LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • wp23 No. 1 maq. 14-15
  • O ka Thusa Batho ba Nang le Kgatello ya Maikutlo Jwang?

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • O ka Thusa Batho ba Nang le Kgatello ya Maikutlo Jwang?
  • Tora ya ho Lebela O Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (Ya Batho Kaofela)—2023
  • Dihloohwana
  • Dintlha tse Ding
  • Taba ee e Bolelang?
  • Ho Tseba See ho ka re Thusa Jwang?
  • O ka Thusa Motswalle wa Hao ka ho mo Bontsha Hore o a mo Kgathalla
  • O ka Sebetsana le ho Kula ka Tshohanyetso Jwang?
    Dihlooho Tse Ding
  • O ka ba Motswalle wa Jehova
    O ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
  • Diproverbia 17:17—“Motswalle o na le Lerato Kamehla”
    Ditemana Tsa Bibele di a Hlaloswa
  • O Nahana Jwang ka Taba Ena?
    Tora ya ho Lebela O Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (Ya Batho Kaofela)—2018
Tse Ding
Tora ya ho Lebela O Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (Ya Batho Kaofela)—2023
wp23 No. 1 maq. 14-15
Monna o mametse mosadi wa hae ya utlwileng bohloko ka hloko.

O ka Thusa Batho ba Nang le Kgatello ya Maikutlo Jwang?

BIBELE E RE: “Motswalle wa nnete o lerato ka dinako tsohle mme ke ngwaneno eo o ka mo tshepang dinakong tsa mahlomola.”​—DIPROVERBIA 17:17.

Taba ee e Bolelang?

Ka dinako tse ding re ka ikutlwa eka re ke ke ra kgona ho thusa motswalle wa rona ya nang le kgatello ya maikutlo. Empa ho na le dintho tseo re ka di etsang ho bontsha hore re a mo tsotella. Re ka etsang?

Ho Tseba See ho ka re Thusa Jwang?

‘Potlakela ho utlwa.’​—JAKOBO 1:19.

Ntho e nngwe e ka thusang motswalle wa hao haholo ke hore o mo mamele ha a batla ho bua. Hape o se ke wa nahana hore o lokela ho araba ntho e nngwe le e nngwe eo a e buang. Mo tiisetse hore o mo mametse ha a ntse a bua le hore o a mo tsotella. Leka ho utlwisisa ka moo a ikutlwang ka teng mme o se ke wa mo ahlola. Hopola hore ka dinako tse ding a ka bua dintho tseo a ka ikwahlaelang tsona ha morao.​—Jobo 6:​2, 3.

“Le tshedise ba nyahameng.” ​—1 BATHESALONIKA 5:14.

Motswalle wa hao a ka ikutlwa a tshwenyehile kapa a ikutlwa a se na thuso. A ka kgothatswa le ho matlafatswa ke ho tseba hore o a mo tsotella le haeba o sa tsebe hore na o lokela ho reng ho yena.

“Motswalle wa nnete o lerato ka dinako tsohle.”​—DIPROVERBIA 17:17.

Thusa motswalle wa hao. Ho ena le ho nahana hore o se o tseba hore na o ka mo thusa jwang, mo botse hore na o ka mo thusa ka eng. Haeba motswalle wa hao a thatafallwa ke ho hlalosa hore na o ka mo thusa ka eng, o ka nna wa mo botsa hore na a ka se thabele hore le ke le hahlwe ke moya. O ka thusa motswalle wa hao ka ditsela tse ding. O ka tsamaya le yena ho ya mabenkeleng, wa mo hlwekisetsa ntlo kapa wa mo etsetsa ho hong.​—Bagalata 6:2.

“Le mamelle.”​—1 BATHESALONIKA 5:14.

Ka dinako tse ding ho ka ba thata hore motswalle wa hao a bue. Nakong eo a batlang ho bua, mo kgodise hore o tla mo mamela. Motswalle wa hao a ka etsa kapa a bua dintho tse ka o utlwisang bohloko ka lebaka la bokudi ba hae. A ka etsa qeto ya ho tlohela ho etsa dintho tseo le neng le dumellane ka hore le tla di etsa kapa a ikutlwa a batla ho ba mong. Eba le mamello ha o ntse o mo thusa.​—Diproverbia 18:24.

O ka Thusa Motswalle wa Hao ka ho mo Bontsha Hore o a mo Kgathalla

Farraha eo motswalle wa hae a sa kgoneng ho laola tsela eo a jang ka yona, a tshwenyehang haholo le ya nang le kgatello ya maikutlo o re: “Ke etsa bonnete ba hore motswalle wa ka o a phutholoha ha a bua le nna. Le hoja ke se na tharollo ya mathata a hae, ke leka ho mo mamela ha a bua. Ka dinako tse ding o hloka motho ya ka mo mamelang e le hore a be betere.”

Motjha o tshwere letsoho la mme ya hodileng.

Ha-eun ya nang le kgatello ya maikutlo o re: “E mong wa metswalle ya ka o mosa mme o dula a bua dintho tse nkgothatsang. O ile a mmemela dijong. O ne a bontsha hore o a nkgathalla mme ke ile ka nolofallwa ke ho mo bolella ka moo ke ikutlwang ka teng. Ke ile ka kgothala haholo.”

Jacob eo mosadi wa hae a nang le kgatello ya maikutlo o re: “Ke ha bohlokwa ho ba le mamello. Ha mohatsaka a entse ntho e nkgopisang, ke a hopola hore ke bokudi ba hae bo etsang hore a itshware ka tsela ena. Ka hoo ha ke mo kwatele, ho ena le hoo ke a mo nahanela.”

Enrico ya nang le bothata ba ho tshwenyeha haholo o re: “Mosadi wa ka ke motho ya ntshehetsang le ya nkgothatsang. Ha ke ikutlwa ke tshwenyehile haholo, ha a nqobelle ho etsa dintho tseo ke sa batleng ho di etsa. Seo se bolela hore ka dinako tse ding ha a etse dintho tseo a neng a ka thabela ho di etsa. Ke motho wa bohlokwa haholo ho nna hobane ke motho ya fanang ebile o nahanela batho ba bang.”

a Mabitso a mang a fetotswe.

Haeba o Batla ho Fumana Dintlha Tse Ding:

Bala sehlooho se reng “Ha Motho eo o mo Ratang a Kula” makasineng ya Tsoha! ya October 2015 ho jw.org/st.

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share