LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • w21 November leq. 31
  • Na o ne o Tseba?

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • Na o ne o Tseba?
  • Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2021
  • Dintlha tse Ding
  • Kakaretso ya Nahume
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2021
w21 November leq. 31
Ditshwantsho tse bontshang mehaho le diemahale tsa motse wa kgale wa Ninive.

Ninive e ne e le motse o nang le mehaho e metle le diemahale

Na O Ne O Tseba?

Ho ile ha etsahalang ka Ninive ka mora mehla ya Jonase?

Websaete ya British Museum e hlalosa hore hoo e ka bang ka selemo sa 670 B.CE., Assyria e ne e se e le mmuso o moholo ka ho fetisisa lefatsheng, “e tloha Cyprase e ka bophirimela ho ya fihla Iran e ka botjhabela mme ho na le nako eo e neng e akarelletsa Egepeta.” Motsemoholo wa yona Ninive, e ne e le motse o moholo ka ho fetisisa lefatsheng. E ne e kgaba ka dirapa tse ngata tse ntle, matlo a borena a matle le di laebrari tse kgolo. Mengolo e hlahang maboteng a motse wa kgale wa Ninive e bontsha hore Morena Asnapare o ne a ipitsa “morena wa lefatshe,” jwalo ka marena a mang a Assyria. Ka nako eo, ho ne ho bonahala eka Assyria le Ninive di ke ke tsa hlolwa.

Mmapa o bontshang meedi ya Mmuso wa Assyria dilemong tsa bo600 B.C.E. Dibaka tse hlahileng mmapeng moo ke Egepeta, sehlekehleke sa Cyprase le Ninive.

Mmuso o matla wa Lefatshe wa Assyria e ne e le mmuso o moholo ka ho fetisisa lefatsheng ka nako eo

Le ha ho le jwalo, nakong eo Assyria e neng e le matla haholo, moprofeta wa Jehova e leng Sofonia o ile a profeta esale pele a re: “[Jehova] o tla timetsa Assyria. O tla etsa Ninive lesupi, sebaka se se nang metsi jwalo ka lefeella.” Ho ekelletsa moo, moprofeta wa Jehova Nahume le yena o ile a profeta a re: “Tlatlapang silevera; tlatlapang kgauta; . . . Ho hloka letho le lefeela, le motse o fetohileng lesupi! . . . E mong le e mong ya o bonang o tla o balehela mme ka sebele o tla re, ‘Ninive e tlatlapuwe!’” (Sof. 2:​13; Nah. 2:​9, 10; 3:7) Ha batho ba utlwa boprofeta boo, e ka nna yaba ba ile ba ipotsa ba re: ‘Na see se ka etsahala? Na Assyria e matla e ka hlolwa?’ E ne e utlwahala e le ntho eo ho leng thata ho e kgolwa.

[Setshwantsho se maqepheng a 31]

Ninive e ile ya fetoha lesupi.

Ho ntse ho le jwalo, e ile ya hlolwa. Nakwana pele ho selemo sa 600 B.C.E., Assyria e ile ya hlolwa ke Bababylona le Bamede. Ho ile ha qetella ho se ho se na batho ba dulang Ninive mme qetellong batho ba ile ba lebala ka ho felletseng ka yona. Sengolwa se tswang ho Metropolitan Museum of Art e New York se re, “motse wa Ninive o ne o lahlilwe ebile o lebetswe ka ho felletseng mme batho ba ne ba o tsebella Bibeleng feela.” Biblical Archaeology Society e re maqalong a bo1800 “ho ne ho se na motho ya tsebang hore na ehlile motsemoholo ona wa Assyria o kile wa eba teng kapa tjhe.” Empa ka 1845, moepolli wa dintho tsa kgale ya bitswang Austen Henry Layard o ile a qala ho tjheka dithakong tsa Ninive. Dintho tseo a ileng a di fumana di ile tsa paka hore Ninive e kile ya eba motse o motle haholo.

Taba ya hore boprofeta bona bo buang ka Ninive bo phethahetse hantle feela jwalo ka ha ho ne ho boletswe, e matlafatsa tshepo ya rona ya hore boprofeta ba Bibele bo buang ka ho fediswa ha mebuso ya dipolotiki ya mehleng ena le bona bo tla phethahala.​—Dan. 2:​44; Tšen. 19:​15, 19-21.

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share