LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • w22 August maq. 14-19
  • “Tswela Pele ho Tsamaya Nneteng”

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • “Tswela Pele ho Tsamaya Nneteng”
  • Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2022
  • Dihloohwana
  • Dintlha tse Ding
  • KE HOBANENG HA RE RATA NNETE?
  • RE KA BONTSHA JWANG HORE RE RATA NNETE?
  • “Ke Tla Tsamaya Nneteng ya Hao”
    Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang—2018
  • “Reka Nnete Mme o se ke wa e Rekisa”
    Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang—2018
  • Na ho Ntse ho le Bohlokwa ho Bua Nnete?
    Dihlooho Tse Ding
  • Lengolo le Tswang ho Sehlopha se Busang
    Ka Moo o ka Dulang o Ratwa ke Modimo
Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2022
w22 August maq. 14-19

SEHLOOHO SE ITHUTWANG SA 34

“Tswela Pele ho Tsamaya Nneteng”

“Tswela pele ho tsamaya nneteng.”​—3 JOH. 4.

PINA YA 111 Mabaka a ho Thaba

SEO RE TLO ITHUTA SONAa

1. Ho buisana ka hore na ho tlile jwang hore re be Dipaki Tsa Jehova ho re thusa jwang?

“O FUMANE nnete jwang?” Ha ho pelaelo hore o kile wa botswa potso ena ka makgetlo a mangata. Ke yona potso ya pele eo re e botsang Mokrestemmoho ha re batla ho mo tseba haholwanyane. Re rata ho utlwa hore na ho tlile jwang hore Bakrestemmoho ba tsebe Jehova le ho mo rata ebile re thabela ho ba bolella hore na ke hobaneng ha re rata ho ba Dipaki. (Bar. 1:11) Ho buisana ka dintho tsena ho re hopotsa ka moo ho ba Dipaki Tsa Jehova ho leng bohlokwa ka teng. Hape ho re thusa hore re ikemisetse le ho feta ho “tswela pele ho tsamaya nneteng,” e leng se bolelang ho phela ka tsela e tla thabisa Jehova le e tla etsa hore a re hlohonolofatse.​—3 Joh. 4.

2. Re tlo bua ka eng sehloohong see?

2 Sehloohong sena re tla bua ka a mang a mabaka a hore na ke hobaneng ha re rata nnete. Re tla boela re bue ka hore na re ka tswela pele jwang re bontsha hore re rata mpho ena ya bohlokwa. Ha ho pelaelo hore ho buisana ka dintho tsena ho tla etsa hore re ananele le ho feta hore ebe Jehova o re huletse ka phuthehong. (Joh. 6:44) Ho tla boela ho re thuse hore re ikemisetse le ho feta ho ruta batho ba bang Bibele.

KE HOBANENG HA RE RATA NNETE?

3. Lebaka la bohlokwa ka ho fetisisa le etsang hore re rate nnete ke lefe?

3 Ho na le mabaka a mangata a etsang hore re rate nnete. Lebaka la bohlokwa ka ho fetisisa ke hore re rata Jehova Modimo e leng yena ya re fileng nnete. Ho ithuta Lentswe la hae Bibele ho re thusitse hore re tsebe hore ke Mmopi wa lehodimo le lefatshe le hore ke Ntate wa rona ya lehodimong ya re ratang le ya re tsotellang haholo. (1 Pet. 5:7) Re a tseba hore Modimo wa rona ke Modimo “ya mohau le ya mosa, ya diehang ho halefa le ya tletseng mosa o lerato le nnete.” (Ex. 34:6) Jehova o rata toka. (Esa. 61:8) O utlwa bohloko ha re hlahelwa ke mathata ebile o ikemiseditse ho fedisa mathata ohle a rona ka nako e nepahetseng. (Jer. 29:11) Re emetse nako eo ka tjantjello e kgolo. Lena ke le leng la mabaka a etsang hore re rate Jehova hakana.

Ditshwantsho: Ankora. 1. Lefatshe la paradeise le nang le dithaba, jwang bo botala le noka e phallang. 2. Moradiwabo rona o ruta Mme e mong Bibele.

Nnete eo re Ithutang Yona ka Bibeleng e Tshwana le . . . Ankora

Tshepo eo re nang le yona e thehilweng ka Bibeleng e re thusa hore re kgobe matshwafo ha re hlahelwa ke mathata feela jwalo ka ha ankora e thusa sekepe hore se se ke sa tswa taolong. Dintho tseo re ithutileng tsona ka Bibeleng di re susumeletsa hore re bolelle batho ba bang ka tshepo eo re nang le yona ka bokamoso (Sheba serapa sa 4-7)

4, 5. Ke hobaneng ha moapostola Pauluse a ile a bapisa tshepo eo re nang le yona le ankora?

4 Lebaka le leng leo re ratang nnete ka lona ke lefe? Ho tseba nnete ho re thusa haholo. A re bueng ka mohlala ona. Dintho tseo re ithutang tsona ka Bibeleng di akareletsa tshepo eo re nang le yona ka bokamoso. Moapostola Pauluse o ile a etsa mohlala o bontshang hore na tshepo eo ke ya bohlokwa hakae, o ile a re: “Re na le tshepo ena e le ankora bakeng sa moya, e le ya nnete mme e le e tiileng.” (Baheb. 6:19) Tshepo eo re nang le yona e thehilweng Bibeleng e re thusa hore re kgobe matshwafo ha re ena le mathata feela jwalo ka ha ankora e thusa sekepe hore se se ke sa tswa taolong.

5 Temaneng ena Pauluse o ne a bua ka tshepo eo Bakreste ba tlotsitsweng ba nang le yona ya ho ya lehodimong. Le ha ho le jwalo, seo a se buileng se ntse se sebetsa le ho Bakreste ba nang le tshepo ya ho phela ka ho sa feleng paradeiseng lefatsheng. (Joh. 3:16) Ho ithuta ka tshepo ya ho phela ka ho sa feleng ho re thusitse hore re tsebe hore na re phelelang.

6, 7. Ho ithuta nnete ka bokamoso ho thusitse Moradiwabo rona Yvonne jwang?

6 A re bueng ka pale ya Moradiwabo rona Yvonne. Ha a hodiswa ke Dipaki Tsa Jehova mme ha a ne a le monyenyane o ne a tshaba ho shwa. O hopola nakong eo a neng a bala mantswe ao a sa kang a a lebala a reng: “Bophelo bo bokgutshwane.” O re: “Ka mora ho bala buka eo ke ile ka qeta bosiu bohle ke sa robale, ke ntse ke nahana ka taba ena. Ke ile ka qala ho nahana hore e tlameha ebe bophelo bo na le morero mme ka ipotsa: ‘Haeba ha ho jwalo, ke hobaneng ha ke phela?’ Ke ne ke sa batle ho shwa!”

7 Ha Yvonne e se e le motjha o ile a kopana le Dipaki Tsa Jehova. O re: “Ke ile ka ba le tshepo ya ho phela ka ho sa feleng lefatsheng le letjha la Paradeise.” Ho ithuta Bibele ho thusitse Moradiwabo rona Yvonne jwang? O boetse o re: “Ha ke sa tsamaya ke ntse ke tsoha hara bosiu ke tshwenyeha ka bokamoso kapa ka ho shwa.” Moradiwabo rona Yvonne o ananela hore ebe o fumane nnete ebile o thabela ho bolella batho ba bang ka tshepo eo a nang le yona ka bokamoso.​—1 Tim. 4:16.

Ditshwantsho: Taemane. 1. Lefatshe la paradeise le nang le dithaba, jwang bo botala le noka e phallang. 2. Monna o behile mehope le dikgau tsa hae ka lebokoseng.

Nnete eo re Ithutang Yona ka Bibeleng e Tshwana le . . . Letlotlo

Ho sebeletsa Jehova hona jwale le ho ba le tshepo ya ho mo sebeletsa ka ho sa feleng tlasa Mmuso wa hae ho tshwana le letlotlo. Ho bohlokwa ho feta ntho le ha e le efe eo re ka e telang (Sheba serapa sa 8-11)

8, 9. (a) Papisong e nngwe ya Jesu, monna e mong o ile a bontsha jwang hore o nka letlotlo leo a le fumaneng e le la bohlokwa? (b) O nka nnete e le ya bohlokwa hakae?

8 Dintho tseo re ithutang tsona ka Bibeleng di akareletsa ditaba tse monate ka Mmuso wa Modimo. Jesu o ile a bapisa nnete e mabapi le Mmuso le letlotlo le patilweng. Ho Matheu 13:44 o ile a re: “Mmuso wa mahodimo o jwalo ka letlotlo le patilweng tshimong, leo motho a ileng a le fumana mme a le pata; ka lebaka la thabo eo a nang le yona o a ya mme a rekise dintho tseo a nang le tsona mme a reke tshimo eo.” Hlokomela hore monna eo o ne a sa batlane le letlotlo leo. Empa ha a le fumana o ile a tela dintho tse ngata e le hore a be le lona. Ha e le hantle, o ile a rekisa ntho e nngwe le e nngwe eo a neng a ena le yona. Hobaneng? Hobane o ne a tseba hore letlotlo leo ke la bohlokwa ho feta ntho le ha e le efe eo a neng a ka lahlehelwa ke yona.

9 Na le wena o ikutlwa ka tsela eo ka nnete eo o e fumaneng? Ha ho pelaelo hore o ikutlwa jwalo. Re a tseba hore ha ho na ntho eo lefatshe lena le ka re fang yona e ka bapiswang le thabo eo re nang le yona ya ho sebeletsa Jehova hona jwale le tshepo eo re nang le yona ya ho phela ka ho sa feleng tlasa Mmuso wa Modimo. Ho ba le kamano e ntle le Jehova ke ha bohlokwa ho feta ntho le ha e le efe eo re lokelang ho e tela. Re thabiswa ke ho mo ‘kgahlisa ka botlalo.’​—Bakol. 1:10.

10, 11. Keng e ileng ya susumeletsa Michael hore a etse diphetoho tse kgolo bophelong ba hae?

10 Bongata ba rona re tetse dintho tse kgolo e le hore re ka thabisa Jehova. Ba bang ba tlohetse mesebetsi ya maemo a hodimo. Ba bang ba tlohetse ho lelekisa maruo. Ha ba bang ba tlohetse tsela eo ba neng ba phela ka yona ka ho felletseng ha ba ne ba ithuta ka Jehova. Sena ke seo Michael a ileng a se etsa. Ha a hodiswa ke Dipaki Tsa Jehova. Ha e sa le motjha o ne a ithuta karate. O re: “Ntho ya bohlokwa ka ho fetisisa ho nna e ne e le ho ikwetlisa mmeleng. Ka dinako tse ding ke ne ke ikutlwa ke le nkokonono.” Ha Michael a ne a qala ho ithuta Bibele, o ile a ithuta hore na Jehova o ikutlwa jwang ka ntwa. (Pes. 11:5) Ha Michael a bua ka banyalani ba Dipaki ba neng ba ithuta Bibele le yena o re: “Ha ho mohla ba kileng ba re ke tlohele karate; ba ile ba tswela pele feela ho nthuta nnete ya Bibele.”

11 Ha Michael a ntse a ithuta ka Jehova haholwanyane o ile a mo rata le ho feta. Ntho e ileng ya mo kgahla haholo ke tsela eo Jehova a hauhelang bahlanka ba hae ka yona. Ha nako e ntse e ya, Michael o ile a hlokomela hore o lokela ho etsa qeto e neng e tla fetola bophelo ba hae. O re: “Ke ne ke tseba hore ho tlohela karate e ne e tla ba ntho e thata ka ho fetisisa eo nkileng ka e etsa. Empa ke ne ke boetse ke tseba hore seo se ne se tla thabisa Jehova mme ke ne ke kgodisehile hore ha ke batla ho mo sebeletsa ke lokela ho itela ka ho feletseng.” Michael o ne a nka nnete eo a e fumaneng e le ya bohlokwa mme seo se ile sa mo susumeletsa hore a etse diphetoho tse kgolo bophelong ba hae.​—Jak. 1:25.

Ditshwantsho: Lebone. 1. Lefatshe la paradeise le nang le dithaba, jwang bo botala le noka e phallang. 2. Motjha o nahanisisa ka seo a ithutileng sona ka Bibeleng.

Nnete eo re Ithutang Yona ka Bibeleng e Tshwana le . . . Lebone

Lebone le kganyang hantle le ka re thusa hore re bone moo re yang ha ho le lefifi. Ka ho tshwanang, Lentswe la Modimo le re bontsha ka moo re ka etsang diqeto tse bohlale lefatsheng lena le kgopo le buswang ke Satane (Sheba serapa sa 12 le 13)

12, 13. Dintho tseo Mayli a ithutileng tsona ka Bibeleng di mo thusitse jwang?

12 Bibele e bontsha ka moo nnete e leng ya bohlokwa ka teng ka ho e bapisa le lebone le kganyang sebakeng se lefifi. (Pes. 119:105; Baef. 5:8) Mayli ya dulang Azerbaijan o ananela haholo nnete eo a e fumaneng ka Lentsweng la Modimo. Batswadi ba hae ba ne ba le bodumeding bo sa tshwaneng. Ntate wa hae e ne e le Momosleme mme mme wa hae e le Mojuda. O re: “Le hoja ke ne ke eso belaelle boteng ba Modimo, ho ne ho ena le dintho tse nkemisang hlooho. Ke ne ke ipotsa ke re: ‘Ke hobaneng ha Modimo a ile a bopa batho ha e le mona ba utlwa bohloko bophelo bohle mme qetellong ba hlokofatswa ka ho sa feleng diheleng?’ Ka ha batho ba ne ba re dintho tsohle ke thato ya Modimo, ke ne ke ye ke ipotse ke re: ‘E le hore Modimo o thabela ho bona ha batho ba utlwa bohloko?’”

13 Mayli o ile a tswela pele a batla dikarabo tsa dipotso tseo a neng a ipotsa tsona. Ha nako e ntse e ya, o ile a ithuta Bibele mme ya eba e mong wa Dipaki Tsa Jehova. O re: “Tsela e hlakileng eo Bibele e tshetlehang ditaba ka yona, e ile ya fetola pono ya ka ka bophelo. Dikarabo tse nepahetseng tseo ke di fumaneng ka Lentsweng la Modimo di ile tsa etsa hore ke ikutlwe ke ena le kgotso.” Kaofela ha rona jwalo ka Mayli re rorisa Jehova ‘ya re bitsitseng ho re ntsha lefifing ho re kenya leseding la hae le hlollang.’​—1 Pet. 2:9.

14. Keng e ka re thusang hore re rate nnete haholo? (Sheba le lebokose le reng “Dipapiso Tse Ding.”)

14 Ena ke e meng ya mehlala e bontshang ka moo nnete e leng ya bohlokwa ka teng. Ha ho pelaelo hore o ka nahana ka e meng e mengata. Ha o ithuta Bibele, o ka ipha nako ya ho batla mabaka a mang a hore na ke hobaneng ha o lokela ho rata nnete. Ha re ntse re rata nnete le ho feta sena se tla etsa hore re fumane ditsela tse ding tsa ho bontsha ka moo re e ratang ka teng.

Bibele e butsweng.

Dipapiso Tse Ding

Sehloohong sena re ithutile hore nnete e ka bapiswa le ankora, letlotlo le lebone. Nnete e ka bapiswa le dintho tse ding hape. Ka mohlala:

  • Seipone.

    Bibele e tshwana le seipone. Ha re e bala re kgona ho bona hore na re batho ba mofuta ofe le hore na re ka etsa diphetoho hokae.​—Jak. 1:22-25

  • Lerothodi la metsi.

    Jwalo ka ha metsi a re kgatholla ha ho tjhesa, nnete eo re ithutang yona ka Bibeleng e ka re kgothatsa le ho re matlafatsa lefatsheng lena leo batho ba bangata ba sa tsebeng Modimo.​—Pes. 23:2, 3

RE KA BONTSHA JWANG HORE RE RATA NNETE?

15. Re ka bontsha jwang hore re rata nnete?

15 Re ka bontsha hore re rata nnete ka hore ka mehla re ithute Bibele le dingolwa tse thehilweng ho yona. Ho sa tsotellehe hore na re bile Dipaki nako e kae, ho tla dula ho ena le dintho tseo re tla lokela ho ithuta tsona. Kgatiso ya pele ya makasine ena e ile ya re: “Nnete e ka Bibeleng e tshwana le palesa e nyenyane, e patilweng ke ditlamatlama kapa mofoka o teteaneng naheng. E le hore o e fumane, o lokela ho tsomana le yona. . . . Ha o e thola o se ke wa kgotsofalla palesa e le nngwe feela ya nnete. . . . Batla mme o bokelle tse eketsehileng.” Re lokela ho sebetsa ka thata e le hore re ithute mme ho etsa jwalo ho tla re tswela molemo.

16. Ke mokgwa ofe wa ho ithuta o o sebeletsang? (Liproverbia 2:4-6)

16 Ha se kaofela ha rona re ratang ho bala le ho ithuta. Le ha ho le jwalo, Jehova o batla hore re tswele pele ho “batla” le ho “batlisisa” e le hore re utlwisise nnete haholwanyane. (Bala Liproverbia 2:4-6.) Ho etsa boiteko boo ho dula ho re tswela molemo. Morabo rona Corey o re ha a bala Bibele o hlahloba temana e le nngwe ka nako. O re: “Ke bala dintlha tsohle tse mongolong o botlaseng ba leqephe, ke sheba ditshupiso tse bohareng ba leqephe mme ke etsa le dipatlisiso. . . . Ke ithuta dintho tse ngata ha ke bala ka tsela ena!” Re bontsha hore re ananela nnete ha re ipha nako ebile re etsa boiteko ba ho ithuta yona ebang re sebedisa mokgwa ona kapa o mong.​—Pes. 1:1-3.

17. Ho phelela nnete ho bolelang? (Jakobo 1:25)

17 Re a tseba hore ho ithuta Bibele feela ha ho a lekana. Re lokela ho phelela nnete, e leng se bolelang hore re lokela ho sebedisa dintho tseo re ithutileng tsona e le hore nnete e re tswele molemo. Ha re etsa jwalo, nnete eo re e fumaneng e tla etsa hore re thabe. (Bala Jakobo 1:25.) Re ka tseba jwang hore re phelela nnete? Morabo rona e mong o re re ka itlhahloba ho bona hore na ke hokae moo re etsang hantle le moo re lokelang ho etsa diphetoho. Moapostola Pauluse o ile a re: “Ho ya boholeng boo ho bona re hatetseng pele, a re tsweleng pele re tsamaya ka ho laolehileng ka mokgwa ona o tshwanang.”​—Bafil. 3:16.

18. Ke hobaneng ha re etsa sohle seo re ka se kgonang ho “tswela pele ho tsamaya nneteng”?

18 A ko nahane ka melemo eo re tla e fumana haeba re etsa sohle seo re ka se kgonang ho “tswela pele ho tsamaya nneteng.” Bophelo ba rona bo a ntlafala ebile re thabisa Jehova le Bakrestemmoho. (Liprov. 27:11; 3 Joh. 4) Ana ke mabaka a utlwahalang a hore re rate le ho phelela nnete.

O KA ARABA JWANG?

  • Ke hobaneng ha re rata nnete?

  • Re ka etsang e le hore re ananele nnete le ho feta?

  • Re ka bontsha jwang hore re rata nnete?

PINA YA 144 Tadima Moputsong!

a Hangata ha re bua ka ‘nnete’ re bolela dintho tseo re di dumelang le tsela eo re phelang ka yona. Kaofela ha rona re ka thuswa ke ho nahana ka hore na ke hobaneng ha re rata ho ba Dipaki Tsa Jehova ho sa tsotellehe hore na re bile Dipaki nako e kae. Ho etsa jwalo ho tla re thusa hore re ikemisetse ho thabisa Jehova le ho feta.

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share