Se Etsahetseng Dilemo Tse Lekgolo Tse Fetileng ka1924
KA JANUARY 1924, makasine ya Bulletina e ile ya re: “Ha selemo se qala ke nako e ntle ya hore motho e mong le e mong ya inehetseng ho Morena . . . a nahane ka ditsela tse fapaneng tseo a ka sebeletsang Modimo ka tsona.” Ha selemo se ntse se eya, Diithuti tsa Bibele di ile tsa sebedisa keletso ena ka ditsela tse pedi: di ile tsa etsa matsholo tsa ba tsa bolela ka sebete.
BA ILE BA PHATLALATSA DITABA TSE MONATE KA SEYALEMOYA
E ne e se e le nako e fetang selemo, bara ba bo rona ba Bethele ba sebetsana le ho haha seteishene sa seyalemoya sa WBBR Staten Island, e New York City. Ba ile ba qala ka ho tlosa difate yaba hona moo ba haha moo basebetsi ba neng ba tla dula le moo ho neng ho tla behwa thepa ya seyalemoya. Ha ba qeta, ba ile ba bokella thepa e neng e hlokahala hore seyalemoya se qale ho sebetsa. Empa ba ile ba kopana le mathata a mangata.
Bothata ba pele boo ba ileng ba kopana le bona, ke ba ho etsetsa seyalemoya antenna. Ba ne ba lokela ho haka antenna ena ya bolelele ba dimithara tse 91 dipalong tse pedi tsa bolelele ba dimithara tse 61 empa morero oo ha o a ka wa atleha ka lekgetlo la pele. Bara ba bo rona ba ile ba tshepa hore Jehova o tla ba thusa mme ba ile ba qetella ba atlehile. Calvin Prosser, ya neng a sebetsa projekeng ena, o re: “Hoja re ile ra atleha ka lekgetlo la pele, re ne re tlo nahana hore ke ka lebaka la bohlale ba rona.” Bara ba bo rona ba ile ba leboha Jehova ka hore ebe ba ile ba atleha empa mathata a bona a ne a eso fele.
Ho phahamiswa e nngwe ya di-antenna tsa WBBR
Mehleng eo, seyalemoya e ne e le ntho e ntjha. Ka hoo, ho ne ho se bonolo ho fumana thepa e ka sebediswang. Sebakeng seo, ho ne ho ena le motho ya kileng a iketsetsa thepa eo mme ba ile ba sebedisa yona. Ho fapana le ho reka sebuelahole, ba ile ba sebedisa se neng se tlwaelehile sa fono. Ka letsatsi le leng ka February, ba ile ba nahana hore ba ke ba shebe hore na thepa ena ya bona e a sebetsa. Ka ha ba ne ba hloka ntho eo ba ka buang ka yona, ba ile ba etsa qeto ya ho bina dipina tsa Mmuso. Ha Morabo rona Ernest Lowe a hopola ditaba tsa letsatsi leo, o di pheta a qabohile a hopola hore Morabo rona Judge Rutherford,b ya neng a ba mametse o ile a ba letsetsa a le Brooklyn, e bohole ba dikhilomithara tse ka bang 25.
O ile a re: “Emisang lerata leo. Ekare le dikatse!” Ba ile ba kwala seyalemoya ba swabile empa bonyane ba ne ba kgodisehile hore seyalemoya sa bona se a sebetsa.
Seyalemoya se ile sa qala ho sebetsa ka la 24 February 1924 mme Morabo rona Rutherford o ile a nehela seyalemoya sena hore se tla sebetsa “ho etsa mosebetsi oo Mesia a ba fileng ona.” O ile a bontsha hore morero wa seyalemoya sena e ne e le “ho thusa batho bohle ho sa tsotellehe hore na ba dumela eng hore ba utlwisise Bibele le bohlokwa ba nako eo re phelang ho yona.”
Ka ho le letshehadi: Morabo rona Rutherford o seyalemoyeng sa pele
Ka ho le letona: Thepa ya seyalemoya
Lenaneo la pele le ile la tsamaya hantle mme ha sebediswa seyalemoya sa WBBR ho phatlalatsa molaetsa wa bahlanka ba Jehova ka dilemo tse 33.
BA ILE BA HANYETSA BARUTI KA SEBETE
Ka July 1924, Diithuti tsa Bibele di ile tsa ya kopanong Columbus, Ohio. Diithuti tse tswang dibakeng tse fapaneng di ile tsa mamela dipuo ka Searabia, Senyesemane, Sefora, Sejeremane, Segerike, Sehungary, Setaliana, Selithuania, Sepolishe, Serussia, dipuo tsa Sescandinavia le Seukraine. Dikarolo tse ding tsa kopano di ile tsa phatlalatswa seyalemoyeng mme ha ba ha lokisetswa hore koranta ya Ohio State Journal e fane ka tlaleho ya letsatsi le letsatsi ya kopano.
Kopano ya setereke ya 1924 e Columbus, Ohio
Ka Labone la la 24 July, batho ba fetang 5 000 ba neng ba ile kopanong ba ile ba bolela molaetsa wa Bibele toropong eo kopano e neng e tshwaretswe ho yona. Ba ile ba fana ka dibuka tse ka bang 30 000 mme ba qala dithuto tsa Bibele tse dikete. Tora ya ho Lebela e ile ya bitsa letsatsi lena “karolo e thabisang haholo ya kopano.”
Taba e nngwe ya bohlokwa e ileng ya etsahala kopanong ena ke hore nakong eo Morabo rona Rutherford a neng a beha puo ya hae ka Labohlano la la 25 July, o ile a bala ka sebete tokomane e neng e bua kgahlanong le baruti. Tokomane ena e neng eka ya molao, e ne e qosa boradipolotiki, baruti le borakgwebo ka hore ebe “ba sitisa batho ho ithuta ka Mmuso wa Modimo le hore ke ona o tla tlisetsa batho ditlhohonolofatso.” O ile a boela a bontsha hore banna bana ba fositse ka “ho tshehetsa Selekane sa Ditjhaba le ka hore Modimo o sebedisa selekane sena ho busa lefatshe.” Diithuti tsa Bibele di ne di hloka ho ba sebete e le hore di ise molaetsa ona ho batho.
Ha Tora ya ho Lebela e fana ka kakaretso ya kopano eo, e re e ile ya matlafatsa tumelo ya bara le baradi ba bo rona ba tjhesehang mme ya ba fa sebete sa hore ba tswele pele ba bolela ho sa tsotellehe kganyetso. Leo Claus, ya neng a le teng kopanong ena, ha a hopola, o re: “Re ne re thabile haholo ha re tloha kopanong ebile re itokiseditse ho yo fana ka tokomane ena tshimong ya rona.”
Pampitshana ya Ecclesiastics Indicted
Ka October, Diithuti tsa Bibele di ile tsa qala ho fana ka dikopi tse dimilione tsa tokomane neng e bitswa Ecclesiastics Indicted e neng e hatisitse molaetsa o neng o phatlalatswa ke Morabo rona Rutherford. Morabo rona Johnson o ne a ntse a fana ka tokomane ena toropong e nyenyane ya Cleveland, Oklahoma mme o ile a qeta metsotso e 20 pele Diithuti tsa Bibele tse tlo mo lata di fihla. O ne a sitwa ho ema moo batho ba ka mo bonang hobane banna ba neng ba kgopisitswe ke hore ebe o ntse a fana ka tokomane ena ba ne ba ntse ba mo batla. Ka hoo, o ile a ipata kerekeng e neng e le haufinyane. O ile a fumana ho se na batho mme a siya dikopi tsa Ecclesiastics Indicted ditulong le ka Bibeleng ya moruti a ba a tswa kapele. Ha a hlokomela hore o ntse a ena le nako, o ile a ya dikerekeng tse ding tse pedi tse haufinyane mme a etsa se tshwanang.
Morabo rona Frank o ile a kgutlela sebakeng seo bara ba bo rona ba neng ba lokela ho mo fumana ho sona. O ile a ipata moo ho tshelwang peterole, a ntse a behile banna bana ba ntseng ba mo batla leihlo. Ba ile ba feta moo ka koloi empa ha ba a ka ba mo bona. Eitse ha ba qeta ho feta, bara ba bo rona ba neng ba ntse ba paka haufinyane le moo, ba fihla, a kena koloing yaba ba tsamaya kaofela.
Morabo rona e mong o a hopola: “Nakong eo re tlohang toropong, re ile ra feta le dikerekeng tsena tse tharo mme ra fumana ho eme batho ba ka bang 50 ka pela kereke e nngwe le e nngwe. Ba bang ba ne ba se ba ntse ba e bala, ha ba bang bona ba ne ba e tshwaretse hodimo hore moruti a e bone. Re ile ra phonyoha ka lesoba la nale! Re ile ra leboha Jehova Modimo wa rona ka hore ebe o ile a re sireletsa mme a re fa bohlale ba hore re fetise molaetsa ona re sa hlahelwa ke mathata a letho.”
BA LATELA MOHLALA WA HO BONTSHA SEBETE TSHEBELETSONG
Józef Krett
Dinaheng tse ding, Diithuti tsa Bibele di ne di ntse di latela mohlala wa ho paka ka sebete. Józef Krett ya neng a dula karolong e ka leboya ya Fora, o ne a ntse a pakela basebetsi ba mmaene ba tswang Poland. O ne a lokela ho fana ka puo e nang le sehlooho se reng: “Bafu ba Tla Tsoha Haufinyane.” Ha batho ba ntse ba memelwa ho ya puong eo, moruti wa sebakeng seo o ile a fana ka taelo ya hore batho ba kereke ya hae ba se ke ba ya ho ya mamela puo eo. Dintho di ile tsa nka mothinya o fapaneng. Batho ba ka hodimo ho 5 000 ba ile ba ya ho yo mamela puo eo, ho akarelletsa le yena moruti! Morabo rona Krett o ile a kopa moruti hore a buelle tumelo ya hae empa o ile a hana. Morabo rona Krett o ile a hlokomela hore batho ba nyoretswe ho tseba nnete ya Lentswe la Modimo yaba o ba fa dibuka tsohle tseo a neng a ena le tsona.—Amose 8:11.
Claude Brown
Afrika teng, Morabo rona Claude Brown o ile a tlisa ditaba tse monate sebakeng sa Gold Coast, se seng se tsebahala e le Ghana hona jwale. Batho ba sebakeng seo ba ile ba tseba nnete kapele, ka lebaka la dingolwa le dipuo tseo a ileng a ba fa tsona. John Blankson, ya neng a ithutela ho tswaka meriana (pharmacy), o ile a mamela e nngwe ya dipuo tsa Morabo rona Brown mme hanghang, o ile a hlokomela hore o fumane nnete. John ha a hopola, o re: “Ke ile ka thaba haholo hobane ke ne ke fumane nnete mme ke ne ke dula ke bolella bao ke kenang sekolo le bona ka yona.”
John Blankson
Ka mora hore John a utlwisise hore thuto ya Boraro bo bong ha e a thehwa Mangolong, o ile a etela kerekeng ya Tjhatjhe a yo fata moruti dipotso ka thuto ena. Moruti o ile a mo tebela a halefile, a re: “Tloha mona, ha o Mokreste. O latela Diabolose!”
Ha a fihla hae, John o ile a ngola lengolo leo a kopang moruti hore a tlo hlalosa thuto ya Boraro bo bong ka pela batho ba bangata. Ho ena le hoo, moruti o ile a ya sekolong sa John, a yo kopa mookamedi wa sekolo hore a kene dipakeng mme mookamedi o ile a botsa John hore na o fela a ngoletse moruti lengolo na.
John o ile a re: “Ka nnete ho jwalo.”
Mookamedi o ile a laela John hore a ngole lengolo, a kope tshwarelo ho moruti. John o ile a ngola a re:
“Monghadi, ke laetswe hore ke o ngolle lengolo lena ke kope tshwarelo mme ke ikemiseditse ho le ngola ha feela o ka dumela hore o ruta dithuto tsa bohata.”
Mookamedi o ne a hloletswe mme a botsa: “Blankson, ke sona seo o batlang ho se ngola sona see?”
“E, Monghadi. Ke sohle seo nka se ngolang.”
“Re tlo o tebela. O ka buisa moruti wa kereke ya mmuso tjee ebe o lebella hore o tla tswela pele o kena sekolo moo?”
“Empa Monghadi, . . . nakong eo o re rutang, haeba ho na le dintlha tseo re sa di utlwisiseng, na ha o ke o re dumelle ho botsa dipotso?”
“Ke a le dumella ho botsa dipotso.”
“Empa ke sona se etsahetseng, Mohlomphehi. Moruti o ne a re ruta Bibele mme ke ile ka botsa potso. Na ha a sa kgone ho araba potso eo ke lokela ho ngola lengolo ke kope tshwarelo?”
Blankson ha a ka a ngola lengolo le kopang tshwarelo mme ha a ka a tebelwa sekolong.
DIITHUTI TSA BIBELE DI NE DI LABALABELA HO ETSA MOSEBETSI O EKETSEHILENG
Ha makasine wa Tora ya ho Lebela ya Senyesemane o akaretsa diketsahalo tsa selemo sena, o ile wa re: “Re tla bua jwalo ka Davida, re re: ‘O tla etsa hore ke be le matla bakeng sa ntwa.’ (Pesaleme ya 18:39) Selemo sena e bile se kgothatsang haholo hobane re bone ka moo Jehova a re thusitseng ka teng mosebetsing wa hae . . . Bahlanka ba hae ba tshepahalang . . . ba boletse ditaba tse molemo ba thabile.”
Mafelong a selemo seo, bara ba bo rona ba ile ba rera ho haha seteishene se seng sa seyalemoya. Ho ile ha qalellwa ho etswa seteishene se seng haufi le Chicago. Seteishene sena se setjha se ne se bitswa LENTSWE. Lekgetlong lena, ba ne ba se ba sebedisitse thepa ya boemo bo hodimo, hoo molaetsa wa Mmuso o neng o se o fihla dibakeng tse hole, ho akarelletsa Canada leboya.
Ka 1925, Jehova o ile a thusa bara ba bo rona hore ba utlwisise boitsebiso bo bong bo botjha, bo thabisang, bo neng bo hlalosa Tshenolo kgaolo ya 12. Ka lebaka la lesedi lena le letjha, ba bang ba ile ba kgaotsa ho sebeletsa Jehova. Le ha ho le jwalo, batho ba bangata ba ile ba thabela lesedi lena le neng le hlalosa diketsahalo tse etsahetseng lehodimong le hore na di ama batho ba Modimo ba lefatsheng jwang.
a Hona jwale e bitswa Bukana ya Seboka sa—Bophelo Ba Bokreste le Tshebeletso ya Rona.
b Morabo rona J. F. Rutherford, ya neng a etella pele Diithuti tsa Bibele ka nako eo, o ne a tsebahala e le “Moahlodi” Rutherford. Pele a sebeletsa Bethele, o ne a sebetsa ka nakwana e le moahlodi ya kgethehileng lekgotleng la Eighth Judicial Circuit Court le Missouri.