SEHLOOHO SE ITHUTWANG SA 35
PINA YA 121 Re be le Boitshwaro
Seo re ka se Etsang ho Hlola Ditakatso Tse Fosahetseng
“Le se ke la dumella sebe hore se le buse. Le se ke la inehella ditakatso tsa mmele ya lona e shwang.”—BAR. 6:12.
NTLHAKGOLO
Ho re thusa (1) ho lwantsha ho nyahama le (2) ho qoba ho inehella teko.
1. Kaofela ha rona re hlahelwa ke eng?
NA O kile wa ba le takatso e matla ya ho etsa ntho eo Jehova a sa e rateng? Haeba ho jwalo, o se ke wa etsa qeto ya hore teko ya hao e feta tsa ba bang. Bibele e re: “Diteko tsohle tse le hlahelang di kile tsa hlahela batho ba bang.” (1 Bakor. 10:13) Sena se bolela hore takatso efe kapa efe e fosahetseng eo o lwantshanang le yona, ba bang le bona ba lwantshana le yona. Ha o mong mme ka thuso ya Jehova, o ka kgona ho hlola ntwa ena.
2. Bakreste ba bang le diithuti tsa Bibele ba ka nna ba lwantshana le diteko dife? (Sheba ditshwantsho.)
2 Bibele e boetse e re: “E mong le e mong o lekwa ke ho hohelwa ke ditakatso tsa hae.” (Jak. 1:14) Ntho e hohelang motho e mong e ka nna ya fapana le e hohelang e mong. Ka mohlala, Bakreste ba bang ba ka nna ba lekeha ho etsa boitshwaro bo bobe ba ho kopanela diphate le batho ba bong bo fapaneng le ba bona, ha ba bang bona ba ka lekeha ho etsa boitshwaro boo le batho ba bong bo tshwanang le ba bona. Batho ba seng ba tlohetse ho shebella pornography ba ka nna ba eba le takatso e matla ya ho e shebella hape. Ba bang ba tlohelletseng ho ba makgoba a dithethefatsi kapa jwala, ba kopana le bothata bo tshwanang. Tsena ke ditakatso tse seng kae tseo Bakreste ba bang le diithuti tsa Bibele ba lwantshanang le tsona. Ho ka etsahala hore ho na le nako eo kaofela ha rona re kileng ra ikutlwa jwalo ka moapostola Pauluse, ha a re: “Ha ke batla ho etsa dintho tse nepahetseng, tse mpe di teng ho nna.”—Bar. 7:21.
Teko e ka hlaha o sa lebella le sebakeng seo o sa se lebellang (Sheba serapa sa 2)c
3. Takatso e fosahetseng e sa yeng moriting e ka etsa hore motho a ikutlwe jwang?
3 Haeba o lwantsha takatso e fosahetseng e sa yeng moriting, o ka nna wa ikutlwa o se na matla, jwalo ka ha eka ha o kgone ho lwantshana le yona. O ka nna wa boela wa ikutlwa o se na tshepo, jwalo ka ha eka Jehova o tla o ahlola hobane o ena le takatso e fosahetseng. Kgodiseha hore maikutlo ana ha se nnete. Sehlooho sena se tlo re hlalosetsa hore na ke hobaneng ha maikutlo ana e se nnete, ka ho araba dipotso tsena tse pedi: (1) Boikutlo ba ho se be le matla le ho se be le tshepo bo hlaha hokae? (2) O ka hlola ntwa ya ho lwantsha takatso e fosahetseng jwang?
“YA KGOPO” O BATLA HORE RE IKUTLWE JWANG?
4. (a) Ke hobaneng ha Satane a batla hore re ikutlwe re se na matla? (b) Ke hobaneng ha re na le matla a ho lwantshana le diteko?
4 Satane o batla hore re ikutlwe re se na matla ha re lekwa. Jesu o ile a hlakisa sena ha a ne a ruta balatedi ba hae ho rapela, a re: “O se ke wa re dumella hore re hlolwe ke moleko empa o re lopolle ho ya kgopo.” (Mat. 6:13) Satane o belaella boikemisetso ba batho ba ho mamela Jehova ha ba lekwa. (Jobo 2:4, 5) Se makatsang ke hore ke yena wa pele wa ho laolwa ke takatso ya hae mme o ne a sa ikemisetsa ho dula a tshepahalla Jehova. Ho hlakile hore Satane o nahana hore re tshwana le yena, hoo re ka tlohelang ho sebeletsa Jehova ha re lekwa. Satane o ne a bile a nahana hore Mora ya phethahetseng wa Modimo a ka lekeha ho etsa ntho e fosahetseng. (Mat. 4:8, 9) Empa nahana: Na ehlile ha re na matla a ho lwantsha ditakatso tse fosahetseng? Ha ho jwalo! Re dumellana le moapostola Pauluse ya ileng a re: “Ke na le matla a ho etsa dintho tsohle ka lebaka la ya mphang matla.”—Bafil. 4:13.
5. Re tseba jwang hore Jehova o kgodisehile ka ho felletseng hore re ka lwantsha ditakatso tse fosahetseng?
5 Ho fapana le Satane, Jehova o kgodisehile ka ho felletseng hore re ka kgona ho hlola ditakatso tse fosahetseng. Re tseba seo jwang? Hobane Jehova o ile a bua esale pele hore bongata bo boholo ba batho ba tshepahalang bo tla pholoha mahlomola a maholo. Nahana ka hore na seo se bolelang. Jehova, ya ke keng a bua leshano, o re batho ba bangata eseng ba mmalwa feela, ba tla kena lefatsheng le letjha ba ena le letswalo le hlwekileng, “ba hlatswitse diaparo tsa bona tse telele mme ba di sweufaditse mading a Konyana.” (Tshen. 7:9, 13, 14) Ho hlakile hore Jehova ha a nahane hore ha re na matla a ho lwantsha ditakatso tse fosahetseng.
6, 7. Ke hobaneng ha Satane a batla hore re ikutlwe re se na tshepo ya ho hlola diteko?
6 Ha se feela hore Satane o batla hore re ikutlwe re se na matla empa o boetse o batla hore re ikutlwe re se na tshepo, ka hore re nahane hore Jehova o tla re ahlola hobane re ena le ditakatso tse fosahetseng. Hape se makatsang ke hore Satane ke yena ya se nang tshepo, eo Jehova a mo ahlotseng e le ya ke keng a fumana bophelo bo sa feleng. (Gen. 3:15; Tshen. 20:10) Ha ho pelaelo hore le rona Satane o batla hore re ikutlwe re se na tshepo, haholoholo hobane re na le monyetla wa ho fumana ditlhohonolofatso tseo yena a ke keng a di fumana. Le ha ho le jwalo, re na le tshepo. Ha e le hantle, Bibele e re tiisetsa hore Jehova o batla ho re thusa, eseng ho re ahlola. “Ha a lakatse hore mang kapa mang a timetswe empa o lakatsa hore bohle ba bake.”—2 Pet. 3:9.
7 Ka nnete haeba re nahana hore ha re na matla kapa tshepo ya ho hlola ditakatso tse fosahetseng, re tla be re nahana ka tsela eo Satane a e batlang. Ho hlokomela seo, ho tla re thusa ho matlafatsa boikemisetso ba rona ba ho ema re tiile kgahlanong le yena.—1 Pet. 5:8, 9.
KA MOO SEBE SE KA ETSANG HORE RE IKUTLWE KA TENG
8. Ntle le ho etsa dintho tse fosahetseng, sebe se ka boela sa bolela eng? (Pesaleme ya 51:5) (Sheba “Tlhaloso.”)
8 Ntle le Satane, ho na le ntho e nngwe e ka etsang hore re ikutlwe re se na matla le tshepo ya ho lwantsha ditakatso tse fosahetseng. Ke eng ntho eo? Ke sebe seo re se futsitseng ho batswadi ba rona ba pele.a—Jobo 14:4; bala Pesaleme ya 51:5.
9, 10. (a) Sebe se ile sa ama Adama le Eva jwang? (Sheba setshwantsho.) (b) Rona sebe se re ama jwang?
9 Hlokomela ka moo sebe se ileng sa ama Adama le Eva ka teng. Ka mora ho se mamele Jehova, ba ile ba ipata mme ba leka ho kwahela mmele ya bona. Ha Insight on the Scriptures e bua ka taba ena, e re: “Sebe se ile sa etsa hore ba ikutlwe ba le molato, ba tshwenyehile, ba ikgalala le ho ikutlwa ba swabile.” E ne eka Adama le Eva ba kwaletsweng ka ntlong e nang le dikamore tseo tse nne. Adama le Eva ba ne ba ka kgona ho tswa ka kamoreng e nngwe ba ye ka ho e nngwe, empa ba sa kgone ho tswa ka hara ntlo eo. Ba ne ba ke ke ba kgona ho qoba sebe seo.
10 Ke nnete hore ha re boemong bo tshwanang hantle le ba Adama le Eva. Tefo ya topollo, e sa sebetseng ho banyalani ba pele, e ka hlatswa dibe tsa rona le ho etsa hore re be le letswalo le hlwekileng. (1 Bakor. 6:11) Ho ntse ho le jwalo, re futsitse sebe. Ka hoo, ha ho makatse hore le rona re ikutlwa re le molato, re tshwenyehile, re ikgalala ebile re swabile. Ha e le hantle, Bibele e re sebe se tswela pele ho laola batho. Se entse jwalo le ho “batho bohle le hoja ba ne ba sa etsa sebe jwalo ka Adama.” (Bar. 5:14) Le hoja taba ena e ka bonahala e nyahamisa, ha e a lokela ho etsa hore re ikutlwe re se na matla kapa tshepo. Re ka kgona ho qoba maikutlo a fosahetseng. Jwang?
Sebe se ile sa etsa hore Adama le Eva ba ikutlwe ba le molato, ba tshwenyehile, ba ikgalala ba bile ba swabile (Sheba serapa sa 9)
11. Re lokela ho etsang ha re ikutlwa re se na matla a ho lwatsha takatso e fosahetseng, hona hobaneng? (Baroma 6:12)
11 Ka ha ha re a phethahala, re ka nna ra ikutlwa re se na matla, eka re ke ke ra atleha ho lwantsha ditakatso tse fosahetseng. Ho ba jwalo ka ha eka re utlwa lentswe ka dihloohong tsa rona le re bolellang hore re ke ke ra kgona ho lwantsha ditakatso tse fosahetseng, empa ha re a lokela ho le mamela. Hobaneng? Hobane Bibele e re ruta hore ha re a lokela ho dumella sebe hore se tswele pele ho re ‘busa.’ (Bala Baroma 6:12.) Sena se bolela hore re ka kgona ho kgetha ho se etse dintho tse fosahetseng tseo re lakatsang ho di etsa. (Bagal. 5:16) Jehova o kgodisehile hore re ka kgona ho hlola teko, ho seng jwalo o ne a ke ke a re bolella hore re e hlole. (Deut. 30:11-14; Bar. 6:6; 1 Bathes. 4:3) Ho hlakile hore re na le matla a ho lwantsha ditakatso tse fosahetseng.
12. Re ka etsang haeba re ikutlwa re se na tshepo ya ho hlola ditakatso tse fosahetseng, hona hobaneng?
12 Ka ho tshwanang, ha re ikutlwa re se na tshepo mme re nahana hore Jehova o tla re ahlola hobane re ena le ditakatso tse fosahetseng, re ka nka hoo e le sebe se bua le rona mme ha re a lokela ho se mamela. Hobaneng? Hobane Bibele e ruta hore Jehova o a utlwisisa hore re hlahile re ena le sebe. (Pes. 103:13, 14) “O tseba dintho tsohle” ka rona, ho akarelletsa le ditsela tse fapaneng tseo ka tsona sebe seo re se futsitseng se kenyang letsoho ditshekamelong tsa rona tse fosahetseng. (1 Joh. 3:19, 20) Haeba re lwantsha takatso e fosahetseng mme re qetella re sa e etsa, Jehova o tla re tadima re le ba hlwekileng. Ke hobaneng ha re ka kgodiseha ka seo?
13, 14. Na ho ba le ditakatso tse fosahetseng ho bolela hore re se re hlolehile? Hlalosa.
13 Bibele e re ho na le phapang e kgolo pakeng tsa ho ba le takatso e fosahetseng le ho etsa se fosahetseng. Ha se ka mehla re ka kgonang ho laola ho ba le ditakatso tse fosahetseng empa re ka kgona ho laola hore na re etsa ntho e fosahetseng kapa tjhe. Ka mohlala, ho na le banna ba Bakreste ba phutheho ya Korinthe bao pele ba neng ba robala le banna ba bang. Pauluse o ile a re: “Ba bang ba lona le ne le le jwalo.” Na see se bolela hore ha ho mohla ba kileng ba lakatsa ho etsa boitshwaro boo bo bobe? Ha ho utlwahale ho nahana jwalo, hobane hangata ditakatso tse jwalo di mela ka metso. Empa Bakreste ba neng ba ena le boitshwaro mme ba qoba ho etsa se fosahetseng ba ne ba amoheleha ho Jehova. O ne a ba nka ba “hlwekisitswe.” (1 Bakor. 6:9-11) Le wena o ka etsahallwa ke se tshwanang.
14 Ho sa tsotellehe hore na o lwantshana le ditakatso dife tse fosahetseng, le wena o ka atleha ho di hlola. Le haeba o ke ke wa kgona ho di tlosa, o ka kgona ho ba le boitshwaro mme wa qoba ‘ho etsa dintho tseo o di nahanang.’ (Baef. 2:3) O ka etsa seo jwang mme wa hlola ditakatso tse fosahetseng?
RE KA HLOLA JWANG?
15. Haeba re batla ho hlola ntwa ya ho lwantsha ditakatso tse fosahetseng, ke hobaneng ha re sa lokela hore re ithetse?
15 E le hore o hlole ntweng ya ho lwantsha ditakatso tse fosahetseng, o lokela ho tseba hore na mefokolo ya hao ke efe. Eba hlokolosi hore o se ke wa ithetsa ka “monahano wa bohata.” (Jak. 1:22, Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang.) Ho nyenyefatsa bothata ka ho fana ka mabaka a kang, ‘Ba bang ba nwa ho mpheta,’ kapa ho beha ba bang molato ka hore, ‘Nka be ke sa lekehe ho shebella pornography hoja ebe mosadi wa ka o mpontsha lerato,’ ho tla etsa hore ho be bonolo hore o inehelle molekong. Ka hoo, o se ke wa leka ho ipehela mabaka a ho etsa se fosahetseng. Nka boikarabelo bakeng sa diketso tsa hao.—Bagal. 6:7.
16. O ka matlafatsa boikemisetso ba hao ba ho etsa se nepahetseng jwang?
16 Ntle le ho se ithetse ka mefokolo ya hao, o lokela ho matlafatsa boikemisetso ba hao ba hore o se ke wa inehela. (1 Bakor. 9:26, 27; 1 Bathes. 4:4; 1 Pet. 1:15, 16) Nahana hore na o hlolwa ke eng le hore na e o hlola neng. E ka nna yaba o lekwa ke ntho e itseng kapa o lekeha ka nako e itseng ya letsatsi. Ka mohlala, na o hloleha haholo ha o kgathetse kapa ha e le bosiu? Nahana esale pele ka teko eo mme o itokisetse hore na o tla etsang ha e o hlahela. Nako e ntle ya ho etsa sena ke pele teko e o hlahela.—Diprov. 22:3.
17. Re ithuta eng mohlaleng wa Josefa? (Genese 39:7-9) (Sheba ditshwantsho.)
17 Nahana ka hore na Josefa o ile a etsang ha mosadi wa Potifaro a ne a leka ho robala le yena. O ile a hana hanghang. (Bala Genese 39:7-9.) Re ithutang tabeng ee? Josefa o ne a tseba hantle hore na o ikutlwa jwang ka ho nka mosadi wa monna e mong le pele mosadi wa Potifaro a leka ho robala le yena. Ka tsela e tshwanang, le wena o ka matlafatsa boikemisetso ba hao ba ho etsa se nepahetseng le pele o tobana le boemo bo o lekang. Ka tsela eo, ha o tobana le teko, ho tla ba bonolonyana ho phethahatsa qeto eo o ileng wa e etsa esale pele.
Hanela teko hanghang, jwalo ka ha Josefa a ile a etsa (Sheba serapa sa 17)
“LE NNE LE ITLHAHLOBE”
18. O ka hlola ntwa ya ho lwantsha ditakatso tse fosahetseng jwang? (2 Bakorinthe 13:5)
18 E le hore o hlole ntwa kgahlanong le ditakatso tse fosahetseng, o lokela hore ‘o nne o itlhahlobe.’ Sena se bolela hore ka mehla, o lokela hore o nne o itjhebe hore na o ntse o ya jwang. (Bala 2 Bakorinthe 13:5.) Nako le nako, hlahloba tsela eo o nahanang ka yona le diketso tsa hao mme o etse diphetoho moo ho hlokahalang. Ka mohlala, le haeba o ile wa atleha ho hanela teko, o ka nna wa ipotsa: ‘Ho nkile nako e kae hore ke hane?’ Haeba o hlokomela hore o ile wa dieha, o se ke wa ikahlola. Ho ena le hoo, nka mehato e tla o thusa hore o ntlafatse. Ipotse dipotso tse kang: ‘Na nka fokotsa nako eo ke e nkileng ho tlosa menahano e fosahetseng? Na tsela eo ke ithabisang ka yona e etsa hore ho be thata hore ke hanele teko? Na ke tatela ho tlosa mahlo a ka ha ho hlaha ditshwantsho tse ditshila? Na ke a utlwisisa hore na ke hobaneng ha melao ya Jehova e le molemo ka dinako tsohle le haeba ho hlokahala hore ke be le boitshwaro?’—Pes. 101:3.
19. Diqeto tse seng bohlale tse bonahalang eka di nyenyane di ka etsa hore ho be thata ho lwantsha ditakatso tse fosahetseng jwang?
19 O boetse o lokela ho qoba ho ipehela mabaka. Bibele e re: “Pelo e bolotsana ho feta ntho le ha e le efe ebile e tsitlella seo e se batlang.” (Jer. 17:9) Jesu o ile a re e tswala “menahano e fosahetseng.” (Mat. 15:19) Ka mohlala, motho ya seng a ena le nako a kgaoditse ho shebella pornography, a ka nna a nahana hore ha ho kotsi ho sheba ditshwantsho tse tsosang takatso hobane feela di sa hlahise batho ba tsotseng. Mohlomong a ka nna a nahana hore ha ho phoso ho nahana ka ntho e fosahetseng hafeela a sa e etse. Ka tsela e itseng, pelo ya motho eo e bolotsana, e “rera esale pele hore na [e] tla kgotsofatsa ditakatso tse fosahetseng jwang.” (Bar. 13:14) O ka qoba ho etsa seo jwang? Eba hlokolosi mme o qobe ho etsa diqeto tse nyenyane tse seng bohlale tse tla etsa hore o qetelle o entse diqeto tse kgolo tse seng bohlale, tse jwalo ka ho inehella ho etsa se fosahetseng.b Hana “menahano e fosahetseng,” e ka etsang hore o ipehele mabaka a ho etsa se fosahetseng.
20. Ho tla etsahala eng ka ditakatso tse fosahetseng nakong e tlang, hona re ka thuswa ke eng hona jwale?
20 Jwalo ka ha re ithutile, ka thuso ya Jehova re na le matla a ho hlola diteko. Hape ka lebaka la tefo ya topollo, re kgona ho tshwarelwa dibe tsa rona mme re na le tshepo ya ho phela ka ho sa feleng lefatsheng le letjha. Re tla thaba haholo ha re se re sebeletsa Jehova re se re sa lwane le ditakatso tse fosahetseng. Ho fihlela nako eo e fihla, re ka kgodiseha hore re na le matla le tshepo ya ho lwantsha ditakatso tse fosahetseng. Ka ha Jehova o tla hlohonolofatsa boiteko ba rona, re tla kgona ho hlola!
PINA YA 122 Ebang Sebete Mme le Tiye!
a TLHALOSO: Ka Bibeleng, hangata lentswe “sebe” le bolela ho etsa ntho e fosahetseng, jwalo ka ho utswa, ho feba kapa ho bolaya. (Ex. 20:13-15; 1 Bakor. 6:18) Le ha ho le jwalo, mangolong a mang lentswe “sebe” le bolela boemo boo re bo futsitseng ha re hlaha, le haeba re eso ka re etsa sebe le ha e le sefe.
b Hlokomela hore mohlankana eo ho buuwang ka yena ho Diproverbia 7:7-23 o ile a etsa diqeto tse nyenyane tse seng bohlale pele a etsa qeto e kgolo e seng bohlale ya ho inehella boitshwaro bo bobe bo amanang le thobalano.
c TLHALOSO YA SETSHWANTSO: Ka ho le letshehadi: Ha morabo rona e motjha a dutse shopong e rekisang kofi, o bona banna ba babedi ba bontshana lerato. Ka ho le letona: Moradi wa bo rona o bona batho ba babedi ba tsubang.