SEHLOOHO SE ITHUTWANG SA 41
PINA YA 108 Lerato la Modimo
Lerato la Modimo ha le Fele
“ Lebohang Jehova hobane o molemo. Lerato la hae le tshepahalang ha le fele le ka mohla.”—PES. 136:1, nal.
NTLHAKGOLO
Ho hopola hore lerato la Jehova ke thuto ya motheo ya Bibele, ho ka re thusa ho lwantshana le ho nyahama ha re hlahelwa ke diteko.
1, 2. Bakreste ba bangata ba tobana le teko efe?
NAHANA ka sekepe se ka hara lewatle le befileng. Maqhubu a matla a se isa hodimo le tlase. Sekepe seo se tla ya hohle moo maqhubu ao a se isang teng, ntle le ha motho a ka lahlela ankora ka metsing. Ankora e tla etsa hore sekepe seo se tsitse mme se ke ke sa ya kwana le kwana ha maqhubu a lewatle a ntse a lwebehlana.
2 O ka utlwa eka o tshwana le sekepe seo nakong eo o mamelletseng diteko tse tshwanang le maqhubu a lewatle. O ka ikutlwa o ferekane. Ka letsatsi le leng o ka utlwa o kgodisehile hore Jehova o a o rata ebile o a o tshehetsa, ebe letsatsi le hlahlamang o a ipotsa hore na Jehova ehlile o bona se o etsahallang. (Pes. 10:1; 13:1) Mohlomong motswalle o a o kgothatsa, ebe o ikutlwa o le betere ka nakwana. (Diprov. 17:17; 25:11) Ka mora nako o qala o belaela hape. O ka ba wa ipotsa hore na Jehova o ntse a o rata ebile a o nka o le motho wa bohlokwa na. O ka lahlela ankora ya hao ya tshwantshetso jwang ka metsing ha o tobana le diteko? Ka mantswe a mang, o ka etsang e le hore o kgodisehe, o be o dule o kgodisehile hore Jehova o a o rata ebile o a o tshehetsa?
3. “Lerato le tshepahalang” le hlahang naletsaneng ya Pesaleme ya 31:7 le ya 136:1 le bolelang, mme ke hobaneng ha re ka re Jehova ke mohlala o ka sehloohong wa lona? (Sheba setshwantsho.)
3 Tsela e nngwe eo o ka tsitsang ka yona ha o tobane le teko ke ho hopola lerato le tshepahalang la Jehova. (Bala Pesaleme ya 31:7, nal.; 136:1, nal.) Polelwana “lerato le tshepahalang” e fana ka maikutlo a lerato leo motho a le bontshang hobane a rata motho e mong haholo ebile le sa fele. Jehova ke yena mohlala o ka sehloohong wa lerato le tshepahalang. Ha e le hantle, Bibele e mo hlalosa e le “ya nang le lerato le tshepahalang [le lengata].” (Ex. 34:6, 7, nal.) Bibele e boetse e re ha e bua ka Jehova: “Bohle ba llelang ho wena o ba rata haholo.” (Pes. 86:5) Nahana ka hore na sena se bolelang: Ha ho le ka mohla Jehova a lahlang bahlanka ba hae ba tshepahalang. Ho hopola hore Jehova o a tshepahala, ho ka o tsitsisa ha o tobane le teko e kang sefefo.—Pes. 23:4.
Jwalo ka ha ankora e dula e tsitsisitse sekepe ha se iswa kwana le kwana ke maqhubu a ntseng a lwebehlana, ho kgodiseha hore Jehova o a re rata ho tla re thusa hore re dule re tsitsitse le ha re tobane le mathata (Sheba serapa sa 3)
HOPOLA HORE TABA YA HORE JEHOVA O A RE RATA KE THUTO YA MOTHEO YA BIBELE
4. Fana ka mehlala ya dithuto tsa motheo tsa Bibele, mme o hlalose hore na ke hobaneng ha re sa tsukutlehe ha bonolo.
4 Tsela e nngwe eo o ka tsitsang ka yona ha o tobane le teko ke ho hopola hore taba ya hore Jehova o a o rata ke thuto ya motheo ya Bibele. Polelwana “thuto ya motheo ya Bibele” e bolelang ho wena? Mohlomong o hopola dinnete tseo o ileng wa ithuta tsona Lentsweng la Modimo. Ka mohlala, o ithutile hore lebitso la Modimo ke Jehova, hore Jesu ke Mora ya mong wa Modimo, hore bafu ha ba tsebe letho le hore ho tla ba le lefatshe la paradeise moo batho ba tla phela ka ho sa feleng. (Pes. 83:18; Moek. 9:5; Joh. 3:16; Tshen. 21:3, 4) Ka mora hore o dumele hore dithuto tsena ke nnete, ho ne ho se ho se bonolo hore o tsukutlehe. Hobaneng? Hobane o ile wa hlokomela hore di thehilwe nneteng. A re bone hore na ho nka lerato la Jehova e le thuto ya motheo ya Bibele, ho ka o thusa jwang hore o tlose maikutlo a hore Jehova ha a o tsotelle kapa ha a ele hloko hore na o hlahelwa ke eng bophelong.
5. Hlalosa hore na dithuto tsa bohata di fotholwa jwang.
5 Ke eng e ileng ya o thusa hore o hane dithuto tsa bohata ha o ne o qala ho ithuta Bibele? Mohlomong o ile wa thuswa ke ho bapisa dintho tseo o ileng wa di rutwa bodumeding ba hao le seo Mangolo a se rutang. Nahana ka mohlala ona: A re re o ne o dumela hore Jesu ke Modimo ya Matla Ohle. Le ha ho le jwalo, ha o ntse o ithuta Bibele o ile wa ipotsa, ‘Na ehlile thuto ee ke nnete?’ Ka mora ho hlahlobisisa bopaki ba Mangolo, o ile wa fumana hore taba eo ha se nnete. Ka mora moo, ho ena le ho dumela thuto eo ya bohata, o ile wa qala ho dumela nnete e tswang ka Bibeleng ya hore Jesu ke “letsibolo la popo yohle,” le hore ke “Mora ya mong wa Modimo.” (Bakol. 1:15; Joh. 3:18) Ke nnete hore dithuto tsa bohata di ka mela ka metso mme ha eba thata ho di fothola. (2 Bakor. 10:4, 5) Empa ha o se o kgonne ho di fothola, ha o a ka wa kgutlela ho tsona, o ile wa di siya.—Bafil. 3:13.
6. Ke hobaneng ha o ka kgodiseha hore ‘lerato la Jehova ha le fele le ka mohla’?
6 O ka etsa se tshwanang ka seo Bibele e se rutang mabapi le hore Jehova o a re rata. Ha o tobana le teko mme o qala ho belaela hore Jehova o a o rata, ipotse, ‘Na ke nahana dintho hantle?’ Bapisa boikutlo boo le mantswe a hlahang ho Pesaleme ya 136:1, e leng lengolo la rona la sehlooho. Ke hobaneng ha Jehova a hlalosa lerato la hae e le “le tshepahalang”? Ke hobaneng ha polelwana “lerato la hae ha le fele le ka mohla” e phetilwe ka makgetlo a 26 pesalemeng eo? Jwalo ka ha re ile ra bona, taba ya hore Jehova o rata batho ba hae ka lerato le tshepahalang ke thuto ya motheo ya Bibele, e tshwana le dithuto tse ding tsa motheo tseo o ileng wa di dumela tse hlahang ka Lentsweng la Modimo. Taba ya hore Jehova o o nka o se na thuso kapa o sa ratehe ke leshano. Hana leshano leo feela jwalo ka ha o ne o ka hana dithuto tse ding tsa bohata ka sebete.
7. Fana ka mehlala e tswang ka Mangolong e re kgodisang hore Jehova o a re rata.
7 Bibele e na le bopaki bo bongata ba hore Jehova o a re rata. Ka mohlala, Jesu o ile a re ho balatedi ba hae: “Le bohlokwa ho feta dirobele tse ngata.” (Mat. 10:31) Jehova ka boyena o ile a re ho batho ba hae: ‘Ke tla le matlafatsa, ke tla le thusa. Ke tla le tshwara ka letsoho la ka le letona la ho loka.’ (Esa. 41:10) Hlokomela hore na mantswe ana a builwe ka kgodiseho e kaakang. Jesu ha a re ‘Le ka nna la eba ba bohlokwa ho feta’ le Jehova ha a re ‘Nka nna ka le thusa.’ Ho ena le hoo, Jesu o re, “Le bohlokwa ho feta” le Jehova o re, ‘Ke tla le thusa.’ Haeba nakong eo o tobaneng le teko o belaela hore Jehova o a o rata, mangolo a kang ana a ka o thusa hore o ikutlwe o le betere a ba a o thusa hore o tsebe hore o bohlokwa. Mangolo ana a thehilwe nneteng. Ho nahanisisa ka taba ena le ho rapela ka yona, ho tla o susumetsa hore o hopole mantswe a hlahang ho 1 Johanne 4:16 a reng: “Re a tseba ebile re a dumela hore Modimo o a re rata.”a
8. O ka etsang haeba ka dinako tse ding o belaela hore Jehova o a o rata?
8 Le ha ho le jwalo, o ka etsang haeba ka dinako tse ding o ntse o belaela hore Jehova o a o rata? Bapisa tsela eo o ikutlwang ka yona le seo o se tsebang. Maikutlo a a fetoha empa nnete yona ha e fetohe. Taba ya hore Jehova o a re rata ke nnete e rutwang ke Mangolo. Haeba re sa dumele hore Jehova o a re rata, re tla be re iphapanyetsa tshobotsi ya hae ya bohlokwa ka ho fetisisa, e leng lerato.—1 Joh. 4:8.
NAHANISISA KA HORE JEHOVA ‘O A O RATA’
9, 10. Jesu o ne a bua ka eng ha a ne a re: “Ntate o a le rata,” jwalo ka ha ho tlalehilwe ho Johanne 16:26, 27? (Sheba setshwantsho.)
9 Re ka ithuta ho hongata ka tsela eo Jehova a re ratang ka yona ha re nahana ka seo Jesu a ileng a se bua ho balatedi ba hae, ha a re: “Ntate o a le rata.” (Bala Johanne 16:26, 27.) Jesu o ne a sa bue mantswe ana hobane a batla ho thabisa barutuwa ba hae. Ha e le hantle, ditemana tse tlang pele ho ena di bontsha hore o ne a sa bue ka taba e amanang le maikutlo a bona. Ho ena le hoo, o ne a bua ka ntho e nngwe e fapaneng e leng thapelo.
10 Jesu o ne a sa tswa bolella barutuwa ba hae hore ba lokela ho rapela ka yena, eseng hore ba rapele yena. (Joh. 16:23, 24) Ho ne ho le bohlokwa hore ba tsebe taba ena. Ka mora hore Jesu a tsoswe bafung, e ka nna yaba barutuwa ba hae ba ne ba batla ho mo rapela, etswe ba ne ba mo nka e le motswalle wa bona. Mohlomong ba ne ba nahana hore ka ha Jesu o a ba rata, o ne a tla susumelletseha hore a mamele dikopo tsa bona tse matla, a be a di fetisetse ho Ntate wa hae. Le ha ho le jwalo, Jesu o ile a re ha ba a lokela ho nahana ka tsela ena. Hobaneng? O ile a re ho bona: “Ntate o a le rata.” Nnete ena ke karolo ya dithuto tsa motheo tsa Bibele mabapi le thapelo. Nahana ka hore na sena se bolelang ho wena. Ha o ntse o ithuta Bibele, o ile wa tseba Jesu hantle wa ba wa mo rata. (Joh. 14:21) Empa jwalo ka barutuwa bao, le wena o ka rapela Modimo o kgodisehile, o tseba hore ‘o a o rata.’ Nako yohle ha o rapela Jehova, o a bontsha hore o na le tumelo mantsweng ana.—1 Joh. 5:14.
O ka rapela Jehova o kgodisehile, o tseba hore ‘o a o rata’ (Sheba serapa sa 9 le 10)b
UTLWISISA HORE NA KE ENG E ETSANG HORE O BE LE DIPELAELO
11. Ke hobaneng ha Satane a thaba haeba re ka belaela hore Jehova o a re rata?
11 Taba ya ho belaela hore Jehova o a re rata e tswa hokae? O ka nna wa re e tswa ho Satane, mme seo ke nnete ho isa boholeng bo itseng. Diabolose o batla ho re “harola,” mme a ka thaba haholo ha re ka belaela hore Jehova o a re rata. (1 Pet. 5:8) Lerato leo Jehova a re ratang ka lona le ile la mo susumelletsa hore a fane ka tefo ya topollo, e leng ntho eo Satane a batlang hore re utlwe eka re ke ke ra rua molemo ho yona. (Baheb. 2:9) Empa ha e le hantle, ke mang ya ruang molemo ha re belaela hore Jehova o a re rata? Ke Satane. Hape ke mang ya thabang ha re inehela ha re ena le mathata? E ntse e le Satane. Ho a makatsa hore ebe Satane o leka ka matla ho etsa hore re belaele hore Jehova o a re rata, empa ha e le hantle e le yena eo Jehova a sa mo rateng. A mang a ‘maqiti’ a hae a ka sehloohong ke ho leka ho etsa hore re utlwe eka ke rona bao Jehova a sa ba rateng le bao a tla ba ahlola. (Baef. 6:11) Ha re hlokomela seo sera sa rona se lekang ho se etsa, re ka ikemisetsa le ho feta ho ‘hanyetsa Diabolose.’—Jak. 4:7.
12, 13. Sebe seo re se futsitseng se ka etsa hore re belaele hore Jehova o a re rata jwang?
12 Ho na le ntho e nngwe hape e ka etsang hore re belaele hore Jehova o a re rata. E ka ba eng? Sebe seo re se futsitseng. (Pes. 51:5; Bar. 5:12) Sebe se sentse setswalle sa batho le Mmopi wa bona. Se boetse se sentse tsela eo re nahanang ka yona, re ikutlwang ka yona le bophelo ba rona.
13 Sebe se etsa hore maikutlo a rona a ferekane le hore re ikutlwe re le molato, re tshwenyehile, re ikgalala ebile re swabile. Re ka ikutlwa ka tsela ena ha re etsa sebe. Empa maikutlo ana a ka boela a eba teng hobane re dula re hopola hore ha re a phethahala, e leng boemo bo fapaneng le boo Jehova a neng a re bopile ka bona ho tloha qalong. (Bar. 8:20, 21) Jwalo ka ha koloi e nang le lebidi le pantjhileng e sa kgone ho tsamaya hantle, le rona ka ha ha re a phethahala, re ke ke ra kgona ho etsa dintho hantle jwalo ka ha re ne re ka di etsa ha re ne re phethahetse. Ka hoo, ha ho makatse hore ebe ka dinako tse ding re lwantshana le ho belaela hore Jehova o a re rata. Ha seo se etsahala, re lokela ho hopola hore Jehova ke “Modimo e moholo le ya hlomphehang, . . . ya ratang batho ba mo ratang le ba mamelang ditaelo tsa hae.”—Neh. 1:5.
14. Ho nahana ka tefo ya topollo ho ka re thusa jwang hore re tlose monahano wa hore Jehova ha a re rate? (Baroma 5:8) (Sheba lebokose le reng “Itebele Kgahlanong le ‘ho Thetswa ke Sebe.’”)
14 Ke nnete hore ka dinako tse ding re ka ikutlwa re sa tshwanelwe ke hore Jehova a re rate. Ha re se re bua nnete feela, ha re tshwanelwe ke hore Jehova a re rate, mme taba ya hore o a re rata e a ikgetha. Ha ho letho leo re ka le etsang e le hore Jehova a re rate. Le ha ho le jwalo, tefo ya topollo e kwahela dibe tsa rona, mme Jehova o entse tokisetso ena hobane a re rata. (1 Joh. 4:10) Hape hopola hore Jesu o ile a tla lefatsheng ho tlo lopolla baetsadibe, eseng batho ba phethahetseng. (Bala Baroma 5:8.) Ha ho le ya mong wa rona ya ka etsang dintho ka tsela e phethahetseng, mme Jehova ha a lebella hore re etse dintho ka tsela e phethahetseng. Ha re utlwisisa hore ho se phethahale ke hona ho etsang hore re belaele hore Jehova o a re rata, re ka ikemisetsa le ho feta ho lwantsha boikutlo boo.—Bar. 7:24, 25.
KGETHA HO DULA O TSHEPAHALA
15, 16. Re ka kgodiseha ka eng haeba re dula re tshepahalla Jehova, hona hobaneng? (2 Samuele 22:26)
15 Jehova o batla hore re etse kgetho e nepahetseng ya ho ‘mo kgomarela.’ (Deut. 30:19, 20) Ha re etsa jwalo, re ka kgodiseha hore o tla dula a re tshepahalla. (Bala 2 Samuele 22:26.) Ha feela re dula re tshepahalla Jehova, re ka kgodiseha hore o tla re thusa hore re mamelle boemo le ha e le bofe bo ka re hlahelang bophelong.
16 Jwalo ka ha re ithutile, re na le mabaka a utlwahalang a hore re dule re tsitsitse ha re tobana le diteko. Re a tseba hore Jehova o a re rata le hore o tla re tshehetsa. Ke sona seo Bibele e se rutang. Haeba le ka mohla re belaela hore Jehova o a re rata, re ka nahana ka seo re tsebang hore ke nnete, ho ena le ho nahana hore tsela eo re ikutlwang ka yona ka nako eo ke nnete. A re duleng re kgodisehile ka nnete e tswang ka Bibeleng ya hore lerato la Jehova le tshepahalang ha le fele le ka mohla.
PINA YA 159 Rorisang Jehova
a Mehlala e meng ke Deuteronoma 31:8, Pesaleme ya 94:14 le Esaia 49:15.
b TLHALOSO YA SETSHWANTSHO: Morabo rona o rapela Jehova hore a mo thuse ho hlokomela mosadi wa hae ya kulang, hore a be le bohlale ba ho sebedisa tjhelete hantle le ho kwetlisa moradinyana wa bona hore a rate Jehova.