DINTHO TSE KA O THUSANG HA O ITHUTA
Ikemisetse ho Arolelana le ba Bang Seo o Ithutileng Sona
Ho ithuta ho a kgatholla empa ho arolelana le ba bang dintlha tse kgothatsang tseo re ithutileng tsona ho kgatholla le ho feta. Diproverbia 11:25 e re: “Ya kgathollang ba bang le yena o tla kgathollwa.”
Ha re bolella ba bang dintho tseo re ithutileng tsona, re kgona ho di utlwisisa haholwanyane ebile re kgona ho di hopola habonolo. Ka ha dintlha tseo di thusa batho ba bang, re thabela ho ba bolella tsona.—Dik. 20:35.
Leka sena: Bekeng e tlang, leka ho bolella motho e mong seo o ithutileng sona. E ka ba e mong wa lelapa, motho e mong ka phuthehong, motho eo o kenang sekolo le yena, mosebetsimmoho, moahisani kapa motho eo o tla kopana le yena tshimong. Leka ho mo hlalosetsa ka tsela e bonolo le e hlakileng o sebedisa mantswe a hao.
Hopola: Bolella ba bang ka seo o ithutileng sona e le ho ba kgothatsa eseng hobane o batla ho ba kgahlisa.—1 Bakor. 8:1.