LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • mrt sehlooho 72
  • Na ho Ntse ho le Bohlokwa ho Bua Nnete?

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • Na ho Ntse ho le Bohlokwa ho Bua Nnete?
  • Dihlooho Tse Ding
  • Dihloohwana
  • Dintlha tse Ding
  • Na nnete e sa ntse e fumaneha?
  • O ka tseba nnete jwang?
  • Leshano le qapilwe ke mang?
  • Ke hobaneng ha batho ba rata leshano hakaale mehleng ee?
  • Ke hobaneng ha nnete e le bohlokwa?
  • Ke hobaneng ha Modimo a batla hore ke tsebe nnete?
  • Na Modimo o tla fedisa leshano?
  • “Tswela Pele ho Tsamaya Nneteng”
    Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2022
  • “Ke Tla Tsamaya Nneteng ya Hao”
    Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang—2018
Dihlooho Tse Ding
mrt sehlooho 72
Moetapele wa dipolotiki o bua le letshwele la batho sebokeng.

Na ho Ntse ho le Bohlokwa ho Bua Nnete?

Na o bona eka ho ntse ho eba thata ho bona phapang pakeng tsa nnete le leshano? Mehleng ena ho bonahala batho ba ya ka hore na ba ikutlwa jwang le hore na ba ratang ho ena le hore na hoo e leng nnete keng. Batho ba bangata lefatsheng ba nahana hore ha ho sa na nnete ho hang.

Maikutlo ana ha a matjha hobane hoo e ka bang dilemo tse 2 000 tse fetileng Mmusisi Ponse Pilato wa Moroma o ile a re ho Jesu: “Nnete ke eng?” (Johanne 18:​38) Potso ena ya Pilato e ne e le ya bohlokwa le hoja a sa ka a emela karabo. Ka Bibeleng o tla fumana karabo e kgotsofatsang ya potso eo ebile e tla o thusa ho tseba phapang pakeng tsa nnete le leshano.

Na nnete e sa ntse e fumaneha?

E, ho jwalo. Bibele e hlalosa nnete e le taba ya sebele le e nepahetseng mahlong a Modimo. E boetse e ruta hore Jehovaa Modimo ke Mohlodi wa nnete ebile e mo bitsa “Modimo wa nnete.” (Pesaleme ya 31:5) Ka Bibeleng ho na le nnete e tswang ho Modimo e ka bapiswang le lesedi hobane e a re tataisa lefatsheng lena le ferekaneng.​—Pesaleme ya 43:3; Johanne 17:17.

O ka tseba nnete jwang?

Modimo ha a batle hore re dumele dintho tseo re ithutang tsona ka Bibeleng ka hlooho e ntsho feela. Ho fapana le hoo, o batla hore re sebedise dikelello tsa rona ha re hlahloba dintho tse ka Bibeleng ho ena le hore re tshepe maikutlo a rona. (Baroma 12:1) O batla hore re mo tsebe le ho mo rata ka ‘dikelello tsohle tsa rona’ hape re ikgodise hore dintho tseo re ithutang tsona ka Bibeleng ke nnete.​—Matheu 22:​37, 38; Diketso 17:11.

Leshano le qapilwe ke mang?

Bibele e re leshano le qadile ka sera sa Modimo se bitswang Satane Diabolose ebile e mo bitsa “ntate wa leshano.” (Johanne 8:​44) O ile a bua leshano ka Modimo ho Adama le Eva. (Genese 3:​1-6, 13, 17-19; 5:5) Ho tloha ka nako eo, esale a hasa mashano le ho pata nnete ka Modimo.​—Tshenolo 12:9.

Ke hobaneng ha batho ba rata leshano hakaale mehleng ee?

Mehleng ena eo Bibele e reng ke “matsatsi a ho qetela,” Satane o kgelosa batho ho feta le ha e le neng pele. Batho ba se ba tlwaetse ho bua leshano hore feela ba kgelose batho ba bang le ho nka monyetla ka bona. (2 Timothea 3:​1, 13) Leshano lena le atile hoo le rutwang le madumeding a mangata. Taba ena ha e makatse hobane Bibele e ile ya re batho ba tla ‘ipatlela mesuwe e tla ba bolella dintho tseo ba batlang ho di utlwa’ ebe ha ba batle ho “mamela nnete.”​—2 Timothea 4:​3, 4.

Moruti o tshwere Bibele o ntse a bua le batho ba opang diatla.

Ke hobaneng ha nnete e le bohlokwa?

Batho ba kgona ho tshepana ha ba bolellana nnete. Ha ba sa tshepane ha ba kgone ho momahana ebang ke metswalle kapa batho ka kakaretso. Bibele e re Modimo o batla re ‘mo rapele re tataiswa ke moya le nnete.’ (Johanne 4:​24) E le hore o ithute hore na nnete e ka Bibeleng e ka o thusa jwang ho bona phapang pakeng tsa bodumedi bo nepahetseng le bo fosahetseng le ho bo tlohela, bala lethathamo la dihlooho tse reng “Mashano a Etsang Hore Molimo a se ke a Rateha.”

Ke hobaneng ha Modimo a batla hore ke tsebe nnete?

Modimo o batla hore o pholohe. E le hore o pholohe o lokela ho tseba nnete ka yena. (1 Timothea 2:4) Haeba o ithuta melao ya Modimo ya se nepahetseng le se fosahetseng ebile o phela tumellanong le yona, o tla ba motswalle wa hae ya haufi. (Pesaleme ya 15:​1, 2) Modimo o ile a romela Jesu lefatsheng e le ho thusa batho hore ba tsebe nnete. Ka hoo, o batla hore re mamele dithuto tseo Jesu a di rutang.​—Matheu 17:5; Johanne 18:37.

Na Modimo o tla fedisa leshano?

E, ho jwalo. Modimo ha a batle ha batho ba thetsana ba bile ba nka monyetla ka ba bang. O tshepisa ho fedisa batho bohle ba leshano. (Pesaleme ya 5:6) O boetse o tshepisa hore ha a se a ba fedisitse, “melomo e buang nnete e tla mamella ka ho sa feleng.”​—Diproverbia 12:19.

Ditemana tsa Bibele tse buang ka nnete le leshano

Johanne 8:​44: “[Diabolose] o leshano ebile ke ntate wa leshano.”

E bolela hore: Satane Diabolose ke motho wa pele wa ho bua leshano mme ke yena mohlodi o ka sehloohong wa leshano.

Diproverbia 12:​22: “Jehova o nyonya batho ba leshano.”

E bolela hore: Batho ba ratang Modimo ba tlameha ho hloya leshano jwalo ka yena.

Johanne 4:​24: “Ba rapelang [Modimo] ba tla rapela ba tataiswa ke moya le nnete.”

E bolela hore: Modimo o batla hore re mo sebeletse re ipapisitse le nnete eo re ithutileng yona ka yena.

Johanne 8:​32: “Nnete e tla le lokolla.”

E bolela hore: Nnete eo Jesu a re rutileng yona, e ka re thusa hore re be le tsebo ya ba ya re lokolla mashanong a rutwang bodumeding ba bohata, dinthong tseo e leng ditumelakgwela le tse ding tse ngata. Bala sehlooho se reng: “ ‘ ’Nete e Tla le Lokolla’​—Ka Tsela Efe?”

1 Timothea 2:4: ‘Thato ya Modimo ke hore batho ba mefuta yohle ba pholohe le hore ba fumane tsebo e nepahetseng ya nnete.’

E bolela hore: Modimo o batla hore re ithute nnete ka yena e le hore re pholohe.

a Jehova ke lebitso la Modimo. (Pesaleme ya 83:​18) Bala sehlooho se reng: “Jehova ke Mang?”

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share