LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • w24 July maq. 14-19
  • Dulang le Itebetse e le Hore le se ke la Hlolwa ke Diteko

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • Dulang le Itebetse e le Hore le se ke la Hlolwa ke Diteko
  • Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2024
  • Dihloohwana
  • Dintlha tse Ding
  • TSEBA BOFOKODI BA HAO
  • RE KA DULA RE ITEBETSE JWANG?
  • DULA O ITEBETSE
  • RE FUMANA MELEMO EFE KA HO DULA RE ITEBETSE?
  • Seo re ka se Etsang ho Hlola Ditakatso Tse Fosahetseng
    Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2025
  • Dula o Latela Jesu ka Mora Hore o Kolobetswe
    Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2024
  • Diqeto Tse Bontshang Hore re Tshepa Jehova
    Bophelo ba Bokreste le Tshebeletso ya Rona—2023
  • Ka Boikokobetso Amohela Hore ho na le Dintho Tseo o sa di Tsebeng
    Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2025
Tse Ding
Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2024
w24 July maq. 14-19

SEHLOOHO SE ITHUTWANG SA 29

PINA YA 121 Re be le Boitshwaro

Dulang le Itebetse e le Hore le se ke la Hlolwa ke Diteko

“Fadimehang mme le rapele le sa kgaotse e le hore le se ke la wela molekong.”—MAT. 26:41.

NTLHAKGOLO

Re tlo ithuta bohlokwa ba ho qoba ho etsa sebe ha mmoho le mehato e ka qetellang e entse hore re etse sebe.

1, 2. (a) Jesu o ile a fa barutuwa ba hae temoso efe? (b) Ke hobaneng ha barutuwa ba Jesu ba ile ba mo lahla? (Sheba ditshwantsho.)

“KA HO hlakileng, moya o na le tabatabelo, empa nama e a fokola.”a (Mat. 26:41b, Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang) Mantswe ao a Jesu a bontsha hore o ne a utlwisisa hore re batho ba sa phethahalang mme re etsa diphoso. Empa hape o ne a re lemosa hore re qobe ho itshepa ho tlola. Pejana bosiung boo, barutuwa ba hae ba ne ba buile ka kgodiseho hore ba ikemiseditse ho dula ba mo kgomaretse. (Mat. 26:35) Ba ne ba batla ho etsa ntho e nepahetseng. Empa ba ne ba sa hlokomele hore ka ho panya ha leihlo ba ka fokola mme ba etsa ntho e fosahetseng. Ke ka hoo Jesu a ileng a ba lemosa a re: “Fadimehang mme le rapele le sa kgaotse e le hore le se ke la wela molekong.”—Mat. 26:41a.

2 Ka bomadimabe, barutuwa ba ile ba hloleha ho fadimeha. Ha Jesu a ne a tshwarwa, na ba ile ba ema le yena kapa ba ile ba tshoha yaba ba a baleha? Ka ha barutuwa ha ba a ka ba dula ba fadimehile, ba ile ba etsa yona ntho eo ba neng ba itse ba ke ke ba e etsa, yaba ba lahla Jesu.—Mat. 26:56.

Ditshwantsho: Jesu le baapostola ba hae ba serapeng sa Gethesemane bosiu. 1. Jesu o bua le baapostola ba hae. 2. Baapostola ba robetse. 3. Ha Jesu a tshwarwa, baapostola ba a baleha.

Jesu o ile a hlokomedisa barutuwa ba hae hore ba fadimehe le hore ba itebele e le hore ba se ke ba wela molekong, empa ba ile ba mo lahla kgerehlwa (Sheba serapa sa 1 le 2)


3. (a) Ke hobaneng ha re lokela ho qoba ho itshepa ho tlola e le hore re dule re tshepahalla Jehova? (b) Re tlo bua ka eng sehloohong see?

3 Ho hang ha re a lokela ho itshepa ho tlola. Ke nnete hore re ikemiseditse ho se dumelle letho ho re arohanya le Jehova. Le ha ho le jwalo, ha re a phethahala mme re ka lekeha hore re etse ntho e fosahetseng. (Bar. 5:12; 7:​21-23) Re sa lebella, re ka iphumana re kgalla ho etsa ntho e fosahetseng. E le hore re dule re tshepahalla Jehova le Mora wa hae, re lokela ho mamela temoso ya Jesu ya hore re itebele hore re se ke ra lekeha ho etsa sebe. Sehlooho sena se tlo re thusa ho etsa jwalo. Qalong, re tla ithuta hore na ke dintho dife tseo re lokelang ho itebela ho tsona. Ka mora moo, re tla bua ka hore na ke jwang re ka itebelang hore re se ke ra inehela tekong. Qetellong, re tla bua ka hore na re ka dula re itebetse jwang.

TSEBA BOFOKODI BA HAO

4, 5. Ke hobaneng ha re lokela ho itebela hore re se ke ra etsa esita le dibe tse nyenyane?

4 Dibe tse ka bonahalang di le nyenyane ha di bapiswa le tse ding, le tsona di ka senya kamano ya rona le Jehova. Di ka boela tsa etsa hore re qetelle re entse dibe tse tebileng.

5 Kaofela re tla lekeha ho etsa se fosahetseng. Empa e mong le e mong wa rona o na le moo a fokolang teng, ebang ke ho etsa dibe tse tebileng, ho kopanela mofuteng o itseng wa boitshwaro bo sa hlwekang kapa ho hahlamelwa ke tsela eo lefatshe le nahanang ka yona. Ka mohlala, e ka nna yaba motho e mong o lwantshana le teko ya ho etsa sebe se tebileng jwalo ka boitshwaro bo bobe bo amanang le thobalano. Motho e mong yena e ka nna yaba o lwantshana le teko ya ho etsa ntho e ditshila jwalo ka ho ipholla ditho tsa botona kapa tsa botshehadi kapa ho shebella pornography. Motho e mong yena e ka nna yaba o lwantshana le bothata ba ho tshaba batho, boikgohomoso, ho halefa kapele kapa ntho e nngwe e itseng. Jwalo ka ha Jakobo a ile a tjho, “e mong le e mong o lekwa ke ho hohelwa ke ditakatso tsa hae.”—Jak. 1:14.

6. Re lokela ho ba le nnete tabeng efe?

6 Na o a tseba hore na wena o fokola hokae? Ha ho re tswele molemo hore re ithetse ka hore ha re na mefokolo e itseng kapa ho nahana hore re ke ke ra etsa sebe. (1 Joh. 1:8) Hopola hore Pauluse o ile a re le “Bakreste ba tshwanelehang ba tataiswang ke moya o halalelang” ba ka inehela tekong haeba ba sa itebele. (Bagal. 6:1) Ka hoo, re lokela ho ba le nnete mme re dumele hore ho na le moo re fokolang.—2 Bakor. 13:5.

7. Re lokela ho isa tlhokomelo e ngata hokae? Etsa mohlala.

7 Ha re se re tsebile mefokolo ya rona le dintho tse ka re lekang ha bonolo, re lokela ho etsang? Re lokela ho sebetsa ka thata e le hore re tle re kgone ho hlola diteko tseo! Ka mohlala, mehleng ya Bibele sebaka se neng se keneha ha bonolo ka ho fetisisa marakong a motse, e ne e le dikeiti tsa ona. Ke ka lebaka leo dikeiti di neng di lebelwa ke balebedi ba bangata haholo. Ka ho tshwanang, re lokela ho isa tlhokomelo ya rona e ngata moo re tsebang hore re fokolang teng, e le hore re be monyetleng o motle wa ho hlola diteko.—1 Bakor. 9:27.

RE KA DULA RE ITEBETSE JWANG?

8, 9. Mohlankana eo ho builweng ka yena ho Diproverbia kgaolo ya 7 a ka be a ile a etsa eng hore a se ke a etsa sebe se tebileng? (Diproverbia 7:​8, 9, 13, 14, 21)

8 Re ka itebela jwang? Ela hloko seo re ithutang sona ho mohlankana eo ho builweng ka yena ho Diproverbia kgaolo ya 7. O ile a etsa boitshwaro bo bobe bo amanang le thobalano le mosadi ya boitshwaro bo bobe. Temana ya 22 e re mohlankana eo o ile a sala mosadi eo morao “hanghang.” Empa jwalo ka ha ditemana tse tlang pele ho eo di bontsha, o ne a ile a etsa diqeto tse bowatla pele a sala mosadi eo morao tse ileng tsa qetella di entse hore a etse sebe.

9 O ile a etsang hore a qetelle a entse sebe? Ntho ya pele eo a ileng a e etsa ke hore ka shwalane, “o ile a feta pela seterata sa mosadi eo” ya boitshwaro bo bobe. Ka mora moo, o ile a nka tsela e yang ntlong ya mosadi eo. (Bala Diproverbia 7:​8, 9.) Hape, ha a ka a tloha sebakeng seo ha a bona mosadi eo. Ho ena le hoo, o ile a dumela ha a mo suna yaba o a mamela ha mosadi eo a ntse a mo bolella ka mahlabelo ao a neng a a entse, mohlomong a mo bolella ka wona ka sepheo sa hore a se ke a mo bona e le motho e mobe. (Bala Diproverbia 7:​13, 14, 21.) Haeba mohlankana eo a ne a qobile dikotsi tse ileng tsa etsa hore a qetelle a entse sebe, a ka be a ile a kgona ho itebela tekong yaba o qetella a sa etsa sebe.

10. Hona jwale motho a ka etsa diqeto tse seng bohlale jwalo ka mohlankana eo ho builweng ka yena ho Diproverbia jwang?

10 Tlaleho ena ya Solomone e bontsha ntho e ka etsahallang morapedi ofe kapa ofe wa Jehova. A ka nna a etsa sebe se tebileng ebe ha morao o re taba ena e etsahetse “hanghang.” Kapa a re o bone feela a se a entse sebe. Empa haeba a ka nahana hantle hore na ho etsahetseng, o tla hlokomela hore o ile a etsa diqeto tse seng bohlale pele a etsa sebe seo se tebileng. Mohlomong o ile a etsa setswalle le batho ba sa rateng Jehova, kapa e ka nna yaba boithabiso boo a ileng a bo kgetha, diwebsaete tseo a ileng a kena ho tsona kapa dibaka tseo a ileng a ya ho tsona di ne di sa lokela Mokreste. Mohlomong o ne a se a sa rapele, a sa bale Bibele, a sa ye dibokeng kapa tshimong. Jwalo ka mohlankana eo ho buuwang ka yena ho Diproverbia, o ile a etsa sebe se tebileng ka mora hore a etse diqeto tse ngata tse seng bohlale.

11. Re lokela ho etsa eng e le hore re se ke ra etsa sebe?

11 Re ithutang tabeng ee? Ha re a lokela ho qoba sebe ka bosona feela empa re lokela ho qoba le mehato e ka etsang hore re qetelle re entse sebe. Solomone o ile a hlalosa ntlha ena hang ka mora hore a bue ka tlaleho ya mohlankana le mosadi ya boitshwaro bo bobe. Ha a bua ka mosadi eo, o ile a re: “Le se ke la hlahlathella ditseleng tsa hae.” (Diprov. 7:25) O ile a boela a re ka mosadi eo ya boitshwaro bo bobe: “Tsamaellang hole le yena, le se ke la atamela monyako wa ntlo ya hae.” (Diprov. 5:​3, 8) Re itshireletsa sebeng ka hore re tsamaelle hole le dintho tse ka etsang hore re se etse.b Taba ena e bolela hore le haeba ho se phoso hore Bakreste ba etse ntho e itseng, re ka tlameha ho e qoba haeba re tseba hore rona e ka re kenya tekong yaba ya qetella e entse hore re etse phoso.—Mat. 5:​29, 30.

12. Jobo o ile a etsa selekane sefe, hona se ne se tla mo thusa jwang hore a se ke a wela tekong? (Jobo 31:1)

12 E le hore re qobe maemo a ka qetellang a entse hore re etse sebe, re lokela ho etsa qeto e tiileng ya ho dula re itebetse. Jobo o ile a etsa sona seo. O ile a ‘etsa selekane le mahlo a hae’ sa hore a ke ke a sheba basadi ba bang e le hore a be le ditakatso tse fosahetseng bakeng sa bona. (Bala Jobo 31:1.) Haeba a ne a ka phelela selekane seo sa hae, o ne a ke ke a ba kotsing ya ho etsa bofebe. Le rona re ka etsa qeto e tiileng ya ho qoba eng kapa eng e ka re kenyang tekong.

13. Ke hobaneng ha re lokela ho ela hloko dintho tseo re di nahanang? (Sheba ditshwantsho.)

13 Re boetse re lokela ho ela hloko dintho tseo re di nahanang. (Ex. 20:17) Batho ba bang ba nahana hore ha ho letho le phoso ha motho a inahana a ntse a etsa ntho e fosahetseng hafeela a sa e etse. Empa ho nahana jwalo ho fosahetse. Ha motho a dula a nahana ka ho etsa ntho e fosahetseng, o tla ba le takatso e matla ya ho e etsa. Ka tsela e itseng, ho tshwana le ha a iketsetsa teko eo ho tlo ba thata hore a e lwantshe. Ke nnete hore ka dinako tse ding, menahano e mebe e ka tla dikelellong tsa rona. Ntho ya bohlokwa ke hore re hanele menahano eo e mebe hanghang ebe re nahana ka dintho tse ntle. Ha re etsa jwalo, re a itshireletsa e le hore re se ke ra etsa sebe se tebileng, hobane re tla be re hanetse menahano e mebe hore e fetohe takatso e matla eo ho ka bang thata ho e lwantsha.—Bafil. 4:8; Bakol. 3:2; Jak. 1:​13-15.

Ditshwantsho: 1. Morabo rona o shebelletse Thelevishene bosiu. 2. Morabo rona o shebile mosebetsimmoho le yena wa mosadi ka tsela e bontshang hore o a mo kgalla. 3. Morabo rona o bareng le mosadi eo ebile ba nwa senomaphodi.

Re lokela ho qoba eng kapa eng e ka etsang hore re lekwe (Sheba serapa sa 13)


14. Ke eng hape eo re ka e etsang e le hore re itshireletse ditekong?

14 Ke eng hape eo re ka e etsang e le hore re itshireletse ditekong? Re lokela ho kgodiseha hore ka mehla ho mamela melao ya Jehova ho tla re tswela molemo. Ka dinako tse ding ho ka ba thata ho nahana le ho ikutlwa ka tsela eo Jehova a e batlang empa haeba re sebetsa ka thata ho etsa jwalo, re tla thaba e le ka nnete.

15. Ho ba le takatso e matla ya ho etsa ntho e nepahetseng ho tla re thusa jwang hore re itshireletse tekong?

15 Re lokela ho ba le takatso e matla ya ho etsa ntho e nepahetseng. Haeba re ithuta ho ‘hloya dintho tse fosahetseng le ho rata tse nepahetseng,’ re tla ikemisetsa le ho feta ho etsa ntho e nepahetseng le ho qoba maemo a ka qetellang a entse hore re etse sebe. (Amose 5:15) Haeba re batla ho etsa dintho tse nepahetseng, re tla ba monyetleng o motle wa ho hlola le diteko tse re tsomeditseng.

16. Ho etsa dintho tse etsang hore re rate Jehova le ho feta, ho ka re thusa jwang hore re dule re itebetse? (Sheba ditshwantsho.)

16 Re ka etsang hore re be le takatso e matla ya ho etsa dintho tse nepahetseng? Re lokela ho phathahana ka ho etsa dintho tse tla etsa hore re rate Jehova le ho feta. Ha re le dibokeng kapa tshimong, ha ho bonolo hore re lekehe ho etsa ntho e fosahetseng. Ho ena le hoo, re etsa hore takatso ya rona ya ho thabisa Jehova e be matla le ho feta. (Mat. 28:​19, 20; Baheb. 10:​24, 25) Ha re bala Lentswe la Modimo, re ithuta lona re bile re nahanisisa ka lona, re tla rata ho etsa dintho tse nepahetseng le ho feta re be re hloye ho etsa dintho tse fosahetseng. (Josh. 1:8; Pes. 1:​2, 3; 119:​97, 101) Hopola hore Jesu o ile a re ho barutuwa ba hae: “Le rapele le sa kgaotse e le hore le se ke la wela molekong.” (Mat. 26:41) Ha re rapela Ntate wa rona ya lehodimong, re mo fa monyetla wa hore a re thuse hape re matlafatsa boikemisetso ba rona ba ho mo thabisa.—Jak. 4:8.

Ho etsa dintho tse re atametsang haufi le Jehova ka mehla ho tla re thusa hore re hanele diteko (Sheba serapa sa 16)c


DULA O ITEBETSE

17. Ke bofokodi bofe boo Petrose a neng a tlameha ho dula a bo lwantsha?

17 Ho ka etsahala hore re hlole e meng ya mefokolo ya rona ka ho feletseng. Empa ho na le mefokolo eo re ka tlamehang ho e lwantsha ka nako e telele. Nahana ka mohlala wa moapostola Petrose. Ka lebaka la ho tshaba batho, o ile a latola Jesu ka makgetlo a mararo. (Mat. 26:​69-75) Ha morao ho ile ha bonahala eka Petrose o hlotse bothata boo hobane ka sebete o ile a paka ka Jesu ka pela Lekgotla le Phahameng la Bajuda. (Dik. 5:​27-29) Le ha ho le jwalo, dilemo ha morao, o ile a kgaotsa ho ja le Bakreste ba Baditjhaba hobane a ne “a tshaba batho ba bolotseng.” (Bagal. 2:​11, 12) Petrose o ne a se a boetse a tshaba batho hape. Mohlomong bofokodi bona o ne a sa bo hlola ka ho feletseng.

18. Ho ka etsahalang ka mefokolo eo re nang le yona?

18 Le rona jwalo ka Petrose re ka nna ra tlameha ho lwantsha bofokodi boo re neng re se re nahana hore re se re bo hlotse. Ka mohlala, morabo rona e mong o ile a re: “Ke ile ka kgona ho tlohella ho shebella pornography ka dilemo tse leshome mme ke ne ke itjwetsitse hore bothata boo bo felile empa bo ne bo eso fele.” Ntho e ntle ke hore morabo rona o ile a tswela pele a lwantsha bothata bona. O ile a hlokomela hore o tlameha ho bo lwantsha letsatsi le leng le le leng, mohlomong bophelo bohle ba hae lefatsheng lena le kgopo. O ile a ba hlokolosi haholo hore ho hang a se ke a shebella pornography mme mosadi wa hae le baholo ba mo thusitse haholo.

19. Re ka etsang haeba re ena le bofokodi boo re ntseng re bo lwantsha?

19 Keng eo re ka e etsang e le hore bofokodi boo re ntseng re bo lwantsha bo se ke ba etsa hore re etse sebe? Re tlameha ho etsa ntho eo Jesu a itseng re e etse, e leng ho ‘fadimeha’ kapa ho itebela hore re se ke ra wela molekong. Le nakong eo o ikutlwang eka o matla, tswela pele ho qoba maemo a ka etsang hore o wele tekong. (1 Bakor. 10:12) Tswela pele ho etsa dintho tse ileng tsa o thusa hore o atlehe ho hlola bofokodi ba hao nakong e fetileng. Diproverbia 28:14 e re: “Ho thaba motho ya dulang a fadimehile.”—2 Pet. 3:14.

RE FUMANA MELEMO EFE KA HO DULA RE ITEBETSE?

20, 21. (a) Re tla fumana melemo efe ha re dula re itebetse e le hore re se ke ra kena molekong? (b) Ha re phetha boikarabelo ba rona, Jehova o tla re etsetsa eng? (2 Bakorinthe 4:7)

20 Re ka kgodiseha hore ho dula re itebetse e le hore re se ke ra wela molekong ho tla re tswela molemo. Le hoja ho etsa sebe ho ka nna ha re thabisa “ka nakwana,” ho phela ka melao ya Jehova ho tla etsa hore re thabe le ho feta. (Baheb. 11:25; Pes. 19:8) Re thaba hobane re bopilwe ka tsela eo re lokelang ho latela melao ya hae. (Gen. 1:27) Ha re phela ka tsela e kgahlisang Jehova, re tla ba le letswalo le hlwekileng mme ka moso re tla phela ka ho sa feleng.—1 Tim. 6:12; 2 Tim. 1:3; Juda 20, 21.

21 Ke nnete hore “nama e a fokola.” Empa taba eo ha e bolele hore ha ho letho leo re ka le etsang ka mefokolo ya rona. Jehova o dutse a le malalaalaotswe ho re fa matla ao re a hlokang. (Bala 2 Bakorinthe 4:7.) Empa hlokomela hore Modimo o re fa matla a sa tlwaelehang. Matla ao re nang le ona ke a tlwaelehileng mme ke boikarabelo ba rona. Ka hoo, re lokela ho sebedisa matla ohle ao re nang le ona hore re lwantshe diteko. Haeba re phetha boikarabelo ba rona, re ka kgodiseha hore Jehova o tla araba dithapelo tsa rona mme a re fe matla a eketsehileng haeba re a hloka. (1 Bakor. 10:13) Ka nnete, ka thuso ya Jehova, re ka kgona ho dula re itebetse e le hore re se ke ra kena molekong.

O KA RENG?

  • Re lokela ho itebela e le hore re se ke ra kena molekong dikarolong dife bophelong ba rona?

  • Re ka itebela jwang e le hore re se ke ra wela tekong?

  • Ke hobaneng ha re lokela ho dula re itebetse?

PINA YA 47 Rapelang Jehova Kamehla

a TLHALOSO: Lentswe “moya” le hlahang lengolong la Matheu 26:41 le bolela maikutlo ao motho a nang le wona a mo susumetsang hore a bue kapa a etse dintho ka tsela e itseng. Lentswe “nama” le hlaloswa e le boemo ba motho ba ho se phethahale. Ka hoo, re ka nna ra ba le tabatabelo ya ho etsa dintho tse nepahetseng empa haeba re sa hlokomele re ka iphumana re kene molekong wa ho etsa seo Bibele e reng se fosahetse.

b Motho ya entseng sebe se tebileng a ka fumana thuso bukeng ya O ka Thaba ka ho sa Feleng!, kgaolong ya 57 ntlheng ya 1-3 le sehloohong se reng “Nahana ka Bokamoso” ho Tora ya ho Lebela ya November 2020, maq. 27-29, dir. 12-17.

c TLHALOSO YA SETSHWANTSHO: Morabo rona o bala temana ya letsatsi hoseng, o bala Bibele nakong ya dijo tsa motshehare mme o ya dibokeng tsa hara beke mantsiboya.

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share