Ntate wa rona o nka nonyana e le nngwe e le ya bohlokwa haholo hoo a tsebang le ha e wela fatshe. Haeba Jehova o nka nonyana ena e le nngwe e le ya bohlokwa, hakaakang ka bahlanka ba hae ba tshepahalang ba mo sebeletsang hobane ba mo rata! Jesu o ile a boela a re Ntate wa rona ‘o tseba palo ya moriri o dihloohong tsa rona.’ Ka ha Jehova o tseba dintho tse nyenyane jwalo ka rona, re ka kgodiseha hore o re tsotella haholo. Ka nnete, Jesu o batla hore e mong le e mong wa rona a dumele hore ke wa bohlokwa haholo mahlong a Ntate wa rona ya lehodimong.

Jesu o supile serobele ha se dula fatshe. Barutuwa ba hae ba mo mametse ka hloko.

Jehova o nka nonyana e le nngwe ya serobele e le ya bohlokwa haholo hoo a tsebang le ha e wela fatshe. Haeba Jehova o nka nonyana ena e le nngwe e le ya bohlokwa, hakaakang ka bahlanka ba hae ba tshepahalang ba mo sebeletsang hobane ba mo rata. (Sheba serapa sa 14)


15. Mantswe a Jesu a ho Johanne 6:44 a o bolella eng ka Ntate wa hao ya lehodimong?

15 A re bueng ka mohlala wa bobedi wa moo Jesu a sebedisitseng lentswe “Ntate.” (Bala Johanne 6:44.) Ha Jesu a bua mantswe ana a hlahang ho Johanne 6:​44, e ka nna yaba o ne a qotsa mantswe a Jehova a hlahang ho Jeremia 31:3. Lengolong lena, Jehova o ile a re ho batho ba hae: “Ke ka lebaka la lerato lena ke ileng ka o tshepahalla le ho o hulela ho nna.” (Jer. 31:3; bapisa le Hosea 11:4.) Ntate wa hao ya lehodimong ke yena ya o huletseng nneteng. Ke hobaneng ha a ile a o hulela ho yena? Hobane o bone hore pelo ya hao e batla ho ithuta ka yena. (Dik. 13:48) See se bolelang? Se bolela hore Ntate wa rona ya lerato ya lehodimong o dula a bona dintho tse ntle tseo le wena o sa nahaneng hore o na le tsona.

16. (a) Jesu o ne a bolelang ha a re Jehova ke Ntate wa rona, hona ke hobaneng ha re lokela ho mo kgolwa? (b) Ke eng e ka o kgodisang le ho feta hore Jehova ke Ntate eo o mo hlokang? (Sheba lebokose le reng “Ntate eo Bohle re mo Hlokang.”)

16 Ha Jesu a ne a re ruta hore Jehova ke Ntate wa rona, ho tshwana le ha a re: “Jehova ha se Ntate wa ka feela, le wena ke Ntate wa hao. Ke a o tiisetsa hore o o rata haholo ebile o a o tsotella.” Ka hoo, haeba ka dinako tse ding o sa kgodiseha hantle hore Jehova o a o rata, a ko eme hanyane mme o ipotse, ‘Na ke lokela ho tshepa mantswe a Mora ya tsebang Ntate wa hae ho re feta le ya buang nnete ka mehla?’—1 Pet. 2:22.

“Ntate eo Bohle re mo Hlokang”

Mantswe ana a hlaha selelekeleng sa buka ya Atamela ho Jehova. Selelekela sena se a hlalosa hore na morero wa buka ena ke ofe, se re: “Re tla bona hore Jehova ke . . . Ntate eo bohle re mo hlokang. Kaha o matla, o na le toka, o bohlale ebile o lerato, ha ho mohla a furallang bana ba hae ba tšepahalang.”

Moradi wa bo rona e mong ya hotseng Ntate wa hae a mo sotla o hlalosa ka moo buka ena e mo thusitseng ka teng, o re: “Buka ena e nthutile hore ha ke a lokela ho tshaba lentswe ‘ntate.’ Hona jwale ke a utlwisisa hore na ntate ya molemo ke ya jwang. Ke a tseba hore Jehova o a nthata mme le nna ke mo nka jwalo ka Ntate wa ka.” Ka mora ho bala buka ena, moradi wa bo rona e mong o ile a re: “Ka nnete Jehova ke Ntate ya molemo ka ho fetisisa.”

E le hore o ikgodise hore Jehova ke Ntate eo o mo hlokang, ke hobaneng ha o sa bale kapa o ithute buka ee hape?

DULA O KGODISEHILE HORE JEHOVA O A O RATA

17. Ke hobaneng ha re lokela ho tswela pele re ikgodisa hore Jehova o a re rata?

17 Re lokela ho tswela pele re ikgodisa hore Jehova o a re rata. Jwalo ka ha re ithutile dirapeng tse fetileng, sera sa rona se maqiti, e leng Satane, se tla etsa sohle se matleng a sona ho re thibela ho sebeletsa Jehova. Ka hoo, Satane o tla tswela pele a etsa hore re dumele hore Jehova ha a re rate. Ha re a lokela ho dumella Satane ho re hlola.—Jobo 27:5.

18. O ka etsang hore o dule o kgodisehile hore Jehova o a o rata?

18 E le hore o kgodisehe hore Jehova o a o rata, dula o rapella hore a o thuse hore o ipone ka tsela eo a o bonang ka yona. Nahanisisa ka moo bangodi ba Bibele ba ileng ba hlalosa ka moo Jehova a tsotellang batho ba mo ratang ka teng. Hopola hore Jehova o tla dula a rata batho ba bontshang hore ba a mo rata. Nahana hore na ke hobaneng ha Jehova a ile a fana ka Mora wa hae e le tefo ya topollo bakeng sa hao. Tshepa seo Jesu a o bolelletseng sona ha a re Jehova ke Ntate wa hao ya lehodimong. Haeba motho a ka o botsa a re: “Na o kgodisehile hore Jehova o a o rata?” Ka sebete o tla araba o re: “E! o a nthata ebile letsatsi le leng le le leng ke etsa sohle seo nka se kgonang ho bontsha hore ke a mo rata.”

O KA RENG?

  • Ke hobaneng ha re lokela ho kgodiseha hore Jehova o a re rata?

  • Ke eng e ka re thusang hore re kgodisehe hore Jehova o a re rata?

  • Jesu o re thusa jwang hore re kgodisehe hore Jehova o a re rata?

PINA YA 154 Lerato la Nnete

a Bakeng sa ditemana tse eketsehileng tse re kgodisang hore Jehova o a re rata, sheba sehlooho se reng “Ho se Itshepe” bukeng ya Ditemana Tsa Bibele Tse Thusang Bakreste.

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share