Kopano ya Setereke ya 1925 Indianapolis, Indiana
1925—Dilemo Tse Lekgolo Tse Fetileng
TORA YA HO LEBELA ya Senyesemane ya January 1, 1925 e ile ya re: “Re lebelletse hore ho etsahale dintho tsa bohlokwa selemong sena. Le ha ho le jwalo, ha re a lokela ho tshwenyeha haholo ka hore na ho ka nna ha etsahalang. Haeba re etsa jwalo, re ka hloleha ho etsa mosebetsi oo Morena a batlang hore re o etse re thabile.” Ha e le hantle, Diithuti Tsa Bibele di ne di lebelletse hore ho etsahale eng ka 1925? Hona di ile tsa thuswa ke eng hore di dule di phathahane ka mosebetsi wa Morena le hoja seo di neng di se lebelletse se sa phethahale?
DI ILE TSA LOKELA HO LETA
Diithuti Tsa Bibele tse ngata di ne di nahana hore ka 1925 lefatshe e tla ba Paradeise. Hobaneng? Morabo rona Albert Schroeder, eo ha morao a ileng a sebeletsa e le setho sa Sehlopha se Busang, o ile a re: “Re ne re nahana hore ka nako eo, balatedi ba Kreste ba tlotsitsweng ba ntseng ba le lefatsheng ba tla ya lehodimong ho yo ba karolo ya Mmuso, le hore banna ba tshepahalang ba boholoholo ba kang Abrahama, Davida le ba bang ba tla tsoswa ho tlo ba dikgosana tse busang lefatshe e le karolo ya mmuso wa Modimo.” Ha ho makatse hore ebe ba bang ba Bakreste ba ile ba swetseha ha ba bona dikgwedi di ntse di feta empa ho se nko ho tswa lemina.—Diprov. 13:12.
Ho sa tsotellehe sena, Diithuti Tsa Bibele tse ngata di ile tsa dula di phathahane ka mosebetsi wa boboledi mme di ile tsa hlokomela hore ntho ya bohlokwa haholo eo di lokelang ho e etsa ke ho bolella batho ka Jehova. A re bueng ka mosebetsi oo di ileng tsa o etsa ho ruta batho ba bangata nnete di sebedisa seyalemoya.
HO HAHWA DITEISHENE TSA DIYALEMOYA TSE EKETSEHILENG
Ka 1924, batho ba bangata ba ile ba mamela seyalemoya sa WBBR. Ka hoo, ka 1925 Diithuti Tsa Bibele di ile tsa haha seyalemoya se seng haufi le Chicago, Illinois. Seteishene seo se setjha se ne se bitswa WORD. Ralph Leffler, e leng moenjiniere ya ileng a thusa ha ho hahwa seteishene seo, o ile a re: “Mariha bosiu ha ho bata, batho ba ne ba mamela seyalemoya sena dibakeng tse ngata le tse hole.” Ka mohlala, lelapa le leng le dulang Pilot Station Alaska, e bohole ba dikhilomithara tse ka hodimo ho 5 000 ho tloha seteisheneng sa WORD, le ile la mamela le leng la mananeo a pele a seyalemoya sena. Ka mora moo, lelapa leo le ile la ngolla batho ba sebetsang seteisheneng lengolo ho ba leboha ka lenaneo le ba kgothaditseng le le ba thusitseng hore ba ithute haholwanyane ka Modimo le Bibele.
Ka ho le letshehadi: Ditora tsa seyalemoya sa WORD tse Batavia, Illinois
Ka ho le letona: Ralph Leffler ha a ntse a sebetsa seyalemoyeng
Tora ya ho Lebela ya Senyesemane ya December 1, 1925 e ile ya hlalosa hore na ke hobaneng ha batho ba bangata ba ne ba kgona ho mamela seyalemoya sena le hoja ba le hole. E ile ya re: “Seteishene sa WORD ke se seng sa diteishene tse matla haholo Amerika. Batho ba dulang mabopong a ka Botjhabela le ka Bophirimela a Amerika, Cuba le dikarolong tse hole tse ka leboya tsa Alaska ba ne ba kgona ho mamela seyalemoya sena. Batho ba bangata ba neng ba eso ka ba utlwa nnete ba ile ba batla ho ithuta ho eketsehileng ka lebaka la seo ba se utlwileng seyalemoyeng sena.”
George Naish
Ka nako yona eo, Diithuti Tsa Bibele di ne di batla menyetla e meng ya ho sebedisa seyalemoya ho bolela ditaba tse monate Canada. Ka 1924, di ile tsa haha seteishene sa seyalemoya se bitswang CHUC toropong ya Saskatoon, e profinseng ya Saskatchewan. E ne e le se seng sa diyalemoya tsa pele tsa bodumedi Canada. Empa ka 1925, ho ile ha hlokahala hore seteishene seo se iswe sebakeng se seng se seholwanyane. Ka hoo, Mokgatlo wa Watch Tower o ile wa reka seteishene seo yaba o se isa mohahong o mong wa kgale hona Saskatoon o neng o bitswa Regent Building, oo o ileng wa o reka yaba o a o ntlafatsa e le hore ditaba tse monate di ka bolelwa Canada.
Seteishene sena se ile sa thusa batho ba bangata ba dulang metseng e menyenyane le mahaeng Saskatchewan hore ba utlwe ditaba tse monate ka lekgetlo la pele. Ka mohlala, mme e mong ya bitswang Graham ya dulang motseng o ka thoko, o ile a ngola lengolo a kopa dingolwa tse thehilweng Bibeleng ka mora ho mamela lenaneo le leng. Morabo rona George Naish o ile a re: “Sello sa hae ha a re, ‘Re ruteng!’ se ne se bontsha hore ka nnete o hloka ho rutwa ka potlako. Ka hoo, re ile ra mo romella dibuka tsohle tsa Studies in the Scriptures.” Ho eso ye kae Mme Graham o ne a se a phatlalatsa molaetsa wa Mmuso le dibakeng tse hole.
RE ILE RA ITHUTA THUTO YA BOHLOKWA
Tora ya ho Lebela ya Senyesemane ya March 1, 1925, e ne e ena le sehlooho sa bohlokwa se reng “Ho Tswalwa ha Setjhaba.” Ke hobaneng ha sehlooho seo e ne e le sa bohlokwa? Diithuti Tsa Bibele di ne di se di ntse di tseba hore Satane o na le mokgatlo o entsweng ka bademona, madumedi a bohata, mebuso ha mmoho le dikgwebo tsa lefatshe. Le ha ho le jwalo, “mohlanka ya tshepahalang le ya bohlale” o ile a sebedisa sehlooho sena ho thusa bana ba bo rona ho lemoha hore Jehova le yena o na le mokgatlo, mme o fapane hole le wa Satane ebile o kgahlanong le wona. (Mat. 24:45) Mohlanka o ile a boela a hlalosa hore Mmuso wa Modimo o ile wa hlongwa ka 1914 le hore ka selemo sona seo, Satane le bademona ba hae ba ile ba lelekwa lehodimong yaba ba lahlelwa lefatsheng ka lebaka la ntwa e ileng ya qhoma lehodimong.—Tshen. 12:7-9.
Diithuti Tsa Bibele tse ding di ne di sa dumellane le kutlwisiso ena e ntjha. Ka hoo, sehlooho seo se ile sa re: “Haeba ho na le babadi ba Tora ya ho Lebela ba sa dumellaneng le kutlwisiso ena, re kgothalletsa batho bao hore ba be le mamello mme ba tshepe Jehova ha ba ntse ba tswela pele ho mo sebeletsa ka botshepehi.”
Le ha ho le jwalo, Tom Eyre eo e neng e le morekisi wa dibuka (hona jwale ba tsebahala e le bopulamadiboho) ya dulang Brithani, o ile a hlalosa hore na Diithuti Tsa Bibele tse ngata di ne di ikutlwa jwang ka sehlooho sena, o ile a re: “Bara le baradi ba bo rona ba thabetse tlhaloso ena ya Tshenolo kgaolo ya 12. Ha re hlokomela hore Mmuso o se o hlonngwe lehodimong, re ile ra tjhesehela ho bolella batho ka wona. Sena se ile sa etsa hore re batle ho bolela ditaba tse monate haholwanyane le ho re thusa hore re hlokomele hore Jehova o tla re etsetsa dintho tse hlollang ka moso.”
HO PAKA KA JEHOVA
Kajeno, Dipaki Tsa Jehova di tlwaelane haholo le mantswe a hlahang ho Esaia 43:10, a reng: “Jehova o re: ‘Le dipaki tsa ka. E, wena o mohlanka wa ka eo ke mo kgethileng.’” Le ha ho le jwalo, pele ho 1925, dingolwa tsa rona di ne di sa bue hakaalo ka lengolo lena. Empa dintho di ne di tlo fetoha. Selemong sa 1925, dimakasine tsa Senyesemane tsa Tora ya ho Lebela tse 11 di ile tsa bua ka Esaia 43:10 le 12.
Mafelong a August 1925, Diithuti Tsa Bibele di ile tsa ya kopanong ya setereke e neng e le Indianapolis, Indiana. Lenaneong ho ne ho ngotswe molaetsa o amohelang ba tlileng kopanong o tswang ho Morabo rona Joseph F. Rutherford o reng: “Re tlile kopanong ena . . . ho tla matlafatswa ke Morena e le hore re kgutlele tshimong ka mafolofolo mme re phatlalatse molaetsa wa hae.” Matsatsing ao a robedi a kopano, bara le baradi ba bo rona ba ile ba kgothalletswa hore ha monyetla o mong le o mong o hlaha ba o sebedise ho paka ka Jehova.
Ka Moqebelo wa la 29 August, Morabo rona Rutherford o ile a fana ka puo e nang le sehlooho se reng “Nkang Kgato.” Puong eo o ile a hatisa bohlokwa ba ho bolela molaetsa wa Jehova. O ile a re: “Jehova o re ho batho ba hae . . . : ‘Le dipaki tsa ka . . . tsa hore ke nna Modimo.’ Ka mora moo, o ile a fana ka taelo ena e matla: ‘Phahamisang letshwao bakeng sa baditjhaba.’ Ha ho na batho ba bang lefatsheng ba ka etsang jwalo ha e se batho bao Jehova a ba fang moya wa hae hobane e le batho ba hae.”—Esa. 43:12; 62:10.
Pampitshana ya Molaetsa wa Tshepo
Ka mora hore Morabo rona Rutherford a fane ka puo ya hae, o ile a bala tokomane e bitswang “Molaetsa wa Tshepo.” Batho bohle ba neng ba mo mametse ba ile ba rata le ho amohela molaetsa wa hae o neng o bontsha hore Mmuso wa Modimo ke wona feela o tla tlisa “kgotso, nala, bophelo, tokoloho ha mmoho le thabo e sa feleng.” Ha morao, tokomane ena e ile ya fetolelwa ka dipuo tse ngata yaba e a hatiswa e le hore e ka sebediswa tshimong. Ho ile ha ajwa dikopi tse ka bang dimilione tse 40.
Ho nkile dilemo tse ngata hore Diithuti Tsa Bibele di fetole lebitso la tsona hore e be Dipaki Tsa Jehova. Le ha ho le jwalo, di ile tsa qala ho utlwisisa bohlokwa ba ho ba dipaki tsa hae.
DI ILE TSA KGUTLELA HO BATHO BA THAHASELLANG
Ka lebaka la hore ho ne ho se ho ena le Diithuti Tsa Bibele tse ngata lefatsheng, bara ba bo rona ba ile ba di kgothalletsa hore di se ke tsa tsamaisa dingolwa feela, empa di kgutlele ho batho ba ileng ba bontsha thahasello. Ka mora letsholo la ho tsamaisa pampitshana ya Molaetsa wa Tshepo, Bulletina e ile ya kgothalletsa Diithuti hore di kgutlele ho batho bao di ba fileng pampitshana eo.
Bulletin ya January 1925 e ile ya fana ka tlaleho e tswang ho Seithuti sa Bibele sa motseng wa Plano Texas, e reng: “Re makatswa ke hore ha re kgutlela masimong ao re kileng ra a sebetsa pele, re fumana batho ba moo ba thabela molaetsa wa Bibele haholo ho feta bao re ba fumanang masimong a matjha. Ka dilemo tse leshome re ile ra kgutlela ka makgetlo a mahlano toropong e nyenyane tshimong ya rona. . . . Haufinyane tjena, Moradi wa bo rona Hendrix le mme wa ka ba ile ba kgutlela tshimong eo yaba ba fana ka dibuka tse ngata ho feta [le ha e le neng] pele.”
Naheng ya Panama, morekisi e mong wa dibuka o ile a re: “Hangata ha ke kgutlela ho batho ba ileng ba nteleka ka lekgetlo la pele, ke fumana ba se ba fetotse maikutlo leetong la bobedi kapa la boraro. Selemong sena ke ile ka qeta nako e ngata ke ntse ke kgutlela ho batho bao ke ileng ka ba bolella molaetsa nakong e fetileng, mme ke bile le diphihlelo tse monate haholo.”
BOKAMOSO BO RE TSHWARETSENG?
Mafelong a selemo sa 1925, Morabo rona Rutherford o ile a ngolla barekisi ba dibuka a ba hlalosetsa hore na mosebetsi wa tshebeletso o tsamaile jwang selemong seo, a ba a ba bolella hore na ho ya pele ho lebelletswe hore ba etseng. O ile a re: “Selemong se fetileng le ile la ba le tlotla ya ho tshedisa ba utlwileng bohloko. Mosebetsi ona o ile wa le thabisa . . . Selemong sena se tlang le tla fumana menyetla e mengata ya ho bua ka Modimo le mmuso wa hae le ho bontsha hore na ha e le hantle barapedi ba Modimo ke bomang. . . . Ha re sebetseng mmoho ho tswela pele re sebedisa mantswe a rona ho rorisa Modimo le Morena wa rona.”
Hona ka nako eo, bara ba bo rona ba ne ba rera ho eketsa Bethele e Brooklyn. Mokgatlo o ile wa qala projeke e kgolo ka ho fetisisa ya kaho ka 1926.
Mosebetsi wa kaho Adams Street, Brooklyn, New York ka 1926
a Hona jwale e bitswa Bukana ya Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tshebeletso ya Rona.