SEHLOOHO SE ITHUTWANG SA 42
PINA YA 103 Modimo o re File Badisa
Bontsha Hore o Ananela “Dimpho [Tseo] e Leng Banna”
“Ha a nyolohela hodimo o ile a . . . fana ka dimpho e leng banna.”—BAEF. 4:8.
NTLHAKGOLO
Re tlo ithuta hore na bahlanka ba sebeletsang, baholo le balebedi ba potoloho ba re thusa jwang le hore na re ka bontsha jwang hore re ananela mosebetsi oo ba o etsang.
1. Tse ding tsa dimpho tseo Jesu a re fileng tsona ke dife?
HA HO na motho ya kileng a ba seatla se bulehileng ho feta Jesu. Ha a ne a le lefatsheng, o ile a ithaopela ho sebedisa matla ao a neng a ena le wona a ho etsa mehlolo ho thusa batho ba bang. (Luka 9:12-17) O ile a fana ka mpho e kgolo ka ho fetisisa ka hore a tele bophelo ba hae bakeng sa rona. (Joh. 15:13) Jesu o ile a tswela pele a le seatla se bulehileng le ka mora hore a tsoswe bafung. O ile a tshepisa hore o tla kopa Jehova hore a re fe moya o halalelang ho re ruta le ho re tshedisa mme o ile a fela a etsa jwalo. (Joh. 14:16, 17, nal.; 16:13) Hape Jesu o sebedisa diboka ho re ruta ho etsa batho ba ditjhaba tsohle barutuwa.—Mat. 28:18-20.
2. Banna bao e leng “dimpho” bao ho buuwang ka bona ho Baefese 4:7, 8 ba akarelletsa bomang?
2 Ho na le mpho e nngwe hape eo Jesu a re fileng yona. Moapostola Pauluse o ile a re ka mora hore Jesu a nyolohele lehodimong, o ile “a fana ka dimpho e leng banna.” (Bala Baefese 4:7, 8.) Pauluse o ile a hlalosa hore Jesu o fane ka banna bao e le hore ba thuse phutheho ka ditsela tse sa tshwaneng. (Baef. 1:22, 23; 4:11-13) Mehleng ena, banna bao e leng “dimpho” ba akarelletsa bahlanka ba sebeletsang, baholo ba phutheho le balebedi ba potoloho.a Ke nnete hore banna bao ba etsa diphoso hobane ha ba a phethahala. (Jak. 3:2) Ho ntse ho le jwalo, Morena wa rona Jesu Kreste o ba sebedisetsa ho re thusa, ke dimpho tseo a re fileng tsona.
3. Fana ka mohlala o bontshang ka moo kaofela ha rona re ka thusang banna bao eleng “dimpho” ka teng mosebetsing oo ba o etsang.
3 Jesu o file banna bana bao e leng “dimpho” mosebetsi wa ho matlafatsa phutheho. (Baef. 4:12) Kaofela ha rona re ka ba thusa hore ba etse mosebetsi ona wa bohlokwa. A re etse mohlala ho hlakisa taba ena: Ha ho hahwa Holo ya Mmuso, ba bang ba a haha, ba bang bona ba thusetsa ka ho lokisetsa hore ho be le dijo, dipalangwang le dintho tse ding. Ka tsela e tshwanang, kaofela ha rona re ka thusa bahlanka ba sebeletsang, baholo ba phutheho le balebedi ba potoloho ka dintho tseo re di buang le tseo re di etsang. Re tlo ithuta hore na mosebetsi wa bona o boima o re tswela molemo jwang. Re tla boela re ithute hore na re ka etsang ho bontsha hore re a ba ananela le hore re ka bontsha Jesu jwang hore re ananela banna bana bao e leng “dimpho” bao a re fileng bona.
BAHLANKA BA SEBELETSANG BA ETSA MESEBETSI E “THUSANG BA BANG”
4. Mehleng ya Bakreste ba pele bahlanka ba sebeletsang ba ne ba etsa mesebetsi efe e meng e neng e ‘thusa ba bang’?
4 Mehleng ya Bakreste ba pele, ba bang ba bara ba bo rona ba ne ba kgethwa hore e be bahlanka ba sebeletsang. (1 Tim. 3:8) Ho bonahala eka moapostola Pauluse o ne a bua ka bona ha a ne a re ke “ba thusang ba bang.” (1 Bakor. 12:28) Ho ka etsahala hore ebe bahlanka ba sebeletsang ba ne ba thusa baholo ho etsa mesebetsi ya bohlokwa e le hore baholo ba ka shebana le ho ruta le ho disa phutheho. Ka mohlala, ho ka etsahala hore ebe bahlanka ba sebeletsang ba ne ba thusetsa ka ho etsa dikopi tsa Mangolo kapa ho reka thepa e hlokahalang bakeng sa ho etsa dikopi tseo.
5. E meng ya mesebetsi ya bohlokwa eo bahlanka ba sebeletsang ba e etsang mehleng ee ke efe?
5 Nahana ka mesebetsi e meng ya bohlokwa eo bahlanka ba sebeletsang ba e etsang phuthehong ya heno. (1 Pet. 4:10) Ba ka fuwa mosebetsi wa ho hlokomela diakhaonte tsa phutheho kapa tshimo, ho etsa dikopo tsa dingolwa le ho di fa bahweletsi, ho sebetsa lefapheng la modumo, ho ba bahlokomedi kapa ho thusetsa ka ho hlokomela Holo ya Mmuso. Mesebetsi ena kaofela e bohlokwa ho etsa hore dintho di tsamaye ka tsela e hlophisehileng ka phuthehong. (1 Bakor. 14:40) Ho ekelletsa moo, bahlanka ba bang ba sebeletsang ba fana ka dipuo tsa phatlalatsa le dipuo tsa Seboka sa Bophelo le Tshebeletso. Mohlanka ya sebeletsang a ka boela a kgethwa hore a thuse molebedi wa sehlopha. Ka dinako tse ding, bahlanka ba sebeletsang ba tshwanelehang ba tsamaya le baholo ha ba etsa maeto a bodisa.
6. Re na le mabaka afe a ho ananela bahlanka ba sebeletsang?
6 Mosebetsi o etswang ke bahlanka ba sebeletsang o tswela phutheho molemo jwang? Moradi wa bo rona Beberlyb ya dulang Bolivia o re: “Ke kgona ho thabela diboka ka botlalo ka lebaka la thuso ya bahlanka ba sebeletsang. Ka lebaka la mosebetsi wa bona, ke kgona ho bina, ho fana ka dikarabo, ho mamela dipuo le ho ithuta dintho tsa bohlokwa divideong le ditshwantshong tse hlahiswang sekrineng. Ba etsa bonnete ba hore bohle ba tlang dibokeng ba sireletsehile le hore ba sa kgoneng ho tla ho tsona ka seqo ba kena ka marangrang. Ka mora diboka ba thusetsa ka ho hlwekisa, ba thusa ka diakhaonte le ho etsa bonnete ba hore re na le dingolwa tseo re di hlokang. Ke ba ananela haholo.” Moradi wa bo rona Leslie ya dulang Colombia eo monna wa hae e leng moholo, o re: “Monna wa ka o itshetlehile ka bahlanka ba sebeletsang hore ba mo thuse ka mesebetsi e meng ya phutheho. Ke ananela tsela eo ba tjhesehang ka yona le hore ebe ba ikemiseditse ho mo thusa hobane ha e ne e se ka bona, a ka be a phathahane le ho feta.” Re kgodisehile hore le wena o ikutlwa jwalo.—1 Tim. 3:13.
7. Re ka bontsha jwang hore re ananela bahlanka ba sebeletsang? (Sheba setshwantsho.)
7 Le hoja re ananela bahlanka ba sebeletsang, Bibele e re re bontshe ka mantswe le diketso hore re a ba ananela. (Bakol. 3:15) Morabo rona Kristofer ya dulang Finland ebile e le moholo o re: “Ke romella mohlanka ya sebeletsang karete kapa ke mo ngolle molaetsa ka fono oo ho ona ke qotsitseng temana ebe ke bolela ka ho toba hore na o nkgothaditse jwang le hore na ke hobaneng ha ke ananela mosebetsi oo a o etsang.” Morabo rona Pascal le moradi wa bo rona Jael, e leng banyalani ba dulang New Caledonia, ba tlwaetse ho rapella bahlanka ba sebeletsang. Morabo rona Pascal o re: “Morao tjena, re rapella bahlanka ba sebeletsang ba phuthehong ya rona haholo. Re leboha Jehova hore ebe o re file bona ebile re mo kopa hore a ba thuse.” Jehova o mamela dithapelo tse jwalo mme phutheho yohle e rua molemo ka lebaka la tsona.—2 Bakor. 1:11.
BAHOLO BA PHUTHEHO ‘BA SEBETSA KA THATA HARA LONA’
8. Ke hobaneng ha Pauluse a ne a re baholo ba mehleng ya Bakreste ba pele ba ne ba ‘sebetsa ka thata’? (1 Bathesalonika 5:12, 13)
8 Mehleng ya Bakreste ba pele, baholo ba ne ba sebetsa ka thata bakeng sa phutheho. (Bala 1 Bathesalonika 5:12, 13; 1 Tim. 5:17) Ba ne ba ‘tataisa’ phutheho ka hore ba tsamaise diboka le ho etsa diqeto e le sehlopha. Ba ne ba “eletsa” Bakrestemmoho le bona ka lerato e le hore phutheho e sireletsehe. (1 Bathes. 2:11, 12; 2 Tim. 4:2) Hape ba ne ba sebetsa ka thata ho hlokomela malapa a bona le ho boloka setswalle sa bona le Jehova se le matla.—1 Tim. 3:2, 4; Tite 1:6-9.
9. Ke mesebetsi efe eo baholo ba e etsang mehleng ee?
9 Le mehleng ena baholo ba phathahane. Ke baevangedi. (2 Tim. 4:5) Ba beha mohlala o motle ka hore ba tjhesehele tshimo, ba hlophisa mosebetsi wa boboledi tshimong ya phutheho ya habo bona ebile ba kwetlisa ba bang hore ebe mesuwe e hlwahlwa. Hape ke baahlodi ba mohau ba se nang kgethollo. Ha Mokreste a etsa sebe se tebileng, baholo ba leka ka matla ho mo thusa ho lokisa kamano ya hae le Jehova. Ha ka nako e tshwanang, ba leka ho boloka phutheho e hlwekile. (1 Bakor. 5:12, 13; Bagal. 6:1) Mosebetsi o ka sehloohong oo baholo ba o etsang ke ho ba badisa. (1 Pet. 5:1-3) Ba fana ka dipuo tse lokiseditsweng hantle tse thehilweng Bibeleng, ba etsa boiteko ba ho tseba motho e mong le e mong ka phuthehong ebile ba etsa maeto a bodisa. Hodima mesebetsi e meng eo ba seng ba ntse ba e etsa, baholo ba bang ba a thusetsa ha ho hahwa le ho hlokomela Diholo Tsa Mmuso le ha ho hlophisetswa dikopano. Ba bang ke ditho tsa Dikomiti Tsa Bohokahanyi le Dipetlele le Dihlopha Tsa ba Etelang Bakudi. Ka nnete baholo ba sebetsa ka thata molemong wa rona.
10. Ke mabaka afe a etsang hore re ananele baholo?
10 Jehova o ile a bolela esale pele hore badisa ba tla re hlokomela le hore ‘ha re sa tla hlola re tshoha kapa re tshaba.’ (Jer. 23:4) Moradi wa bo rona Johanna ya dulang Finland, o ile a bona hore mantswe ao ke nnete ha mme wa hae a ne a kula haholo. O re: “Le hoja ke thatafallwa ho bolella ba bang maikutlo a ka, moholo e mong eo ke neng ke sa mo tlwaela o ile a mmamella, a rapela le nna a ba a nkgodisa hore Jehova o a nthata. Ha ke hopole hantle hore na o ile a reng empa ntho eo ke e hopolang ke hore ke ile ka ikutlwa ke sireletsehile. Ke kgodisehile hore Jehova o ile a mo romela ka nako e nepahetseng hore a tlo nthusa.” Baholo ba phutheho ya heno ba o thusitse jwang?
11. Re ka bontsha jwang hore re ananela baholo? (Sheba setshwantsho.)
11 Jehova o batla hore re bontshe hore re ananela baholo ho tswa pelong “ka lebaka la mosebetsi wa bona.” (1 Bathes. 5:12, 13) Moradi wa bo rona Henrietta ya dulang Finland o re: “Baholo ba ikemiseditse ho thusa batho ba bang empa seo ha se bolele hore ba na le nako e ntseng e itja feela, ba na le matla a fetang a batho ba bang kapa hore ha ba na mathata. Ka dinako tse ding ke ye ke re ho bona: ‘O a tseba keng? Ke batla o tsebe hore o moholo ya molemo haholo.’” Moradi wa bo rona Sera wa Türkiyec o re: “Baholo ba hloka ho kgothatswa e le hore ba kgone ho tswela pele ba etsa mosebetsi wa bona. Ka hoo, re ka ba ngolla dikarete, ra ba memela dijong kapa ra sebetsa le bona tshimong.” Na ho na le moholo eo ka ho kgetheha o ananelang mosebetsi oo a o etsang? Mo bontshe hore o a mo ananela.—1 Bakor. 16:18.
O ka kgothatsa banna ba kgethilweng e le hore ba kgone ho tswela pele ba etsa mosebetsi wa bona (Sheba serapa sa 7, 11, 15)
BALEBEDI BA POTOLOHO BA MATLAFATSA DIPHUTHEHO
12. Mehleng ya Bakreste ba pele, Jesu o ile a etsa tokisetso efe e le hore diphutheho di matlafatswe? (1 Bathesalonika 2:7, 8)
12 Kreste Jesu o ile a kgetha banna ba bang hore ba thuse phutheho ka tsela e nngwe. O ile a tataisa baholo ba Jerusalema hore ba rome Pauluse, Barnabase le ba bang hore ebe balebedi ba tsamayang. (Dik. 11:22) Hobaneng? E le hore ba matlafatse diphutheho, e leng ona mosebetsi oo baholo le bahlanka ba sebeletsang ba neng ba kgethetswe ho o etsa. (Dik. 15:40, 41) Banna bao ba ile ba tela dintho tse ngata hore ba etse mosebetsi ona. Ka dinako tse ding, ba ne ba bile ba beha bophelo ba bona kotsing e le hore ba rute le ho kgothatsa Bakrestemmoho le bona.—Bala 1 Bathesalonika 2:7, 8.
13. E meng ya mesebetsi eo balebedi ba potoloho ba e etsang ke efe?
13 Balebedi ba potoloho ba dula ba le tseleng. Ba bang ba tsamaya maeto a malelele haholo ha ba etela diphutheho. Beke e nngwe le e nngwe, molebedi wa potoloho o fana ka dipuo tse mmalwa, o etsa maeto a bodisa, o tshwara seboka sa bo pulamadiboho, seboka sa baholo le diboka tsa tshebeletso ya tshimo. O lokisetsa dipuo le ho hlophisa dikopano tsa potoloho le tsa setereke. O a ruta dikolong tsa bo pulamadiboho ebile o lokisetsa hore ho be le seboka se kgethehileng le bo pulamadiboho ba potolohong eo a leng ho yona. Ho ekelletsa moo, o etsa mesebetsi e meng ya bohlokwa eo a e fuwang ke ofisi ya lekala eo ka dinako tse ding e potlakileng.
14. Re na le mabaka afe a ho ananela balebedi ba potoloho?
14 Diphutheho di fumana molemo ofe ka lebaka la mosebetsi wa bohlokwa o etswang ke balebedi ba potoloho? Morabo rona e mong wa Türkiye ha a bua ka diketelo tsa molebedi wa potoloho, o re: “Ka mehla, ketelo ya molebedi wa potoloho e ntshusumelletsa hore ke qete nako e ngata le ho feta ke thusa banabeso. Ke kopane le balebedi ba potoloho ba bangata mme e mong le e mong wa bona o ne a atameleha ebile a mpha nako ya hae.” Moradi wa bo rona Johanna eo re buileng ka yena pejana, o ile a sebetsa le molebedi wa potoloho tshimong empa ha ba a ka ba fumana motho le ya mong. O re: “Le ha ho le jwalo, ke tla dula ke hopola letsatsi leo. Bo-ausi ba ka ba babedi ba ne ba qeta ho falla mme ke ne ke ba hlolohetswe haholo. Molebedi wa potoloho o ile a nkgothatsa ka mosa a ba a nthusa ho bona hore tshebeletsong ya Jehova, karohano ke ya nakwana empa lefatsheng le letjha re tla dula re ena le menyetla e mengata ya ho ba mmoho.” Bana ba bo rona ba bangata ba ananela haholo tsela eo balebedi ba potoloho ba ileng ba ba thusa ka yona.—Dik. 20:37–21:1.
15. (a) Ho ya ka 3 Johanne 5-8, re ka etsang ho bontsha hore re ananela balebedi ba potoloho? (Sheba setshwantsho.) (b) Ke hobaneng ha re lokela ho nahanela basadi ba banna bao e leng badisa, hona re ka bontsha jwang hore re a ba nahanela? (Sheba lebokose le reng: “Hopolang Basadi ba Bona.”)
15 Moapostola Johanne o ile a kgothalletsa Gaiase ho amohela bara ba bo rona ba etetseng phutheho le hore ‘a etse sohle seo a ka se kgonang hore a ba thuse ka tsela e tla thabisa Modimo.’ (Bala 3 Johanne 5-8.) Tsela e nngwe ya ho etsa jwalo, ke ka ho memela molebedi wa potoloho dijong. Re ka boela ra ba teng tshimong ha a etetse phutheho. Moradi wa bo rona Leslie, eo re seng re buile ka yena, o bontsha ka ditsela tse ding hore o a ba ananela. O re: “Ke rapella hore Jehova a ba thuse ka dintho tseo ba di hlokang. Hape nna le mohatsaka re ile ra ba ngolla mangolo, ra ba bolella hore na ba re thusitse hakaakang nakong eo ba neng ba re etetse.” Re hopole hore balebedi ba potoloho ke batho jwalo ka rona. Ka dinako tse ding, ba a kula, ba a imelwa kelellong ebile ba a nyahama. Mohlomong mantswe a hao a mosa kapa mpho e nyenyane eo o ba fang yona, e ka ba karabo ya dithapelo tseo ba di etsang ha ba kopa thuso ho Jehova.—Diprov. 12:25.
HO HLOKAHALA “DIMPHO E LENG BANNA”
16. Bara ba bo rona ba ka ipotsa dipotso dife ba nahanne ka Diproverbia 3:27?
16 Lefatsheng lohle, ho hlokahala bara ba bo rona ba eketsehileng ba tla sebeletsa e le “dimpho.” Haeba o morabo rona ya kolobeditsweng, na ‘ho matleng a hao ho thusa’? (Bala Diproverbia 3:27.) Na o ikemiseditse ho sebeletsa hore o tshwanelehe ho ba mohlanka ya sebeletsang? Haeba o mohlanka ya sebeletsang, na o ikemiseditse ho sebetsa ka thata hore o be moholo e le hore o thuse banabeno?d Na o ka etsa diphetoho bophelong ba hao e le hore o kgone ho etsa kopo ya ho ya Sekolong sa Baevangedi ba Mmuso (SKE)? Sekolo seo se tla o kwetlisa e le hore o sebediswe ke Jesu haholwanyane. Haeba o utlwa eka ha o tshwanelehe, rapela Jehova. Mo kope hore a o thuse ka moya o halalelang e le hore o ka atleha ho etsa mosebetsi ofe kapa ofe oo o o fuwang ka phuthehong.—Luka 11:13; Dik. 20:28.
17. “Dimpho tseo e leng banna” di re rutang ka Morena wa rona, Kreste Jesu?
17 Bara ba bo rona bao Jesu a ba kgethileng e le “dimpho” ke bopaki ba hore o ntse a re tataisa mehleng ena ya bofelo. (Mat. 28:20) Re leboha hore ebe re na le Morena ya lerato le ya seatla se bulehileng, ya tsebang dintho tseo re di hlokang ebile o re file bara ba bo rona ho re thusa. Ka hoo, batla menyetla ya ho bontsha hore o ananela bara bana ba bo rona ba sebetsang ka thata. O se ke wa lebala ho leboha Jehova hobane ke yena Mofani wa “mpho e nngwe le e nngwe e molemo le ntho e nngwe le e nngwe e phethahetseng.”—Jak. 1:17.
PINA YA 99 Dimiriade Tsa Barabeso
a Bara ba bo rona ba Sehlopha se Busang, bathusi ba Sehlopha se Busang, ditho tsa Komiti ya Lekala le ba bang ba sebeletsang dikarolong tse ding tsa tshebeletso le bona ke “dimpho [tseo] e leng banna.”
b Mabitso a mang a fetotswe.
c Pele e ne e bitswa Turkey.
d E le hore o bone hore na o ka etsang e le hore o sebeletse jwalo ka mohlanka ya sebeletsang kapa moholo, bala dihlooho tse reng: “Bara ba bo Rona, na le Etsa Boiteko ba ho ba Bahlanka ba Sebeletsang?” le “Bara ba bo Rona, na le Etsa Boiteko ba ho ba Baholo?” tsa Tora ya ho Lebela ya November 2024.