SEHLOOHO SE ITHUTWANG SA 28
PINA YA 88 Ntsebise Ditsela Tsa Hao
Ke Hobaneng ha re Lokela ho Batla Keletso?
“Ba bohlale ke ba batlang keletso.”—DIPROV. 13:10.
NTLHAKGOLO
Seo re lokelang ho se etsa e le hore re rue molemo ka ho felletseng keletsong eo re e fuwang.
1. Ke eng e ka re thusang hore re etse diqeto tse bohlale le ho etsa hore merero ya rona e atlehe? (Diproverbia 13:10; 15:22)
KAOFELA ha rona re batla ho etsa diqeto tse bohlale. Hape re batla hore merero ya rona e atlehe. Lentswe la Modimo le a re bolella hore na re ka finyella dintho tseo ka bobedi jwang.—Bala Diproverbia 13:10; 15:22.
2. Jehova o tshepisa hore o tla re etsetsa eng?
2 Ho hlakile hore Motho ya molemohadi eo re ka batlang bohlale le keletso ho yena ke Ntate wa rona Jehova. O tshepisa hore o tla re thusa ha a re: “Ke tla o eletsa ke o behile leihlo.” (Pes. 32:8) Polelo ena e bontsha hore Jehova o etsa se fetang feela ho re fa keletso. E boetse e a bontsha hore o re tsotella re le batho ka bomong le ho re thusa hore re sebedise keletso eo a re fang yona.
3. Re tlo hlahloba eng sehloohong see?
3 Sehloohong sena, re tlo sebedisa Lentswe la Modimo ho re thusa ho araba dipotso tse nne: (1) Ke tshobotsi efe eo ke lokelang ho ba le yona haeba ke batla ho rua molemo keletsong e molemo? (2) Ke mang ya ka mphang keletso e molemo? (3) Nka bontsha jwang hore ehlile ke batla keletso? (4) Ke hobaneng ha ke lokela ho qoba ho kopa ba bang hore ba nketsetse diqeto?
KE LOKELA HO BA LE TSHOBOTSI EFE?
4. Ke tshobotsi efe eo re lokelang ho ba le yona e le hore re rue molemo keletsong e molemo?
4 Re lokela ho ba le boikokobetso e le hore re rue molemo keletsong e molemo. Re boetse re lokela ho hlokomela hore re ka nna ra se ke ra eba le boiphihlelo kapa tsebo ya ho etsa qeto e nepahetseng ka borona. Haeba re sa ikokobetsa, Jehova a ke ke a kgona ho re thusa. Ka hona, ha re bala Lentswe la hae re ke ke ra bona ho hlokahala hore re sebedise keletso eo a re fang yona. (Mik. 6:8; 1 Pet. 5:5) Le ha ho le jwalo, haeba re ikokobeditse, re tla potlakela ho mamela le ho sebedisa keletso e thehilweng ka Bibeleng mme re rue molemo ho yona.
5. Ke dintho dife tseo Morena Davida a di finyelletseng tse neng di ka etsa hore a ikgohomose?
5 Nahana ka seo re ka ithutang sona mohlaleng wa Morena Davida. Dintho tseo a di finyelletseng di ka be di entse hore a ikgohomose. Dilemo tse ngata pele e eba morena, o ne a tumme ka ho letsa harepa ha monate. O ile a ba a koptjwa hore a ilo bapalla morena mmino. (1 Sam. 16:18, 19) Ka mora hore Jehova a tlotse Davida hore e be morena ya tla latela, o ile a mo fa matla a sebedisa moya wa hae o halalelang. (1 Sam. 16:11-13) O ne a tsebahala ka ho hlola dira tsa setjhaba sa habo, ho akarelletsa le seqhenqha sa Mofilista e leng Goliathe. (1 Sam. 17:37, 50; 18:7) Monna ya ikgohomosang ya neng a finyelletse dintho tse kgolo jwalo, o ne a ka nna a nahana hore ha ho hlokahale hore a mamele dikeletso tse tswang ho batho ba bang. Empa eseng Davida.
6. Re tseba jwang hore Davida o ile a amohela keletso? (Sheba setshwantsho.)
6 Ka mora hore Davida ebe morena, o ile a kgetha metswalle e neng e ka mo fa dikeletso. (1 Dikron. 27:32-34) Sena ha se makatse hobane Davida haesale e le motho ya ikemiseditseng ho mamela ha ba bang ba mo fa keletso e molemo. O ile a e amohela, eseng ho tswa ho banna feela, empa le ho tswa ho mosadi ya bitswang Abigaile. E ne e le mosadi wa monna ya bitswang Nabale, ya neng a tella, a sa ananele a bile a ikgohomosa. Ka boikokobetso, Davida o ile a sebedisa keletso e molemo ya mosadi eo, mme qetellong ya mo thusa ho qoba ho etsa phoso e kgolo.—1 Sam. 25:2, 3, 21-25, 32-34.
Ka boikokobetso, Morena Davida o ile a amohela le ho sebedisa keletso ya Abigaile (Sheba serapa sa 6)
7. Re ka ithuta eng mohlaleng wa Davida? (Moeklesia 4:13) (Sheba ditshwantsho.)
7 Re ka ithuta ho hong ho Davida. Ka mohlala, re ka ba le ditalenta tse itseng kapa boikarabelo bo itseng. Le ha ho le jwalo, ha re a lokela ho nahana hore re tseba dintho tsohle mme ha re hloke keletso. Jwalo ka Davida, re lokela ho ikemisetsa ho mamela keletso e molemo ho sa tsotellehe hore na ke mang ya fanang ka yona. (Bala Moeklesia 4:13.) Ha re etsa jwalo, re ka nna ra qoba ho etsa diphoso tse kgolo tse tla re utlwisa bohloko le ho utlwisa ba bang bohloko.
Re lokela ho ikemisetsa ho mamela keletso e molemo ho sa tsotellehe hore na ke mang ya fanang ka yona (Sheba serapa sa 7)c
KE MANG YA KA MPHANG KELETSO E MOLEMO?
8. Ke hobaneng ha Jonathane a ne a tshwaneleha ho fa Davida keletso?
8 Nahana ka ntho e nngwe eo re ka ithutang yona mohlaleng wa Davida. O ile a mamela keletso ya batho ba neng ba ena le kamano e ntle le Jehova ebile ba utlwisisa hantle boemo boo a neng a tobane le bona. Ka mohlala, ha Davida a ne a batla ho tseba hore na a ka boela a ba le kamano e ntle le Morena Saule, o ile a mamela keletso ya Jonathane, mora wa Saule. Ke hobaneng ha Jonathane a ile a kgona ho mo fa keletso e molemo? Hobane Jonathane o ne a ena le kamano e ntle le Jehova ebile o ne a tseba Saule hantle. (1 Sam. 20:9-13) Re ka sebedisa thuto ee jwang?
9. Re ka batla keletso ho mang? Hlalosa. (Diproverbia 13:20)
9 Ha re hloka keletso, re etsa hantle ha re e batla ho motho ya nang le kamano e ntle le Jehova ebile a tseba boemo boo re hlokang thuso ka bona hantle.a (Bala Diproverbia 13:20.) Ka mohlala, a re re morabo rona ya motjha o batla ho nyala. Ke mang ya ka mo fang keletso e molemo? Motswalle wa hae ya sa nyalang a ka nna a mo thusa haeba a mo eletsa a itshetlehile ka melaomotheo ya Bibele. Empa morabo rona ya motjha a ka fumana keletso e tobileng le e sebetsang haeba a ya ho banyalani ba hodileng moyeng ba mo tsebang hantle ebile ba ena le nako ba le lenyalong ba thabile.
10. Re tlo hlahloba eng hona jwale?
10 Re se re buile ka tshobotsi eo re lokelang ho ba le yona le hore na ke mang ya ka re fang keletso e molemo. Hona jwale a re hlahlobeng hore na ke hobaneng ha re lokela ho bontsha hore ehlile re batla keletso le hore na re lokela ho kopa ba bang hore ba re etsetse diqeto kapa tjhe.
NKA BONTSHA JWANG HORE EHLILE KE BATLA KELETSO?
11, 12. (a) Ka dinako tse ding re ka etsang? (b) Morena Roboame o ile a etsang ha a lokela ho etsa qeto ya bohlokwa?
11 Ka dinako tse ding, motho a ka nna a etsa eka o batla keletso, empa ha e le hantle a ipatlela feela motho eo a ka dumellanang le yena ka qeto eo a seng a e entse. Ha e le hantle motho ya jwalo ha a batle keletso. O lokela ho ithuta ho se ileng sa etsahalla Morena Roboame.
12 Roboame e ile ya eba morena wa setjhaba se neng se ruile sa Iseraele ka mora hore Morena Solomone a hlokahale. Empa Solomone o ne a imeditse setjhaba ka mosebetsi o mongata. Ka hoo, batho ba ile ba tla ho Roboame mme ba mo kopa hore a ba imolle ka ho ba fokoletsa mosebetsi. Roboame o ile a ba kopa hore ba mo fe nako ya ho nahana ka qeto eo a tla e etsa. O ile a qala hantle ka ho kopa keletso ho banna ba baholo, ba neng ba thusa Solomone. (1 Mar. 12:2-7) Le ha ho le jwalo, o ile a hana keletso eo banna bao ba baholo ba ileng ba mo fa yona. Ke hobaneng ha a ne a ka etsa jwalo? Na Roboame o ne a se a entse qeto ya hore na o tla etsang mme o ne a mpa feela a batla motho ya tla dumellana le yena? Haeba ho jwalo, o ile a fumana keletso eo a neng a e batla ho metswalle eo a hotseng le yona. (1 Mar. 12:8-14) Roboame o ile a araba setjhaba ho ya ka keletso eo a e fumaneng ho metswalle eo a hotseng le yona. Diphello e ile ya eba dife? Setjhaba se ile sa arohana, mme ho tloha ka nako eo, Roboame o ile a eba le mathata ka mora mathata.—1 Mar. 12:16-19.
13. Re ka tseba jwang hore ehlile re hloka keletso ya batho ba bang?
13 Re ka ithutang mohlaleng wa Roboame? Ha re batla keletso, re lokela ho bontsha hore ehlile re a e hloka. Re ka tseba jwang hore ehlile re a e hloka? Re ka ipotsa, ‘Na ke batla keletso ebe hanghang ke e qhelela ka thoko hobane e se ntho eo ke batlang ho e utlwa?’
14. Ha re fuwa keletso, re lokela ho hopola eng? Fana ka mohlala. (Sheba setshwantsho.)
14 Ka mohlala, a re re morabo rona o fumane mosebetsi o patalang hantle. Pele a o amohela, o kopa moholo e mong keletso. Morabo rona eo o re mosebetsi o o tla hloka hore ka dibeke tse mmalwa a be hole le lelapa la hae. Moholo o hopotsa morabo rona hore ho latela melaomotheo ya Bibele, boikarabelo ba hae bo ka sehloohong ke ho hlokomela lelapa la hae moyeng. (Baef. 6:4; 1 Tim. 5:8) A re re hanghang morabo rona ha a dumellane le mantswe a moholo enwa, mme o ya ho bara ba bo rona ba bang ho ya batla keletso eo a batlang ho e utlwa. Na morabo rona ka nnete o batla keletso kapa o se a entse qeto ya seo a batlang ho se etsa, mme o batla feela motho ya ka dumellanang le yena? Re lokela ho hopola hore dipelo tsa rona di bolotsana. (Jer. 17:9) Ka dinako tse ding, keletso eo re sa thabeleng ho e utlwa ke yona eo re e hlokang.
Na ehlile re batla keletso e molemo, kapa re batla motho ya tla dumellana le rona? (Sheba serapa sa 14)
NA KE LOKELA HO KOPA BATHO BA BANG HORE BA NKETSETSE DIQETO?
15. Re lokela ho ba hlokolosi hore re se ke ra etsang, hona hobaneng?
15 Motho e mong le e mong o na le boikarabelo ba hore a iketsetse diqeto. (Bagal. 6:4, 5) Jwalo ka ha re se re ithutile, motho ya bohlale o tla batla keletso ka Lentsweng la Modimo le ho Bakreste ba hodileng moyeng pele a etsa qeto. Le ha ho le jwalo, re lokela ho ba hlokolosi hore re se ke ra kopa hore ba bang ba re etsetse diqeto. Batho ba bang ba ka nna ba botsa motho eo ba mo hlomphang ba re, “Ha o ne o le boemong ba ka, o ne o tla etsang?” Ba bang ba ka nna ba etsa diqeto tse tshwanang le tsa batho ba bang, empa ba sa nahana ka boemo ka botebo.
16. Ho ile ha hlaha boemo bofe phuthehong ya Korinthe mabapi le ho ja nama e hlabetsweng ditshwantsho, mme e ne e le boikarabelo ba mang ba ho etsa qeto ya ho ja nama eo? (1 Bakorinthe 8:7; 10:25, 26)
16 Nahana ka boemo bo ileng ba hlaha phuthehong ya Korinthe mabapi le ho ja nama e ka nna yaba e ne e hlabetswe ditshwantsho. Pauluse o ile a ngolla Bakreste bao, a re: “Re a tseba hore setshwantsho se rapelwang ha se Modimo le hore Modimo o mong feela.” (1 Bakor. 8:4) Ka lebaka la seo Pauluse a se buileng, ba bang ka phuthehong ba ile ba etsa qeto ya hore ba tla ja nama e neng e rekiswa mmarakeng, eo pejana ho neng ho ka etsahala hore ebe e ne e hlabetswe ditshwantsho. Ba bang bona ba ile ba etsa qeto ya hore ba ke ke ba ja nama eo hobane seo se ne se tla tshwenya matswalo a bona. (Bala 1 Bakorinthe 8:7; 10:25, 26.) Ena e ne e le qeto ya motho ka bomong. Pauluse ha a ka a eletsa Bakorinthe hore ba etsetse batho ba bang diqeto kapa hona hore ba etsise diqeto tsa batho ba bang. E mong le e mong wa bona o ne a “tla ikarabella ho Modimo.”—Bar. 14:10-12.
17. Ho ka etsahalang haeba re etsisa qeto eo motho e mong a e entseng? Fana ka mohlala. (Sheba ditshwantsho.)
17 Ho ka nna ha hlaha boemo bo tshwanang jwang mehleng ee? Nahana ka tshebediso ya dikarolwana tsa madi. Mokreste e mong le e mong o na le boikarabelo ba ho iketsetsa qeto ya hore na o tla amohela kapa a hane dikarolwana tsa madi.b Re ka nna ra thatafallwa ke ho utlwisisa taba ena ka ho felletseng, empa ho etsa diqeto tse kang tsena ke karolo ya mojaro oo e mong le e mong wa rona a lokelang ho o jara. (Bar. 14:4) Haeba re etsisa qeto eo motho e mong a e entseng, seo se ka fokodisa matswalo a rona. Re ka kwetlisa le ho matlafatsa matswalo a rona ha feela re a sebedisa. (Baheb. 5:14) Ka hoo, ke neng re ka batlang keletso ya Mokreste ya hodileng moyeng? Re ka e batla ka mora hore re iketsetse dipatlisiso ebile re utlwa hore re ntse re hloka thuso ya ho utlwisisa hore na melaomotheo ya Bibele e amana jwang le boemo ba rona.
Re lokela ho batla keletso ka mora hore re iketsetse dipatlisiso (Sheba serapa sa 17)
TSWELA PELE HO BATLA KELETSO
18. Ke eng seo Jehova a re etseditseng sona?
18 Jehova o bontshitse hore o re tshepa haholo ka ho re dumella hore re iketsetse diqeto. O re file Lentswe la hae, e leng Bibele. Hape o re fa metswalle e bohlale e ka re thusang hore re sebedise melaomotheo ya Bibele. O phethile boikarabelo ba hae jwalo ka Ntate wa rona. (Diprov. 3:21-23) Re ka etsang ho bontsha hore re ananela dintho tseo a re etsetsang tsona?
19. Re ka tswela pele re thabisa Jehova jwang?
19 Nahana ka taba ena: Batswadi ba rata ho bona ha bana ba bona ba hola ebile e eba bahlanka ba Jehova ba nahanelang, ba bohlale le ba thabelang ho thusa batho ba bang. Ka ho tshwanang, Jehova o a thaba ha a bona re tswela pele ho hola moyeng, ho batla keletso le ho etsa diqeto tse bontshang hore re a mo hlompha.
PINA YA 127 Ke Tshwanetse ho ba Motho wa Mofuta Ofe?
a Ka dinako tse ding, e ka ba bohlale hore Bakreste ba kope keletso ho batho ba sa sebeletseng Jehova mabapi le ditaba tse amang ditjhelete, maemo a bophelo le dintho tse ding.
b Bakeng sa dintlha tse eketsehileng, sheba buka ya O ka Thaba ka ho sa Feleng! thuto ya 39 ntlha ya 5 le karolo ya “Batla.”
c TLHALOSO YA SETSHWANTSHO: Moholo o eletsa moholommoho ya moholo ho yena mabapi le tsela eo a buileng ka yona sebokeng sa baholo.