SEHLOOHO SE ITHUTWANG SA 29
PINA YA 87 Tloong le Kgathollwe
O ka Fana ka Keletso Jwang?
“Ke tla o eletsa ke o behile leihlo.”—PES. 32:8.
NTLHAKGOLO
Re tlo bona ka moo re ka fanang ka keletso e ka thusang batho ba bang ka teng.
1. Ke mang ya lokelang ho fana ka keletso, hona hobaneng?
O IKUTLWA jwang ka ho fana ka keletso? Batho ba bang ba thabela ho fana ka keletso. Ba bang bona ba lesisitheho ho fana ka keletso, mme ba ikutlwa ba sa phutholoha ha ba fana ka yona. Ho sa tsotellehe seo, kaofela ha rona nako le nako re lokela ho fana ka keletso. Hobaneng? Hobane ke tsela e nngwe eo re bontshang hore re rata bara le baradi ba bo rona. Jesu o ile a re balatedi ba hae ba nnete ba tla tsebahala ka ho bontshana lerato. (Joh. 13:35) Hape Lentswe la Modimo le re ha re fana ka ‘kgalemelo e se nang boikaketsi,’ re tiisa setswalle sa rona le ba bang.—Diprov. 27:9.
2. Baholo ba lokela ho ba le bokgoni bofe, hona hobaneng? (Sheba lebokose le reng “Ho Fana ka Keletso Dibokeng Tsa Hara Beke.”)
2 Ka ho kgetheha, baholo ba lokela ho ba le bokgoni ba ho fana ka keletso e molemo. Jehova, a sebedisa Jesu, o file banna bana boikarabelo ba ho disa phutheho. (1 Pet. 5:2, 3) Tsela e nngwe eo ba etsang sena ka yona ke ka hore ha ba fana ka dipuo diphuthehong, ba fane ka keletso e thehilweng Bibeleng. Ba boetse ba lokela ho fa nku e nngwe le e nngwe keletso, ho akarelletsa le tse ileng tsa kgeloha mohlapeng. Ke jwang baholo, ho akarelletsa le rona, ba ka fanang ka keletso e molemo?
3. (a) Re ka ithuta ho ba moeletsi ya molemo jwang? (Esaia 9:6; sheba lebokose le reng “Etsisa Jesu ha o Fana ka Keletso.”) (b) Re tlo hlahloba eng sehloohong see?
3 Re ka ithuta ho hongata ka ho ba moeletsi ya molemo mohlaleng wa batho ba hlahang ka Bibeleng, haholoholo Jesu. E nngwe ya ditlotla tseo a di fuweng ke “Moeletsi ya Hlollang.” (Bala Esaia 9:6.) Sehloohong sena, re tlo ithuta hore na re ka etsang ha re koptjwa ho fana ka keletso le hore na re lokela ho etsang ha re fana ka keletso le hoja re sa koptjwa. Re tla boela re hlahlobe bohlokwa ba hore re fane ka keletso ka nako e nepahetseng le ka tsela e nepahetseng.
HA RE KOPTJWA HO FANA KA KELETSO
4, 5. Ha motho a re kopa hore re mo fe keletso, re lokela ho qala pele ka ho ipotsa potso efe? Fana ka mohlala.
4 Ha motho a re kopa keletso, re lokela ho qala pele ka ho etsang? Re ka thaba haholo mme ra batla ho thusa hanghang. Empa re lokela ho qala pele ka ho ipotsa, ‘Na ke a tshwaneleha ho fana ka keletso boemong boo?’ Ka dinako tse ding, tsela e molemo ka ho fetisisa ya ho thusa ke ya hore re mo lebise ho motho ya tshwanelehang bakeng sa hore a fane ka tataiso boemong boo, ho ena le hore re mo fe keletso.
5 Nahana ka mohlala ona. A re re motswalle wa hao ya haufi o qala ho kula haholo. O o bolella hore o qadile ho etsa dipatlisiso ka mefuta e fapaneng ya phekolo e ka mo thusang, mme o kopa ho utlwa maikutlo a hao hore na ke phekolo efe eo o nahanang hore e molemo. O ka nna wa ba le maikutlo a matla tabeng eo, empa ha o ngaka ebile ha o a kwetlisetswa ho sebetsana le bokudi boo. Boemong boo, tsela e molemo ka ho fetisisa eo o ka thusang motswalle wa hao ka yona, ke ho mo thusa ho fumana motho ya tshwanelehang hore a ka mo thusa.
6. Ke hobaneng ha re ka kgetha ho ema pele re fana ka keletso?
6 Le haeba re ikutlwa eka re a tshwaneleha ho fana ka keletso mabapi le taba e itseng, re ka kgetha ho ema hanyenyane pele re ka araba motho ya re kopang keletso. Hobaneng? Bibele e re ‘motho ya lokileng o a thuisa pele a araba.’ (Diprov. 15:28, nal.) Empa ho thweng haeba re nahana hore re tseba karabo? Le teng re ka nka nako e itseng re etsa dipatlisiso, re rapela le ho thuisa. Jwale re ka kgodiseha haholwanyane hore karabo ya rona e tumellanong le maikutlo a Jehova mabapi le taba eo. Nahana ka mohlala wa moprofeta Nathane.
7. O ithuta eng mohlaleng wa moprofeta Nathane?
7 Ha Morena Davida a bua le moprofeta Nathane, o ile a re o batla ho hahela Jehova tempele. Hanghang, Nathane o ile a mo eletsa hore a etse jwalo. Empa Nathane a ka be a ile a ema hanyenyane pele e le hore a ka botsa Jehova. Hobaneng? Hobane Jehova o ne a sa batle hore Davida a hahe tempele. (1 Dikron. 17:1-4) Jwalo ka ha mohlala ona o bontsha, ha re koptjwa ho fana ka keletso, re tla be re bontsha hore re bohlale haeba re ‘dieha ho bua’ e leng hore re nahanisise pele re ka fana ka keletso.—Jak. 1:19.
8. Ke lebaka lefe le leng leo ka lona re lokelang ho ba hlokolosi ha re fana ka keletso?
8 Nahana ka lebaka le leng leo ka lona re lokelang ho ba hlokolosi ha re fa motho keletso. Haeba re fa motho keletso e tla mo susumetsa hore a etse qeto e fosahetseng e ka tlisang ditlamorao tse bohloko, le rona re ka ikarabella ka tsela e itseng. Ka nnete re na le lebaka la bohlokwa haholo la hore re nahane ka hloko pele re fana ka keletso.
HA RE LOKELA HO FANA KA KELETSO LE HOJA RE SA KOPTJWA
9. Pele baholo ba fana ka keletso, ba lokela ho kgodiseha ka eng? (Bagalata 6:1)
9 Nako le nako, baholo ba lokela ho nka kgato ho fa mora kapa moradi wa bo rona keletso haeba a entse “ntho e fosahetseng.” (Bala Bagalata 6:1.) Motho a ka nna a etsa diqeto tse seng bohlale, tseo ha morao di ka etsang hore a qetelle a entse sebe se tebileng. Sepheo sa baholo ke ho thusa motho eo hore a dule a le tseleng e isang bophelong bo sa feleng. (Jak. 5:19, 20) Le ha ho le jwalo, baholo ba lokela ho qala pele ka ho etsa bonnete ba hore motho eo o entse ntho e fosahetseng, e le hore keletso ya bona e atlehe. Jehova o re dumella hore re etse diqeto re itshetlehile ka matswalo a rona. (Bar. 14:1-4) Jwale ho thweng haeba ka nnete morabo rona a entse ntho e fosahetseng, mme baholo ba etsa qeto ya hore ba lokela ho nka kgato ho fa motho eo keletso?
10-12. Baholo ba lokela ho etsang ha ba fana ka keletso e sa koptjwang? Fana ka mohlala. (Sheba ditshwantsho.)
10 Ha ho bonolo hore baholo ba fane ka keletso eo motho a sa e kopang. Hobaneng? Moapostola Pauluse o ile a re motho a ka etsa ntho e fosahetseng a sa hlokomele. Ka hoo, ha baholo ba mo fa keletso a ka nna a se ke a utlwisisa hore na ke hobaneng ha ba mo fa keletso eo. Ka hona, ba lokela ho qala pele ka ho thapisa pelo ya motho eo e le hore a amohele keletso.
11 Ho fana ka keletso e sa koptjwang ho ka tshwana le ho leka ho hodisa dimela mobung o thata. Pele sehwai se jala, se phethola mobu. Sena se nolofatsa le ho lokisa mobu. Jwale ebe ka mora moo se jala peo. Qetellong, se a e nosetsa hore e hole. Ka tsela e tshwanang, pele moholo a fana ka keletso e sa koptjwang, o tla be a etsa hantle ha ka tsela ya tshwantshetso a qala pele ka ho lokisa mobu. Ka mohlala, ka nako e loketseng hore ba bue, o kgodisa morabo rona hore o fela a mo batlela se molemo. Haeba motho ya fanang ka keletso a tsebahala a le mosa a bile a le lerato, ho tla ba bonolo hore ba bang ba mamele keletso ya hae.
12 Nakong eo ba ntseng ba buisana, moholo a ka tswela pele a nolofatsa mobu ka hore a hlokomedise motho eo a buang le yena hore kaofela ha rona re etsa diphoso, mme nako le nako re hloka ho eletswa. (Bar. 3:23) Moholo o mo bontsha ka ho hlaka ntho e fosahetseng eo a e entseng, a sebedisa Mangolo le ho bua le yena ka lentswe le bonolo le ka ho mo hlompha haholo. Hang ha morabo rona a hlokomela hore o entse phoso, moholo o “jala peo” ka hore a mo hlalosetse ka mantswe a bonolo seo a lokelang ho se etsa e le hore a lokise phoso ya hae. Qetellong, moholo o “nosetsa” peo ka hore a babatse morabo rona ho tswa pelong le ho rapela le yena.—Jak. 5:15.
Re hloka ho ba le lerato le boiphihlelo ha re fana ka keletso e sa koptjwang (Sheba serapa sa 10-12)
13. Baholo ba etsang ho netefatsa hore motho ya fuwang keletso o a e utlwisisa?
13 Ka dinako tse ding, ho ka etsahala hore seo motho ya fanang ka keletso a se buang se fapane hole le seo motho ya fuwang keletso a se utlwang. Baholo ba ka etsang ho qoba hore see se etsahale? Ba ka etsa hore motho eo a utlwisise dintlha tsa bohlokwa ka hore ba mo botse dipotso ka bohlale le ka tlhompho. (Moek. 12:11) Dikarabo tsa motho ya fuwang keletso di tla thusa motho ya fanang ka keletso hore a etse bonnete ba hore motho enwa o utlwisisa keletso eo a e fuwang.
HO FANA KA KELETSO KA NAKO E NEPAHETSENG LE KA TSELA E NEPAHETSENG
14. Ke hobaneng ha re sa lokela ho fana ka keletso ha re halefile?
14 Kaofela ha rona ha re a phethahala, ka hoo re tla bua le ho etsa dintho tse tla utlwisa batho ba bang bohloko. (Bakol. 3:13) Lentswe la Modimo le re bolella hore ka dinako tse ding re ka nna ra halefisa batho ba bang. (Baef. 4:26) Empa re lokela ho qoba boikutlo ba ho batla ho fana ka keletso ha re halefile. Hobaneng? “Hobane ha motho a halefile ha a etse dintho tse lokileng mahlong a Modimo.” (Jak. 1:20) Haeba re fana ka keletso nakong eo re halefileng, re ka nna ra mpefatsa boemo le ho feta. Empa sena ha se bolele hore ha re a lokela ho bolella motho ya re halefisitseng tsela eo re ikutlwang ka yona. Le ha ho le jwalo, re tla kgona ho bua le motho enwa ka tsela e atlehileng haeba re emela hore maikutlo a rona a theohe. Hlokomela mohlala o motle wa moeletsi ya tshepahalang wa Jobo, e leng Elihu.
15. Re ithuta eng mohlaleng wa Elihu? (Sheba setshwantsho.)
15 Elihu o ile a qeta matsatsi a mametse Jobo ha a ntse a ipuella diqosong tsa metswalle ya hae ya bohata. Elihu o ile a qenehela Jobo. Empa o ile a boela a loloma ke bohale hobane Jobo o ne a inahanne boyena feela a bile a buile dintho tseo eseng nnete ka Jehova. Le ha ho le jwalo, Elihu o ile a emela nako ya hae ya ho bua mme o ile a bua ka tsela e bonolo le e hlomphang haholo ha a eletsa Jobo. (Jobo 32:2; 33:1-7) Mohlala wa Elihu o re ruta thuto ya bohlokwa ya hore ho molemo ho fana ka keletso ka nako e nepahetseng le ka tsela e nepahetseng ebile e le ka tlhompho le lerato.—Moek. 3:1, 7.
Le hoja pejana Elihu a ile a loloma ke bohale, o ile a fana ka keletso ka bonolo le ka tlhompho e tebileng (Sheba serapa sa 15)
TSWELA PELE HO FANA KA KELETSO LE HO E AMOHELA
16. Ke thuto efe eo o ithutang yona ho Pesaleme ya 32:8?
16 Lengolo la sehlooho sehloohong sena le re ‘Jehova o tla re eletsa a re behile leihlo.’ (Bala Pesaleme ya 32:8.) Sena se bolela hore o tla tswela pele a re tshehetsa. Ha a fane ka keletso feela empa o boetse o a re thusa hore na re e sebedise jwang. Ka nnete ona ke mohlala o motle oo re lokelang ho o etsisa! Ha re ena le monyetla wa ho eletsa batho ba bang, e se eka re ka etsisa Jehova ka ho dula re ba kgothatsa le ho ba tshehetsa ka hohle ka moo re ka kgonang ka teng hore ba atlehe.
17. Ha baholo ba fana ka keletso e tobileng le e thehilweng Bibeleng, ba tshwana le eng? Hlalosa. (Esaia 32:1, 2)
17 Hona jwale ho feta le ha e le neng pele, re hloka ho fana le ho amohela keletso e molemo. (2 Tim. 3:1) Baholo ba fanang ka keletso e tobileng, e thehilweng Bibeleng ba “jwalo ka melapo ya metsi naheng e se nang metsi.” (Bala Esaia 32:1, 2.) Metswalle e tsebang seo re batlang ho se utlwa empa e re bolella seo re hlokang ho se utlwa ke dimpho tsa bohlokwa “jwalo ka diapole tsa kgauta ka dijaneng tsa silevera.” (Diprov. 25:11) E se eka kaofela ha rona re ka tswela pele re ithuta hore na ke jwang re ka fanang le ho amohela keletso e molemo.
PINA YA 109 Ratanang ho Tswa Pelong