DINTHO TSE KA O THUSANG HA O ITHUTA
Rua Molemo Ditshwantshong
Dingolwa tsa rona di na le ditshwantsho tse ngata tse rutang dintlha tsa bohlokwa. O ka rua molemo jwang ditshwantshong tseo?
Sheba ditshwantsho pele o bala sehlooho. Ditshwantsho di ka etsa hore o batle ho tseba dintlha tse eketsehileng mme tsa o susumelletsa hore o bale sehlooho. Jwalo ka dijo tse rothisang mathe, mahlo a di “latswa” pele. Ka hoo, pele o bala sehlooho ipotse: ‘Ke bona eng?’—Amose 7:7, 8.
Ha o ntse o bala sehlooho, nahana hore na ke hobaneng ha ditshwantsho tsena di kgethilwe. Bala mantswe a tsamaisanang le setshwantsho kapa tlhaloso ya setshwantsho haeba e le teng. Nahana ka hore na ditshwantsho di amana jwang le taba eo sehlooho se buang ka yona le hore na di ama bophelo ba hao jwang.
Ka mora ho bala sehlooho, sebedisa ditshwantsho ho ikgopotsa dintlha tsa bohlokwa tsa sehlooho seo. Ka mora moo, kwala mahlo ebe o leka ho hopola ditshwantsho tseo ka hlooho le seo o ithutileng sona ho tsona.
Sheba ditshwantsho tse hlahang makasineng ena hape, mme o bone hore na o sa hopola seo o ithutileng sona ho tsona.