LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • w25 October maq. 18-23
  • O ka Ntlafatsa Dithapelo Tsa Hao Jwang?

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • O ka Ntlafatsa Dithapelo Tsa Hao Jwang?
  • Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2025
  • Dihloohwana
  • Dintlha tse Ding
  • O SE KE WA TSHABA HO RAPELA JEHOVA
  • O KA ETSANG E LE HORE DITHAPELO TSA HAO DI BE MATLA?
  • NAHANISISA KA DITHAPELO TSE TLALEHILWENG KA BIBELENG
  • DULA O ATAMELA HAUFI LE JEHOVA KA THAPELO
  • Hopola ho Rapella Batho ba Bang
    Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2025
  • Thapelo e ka o Thusa ho ba Motswalle wa Modimo
    O ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
  • Jehova “o Fodisa Bao Dipelo Tsa Bona di Utlwileng Bohloko”
    Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2024
  • O ka Ntlafatsa Dithapelo Tsa Hao Jwang?
    Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2023
Tse Ding
Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2025
w25 October maq. 18-23

SEHLOOHO SE ITHUTWANG SA 42

PINA YA 44 Thapelo ya Motho ya Nyahameng

O ka Ntlafatsa Dithapelo Tsa Hao Jwang?

“ Nkarabe hle Jehova hobane ke o bitsa ka pelo ya ka yohle.”—PES. 119:145.

NTLHAKGOLO

Ho nahanisisa ka dithapelo tse tlalehilweng ka Bibeleng ho ka re thusa hore re ntlafatse dithapelo tsa rona.

1, 2. (a) Ke eng e ka re sitisang hore re phetlele Jehova sefuba ha re rapela? (b) Ke hobaneng ha Jehova a mamela dithapelo tsa rona ka hloko?

NA KA dinako tse ding ha o rapela, o ye o utlwe eka o phetapheta dintho tse tshwanang, ha o bolelle Jehova tsela eo o hlileng o ikutlwang ka yona kapa o se o rapela e le hona ho phetha molao? Haeba ho jwalo, ha o mong. Ka ha re phathahane bophelong, ha o rapela o ka etsa hlahlafethe mosebetsi ha o etsetswe makgethe. Kapa re ka nna ra thatafallwa ke ho phetlela Jehova sefuba hobane re utlwa re sa tshwanelehe ho mo rapela.

2 Bibele e a re tiisetsa hore ntho ya bohlokwa ho Jehova ke ho mo rapela ho tswa pelong re ikokobeditse, eseng ho ba dikgeleke. O utlwa “dikopo tsa ba bonolo.” (Pes. 10:17) O mamela ka hloko ntho e nngwe le e nngwe eo re e buang hobane o re tsotella e le ka nnete.—Pes. 139:​1-3.

3. Re tlo hlahloba dipotso dife sehloohong see?

3 Ka hoo, re ka nna ra ipotsa: Ke hobaneng ha re sa lokela ho tshaba ho rapela Jehova? Re ka etsang e le hore dithapelo tsa rona di be matla? Ho nahanisisa ka dithapelo tse tlalehilweng ka Bibeleng ho ka re thusa jwang hore re ntlafatse dithapelo tsa rona? Re ka etsang haeba re tshwenyehile hoo re sa tsebeng hore na re ka reng ha re rapela? A re hlahlobeng dikarabo tsa dipotso tsena.

O SE KE WA TSHABA HO RAPELA JEHOVA

4. Ke eng e ka re thusang hore re se ke ra tshaba ho rapela Jehova? (Pesaleme ya 119:145)

4 Ha re utlwisisa hore Jehova ke motswalle ya tshepahalang ya batlang hore re atlehe, re tla hlokomela hore ha re a lokela ho tshaba ho mo rapela. Mongodi wa Pesaleme ya 119 o ile a leka ho nka Jehova ka tsela e tshwanang. Ha se hore bophelo ba hae bo ne bo se na mathata. Batho ba bang ba ile ba bua mashano ka yena. (Pes. 119:​23, 69, 78) O ne a boetse a lokela ho sebetsana le ho se phethahale ha hae. (Pes. 119:5) Ho ntse ho le jwalo, o ne a sa tshabe ho phetlela Jehova sefuba.—Bala Pesaleme ya 119:145.

5. Ke hobaneng ha re sa lokela ho dumella letho hore le re sitise ho rapela? Etsa mohlala.

5 Jehova o batla hore batho ba entseng diphoso tse tebileng le bona ba mo rapele. (Esa. 55:​6, 7) Ka hoo, ha re a lokela ho dumella letho hore le re sitise ho rapela. Ka mohlala, motsamaisi wa sefofane o a tseba hore a ka buisana le batho ba laolang sephethephethe moyeng haeba a hloka thuso. Na o lokela ho ba leqe ho buisana le bona hobane feela a swabela taba ya hore o lahlehile kapa o entse phoso? Ha ho jwalo! Ka tsela e tshwanang, le haeba ka dinako tse ding re entse sebe kapa re ikutlwa re lahlehile, ha re a lokela ho tshaba ho rapela Jehova.—Pes. 119:​25, 176.

O KA ETSANG E LE HORE DITHAPELO TSA HAO DI BE MATLA?

6, 7. Ho nahanisisa ka makgabane a Jehova ho ka re thusa jwang e le hore dithapelo tsa rona di be matla? Fana ka mohlala. (Sheba naletsana.)

6 Ha re bua le Jehova ka bolokolohi, re mo bolella menahano ya rona le tsela eo re hlileng re ikutlwang ka yona, dithapelo tsa rona di tla ba matla. Ka hoo, ke eng e ka re thusang hore re ntlafatse dithapelo tsa rona e le hore di be matla?

7 Nahanisisa ka makgabane a Jehova.a Ha o nahanisisa ka makgabane a Jehova, o tla kgona ho mo bolella tsela eo o ikutlwang ka yona ha bonolo. (Pes. 145:​8, 9, 18) Nahana ka mohlala wa Moradi wa bo rona Kristine, eo ntate wa hae a neng a rata ntwa. O re: “Ho bua le Jehova jwalo ka Ntate ho ne ho se bonolo. Ke ne ke utlwa eka mefokolo ya ka e tla etsa hore a ntahle.” O ile a thuswa keng? O re: “Lerato le tshepahalang la Jehova le ile la nkgodisa hore o a nthata. Ke a tseba hore a ke ke a ntahla, o tla dula a ntshwere ka letsoho. Le ha nka wa, o tla mphahamisa ka lerato. Sena se nthusa hore ke mo bolelle dintho tse nthabisang le tse nkutlwisang bohloko.”

8, 9. Re rua melemo efe ha re nahana ka dintho tseo re batlang ho di bolella Jehova pele re rapela? Etsa mohlala.

8 Nahana ka seo o tlo se bua. Pele o rapela, o ka nna wa ipotsa dipotso tse mmalwa. Ka mohlala: ‘Ke mathata afe ka ho kgetheha ao ke tobaneng le ona hona jwale? Na ho na le motho eo ke lokelang ho mo tshwarela? Na ke tobane le bothata bo botjha boo ke hlokang thuso ya Jehova e le hore ke bo hlole?’ (2 Mar. 19:​15-19) Re ka boela ra latela mohlala oo Jesu a re behetseng wona ka ho nahana ka hore na re ka reng ha re rapela Jehova mabapi le lebitso la hae, Mmuso wa hae le thato ya hae.—Mat. 6:​9, 10.

9 Ha Moradi wa bo rona Aliska a utlwa hore monna wa hae o na le kankere ya boko e sa phekoleheng, ho ne ho se bonolo hore a rapele. O re: “Ke ne ke tshwenyehile hoo ke neng ke sitwa ho nahana hore na ke tlo reng ha ke rapela.” O ile a thuswa ke eng? O re: “Pele ke rapela, ke nahana ka hore na ke tlo reng ho Jehova e le hore ke se ke ka rapella nna le monna wa ka feela. Ho etsa jwalo, ho nthusitse hore ke kgobe matshwafo le hore ke kgone ho rapella dintho tse fapaneng.”

10. Ke hobaneng ha re lokela ho leka ho rapela re sa tata? (Sheba ditshwantsho.)

10 O se ke wa rapela o tatile. Le hoja dithapelo tse kgutshwanyane di ka ba matla, re kgona ho hlalosa tsela eo re ikutlwang ka yona hantle ha re rapela re sa tata.b Monna wa Moradi wa bo rona Aliska, e leng Elijah, o re: “Ke leka ho rapela ka makgetlo a mangata ka letsatsi, mme ho rapela ke sa tata ho entse hore ke atamele haufi le Jehova. Ha ke rapela, Jehova ha a ipotse hore na ke tla qeta neng, ka hoo ke rapela ke iketlile.” Leka sena: Batla sebaka le nako e ka o dumellang hore o rapele mohlomong ka lentswe le phahameng ho se na dintho tse o sitisang, mme o itlwaetse ho rapela o sa tata.

Ditshwantsho: 1. Pele letsatsi le tjhaba, morabo rona o dutse tafoleng o nwa kofi ha a ntse a thuisa, Bibele ya hae e butsweng e tafoleng. 2. Ka mora hore letsatsi le tjhabe, o ntse a dutse tafoleng mme o rapela a sa tata.

Batla sebaka le nako e tla o dumella hore o rapele o sa tata (Sheba serapa sa 10)


NAHANISISA KA DITHAPELO TSE TLALEHILWENG KA BIBELENG

11. Ho nahanisisa ka dithapelo tse tlalehilweng ka Bibeleng ho ka re thusa jwang? (Sheba lebokose le reng “Na o Ikutlwa ka Tsela e Tshwanang le ya Bona?”)

11 Ho nahanisisa ka dithapelo, dipina kapa dipesaleme tse tlalehilweng ka Bibeleng ho ka o thusa. Ha o ntse o nahana ka ka moo bahlanka ba Modimo ba ileng ba hlalosa tsela eo ba ikutlwang ka yona ka teng, o ka nna wa susumelletseha hore o phetlele Jehova sefuba ha o rapela. O ka boela wa fumana dipolelwana tse ntjha tsa thoriso tseo o ka di sebedisang ha o rapela. Hape o ka nna wa fumana dithapelo tseo bahlanka ba Jehova ba ileng ba di etsa ha ba tobane le maemo a tshwanang le a hao.

Na o Ikutlwa ka Tsela e Tshwanang le ya Bona?

Bahlanka ba Modimo ba tshepahalang ba ile ba phetlela Jehova sefuba ha ba ne ba le maemong a fapaneng. Na o ikutlwa ka tsela e tshwanang le ya bona?

  • Ha Jakobo a ne a tshohile, ha a ka a bolella Jehova feela hore o tshohile empa o ile a boela a mo leboha le ho mo bolella hore o a mo tshepa.—Gen. 32:​9-12.

  • Ha Morena Solomone a ne a le monyenyane a bile a se na boiphihlelo ba ho etsa mosebetsi oo Modimo a mo fileng wona, o ile a kopa Jehova hore a mo thuse.—1 Mar. 3:​7-9.

  • Ka mora hore Davida a etse sebe le Bathe-sheba, o ile a kopa Jehova hore a ‘hlwekise pelo ya hae.’—Pes. 51:​9-12.

  • Ha Maria a fuwa kabelo e ntjha, o ile a rorisa Jehova.—Luka 1:​46-49.

Etsa dipatlisiso: Bala thapelo ya e mong wa bahlanka ba Jehova ba tshepahalang ebe o a ipotsa: ‘O ile a reng ho Jehova, hona o ile a bua jwang?’ Ka mora moo, ipotse: ‘Jehova o ile a arabela thapelo ya hae jwang?’ Sebedisa dintho tseo o ithutileng tsona thapelong eo.

12. Re ka ipotsa dipotso dife ha re ntse re nahanisisa ka dintlha tsa thapelo e tlalehilweng ka Bibeleng?

12 Ha o ntse o nahanisisa ka dintlha tsa thapelo e tlalehilweng ka Bibeleng, ipotse: ‘Ke mang ya buileng mantswe aa, hona o a buile a le maemong afe? Na ke ikutlwa ka tsela eo a neng a ikutlwa ka yona ha a etsa thapelo ee? Nka ithuta eng thapelong ee?’ O ka nna wa lokela ho etsa dipatlisiso tse eketsehileng e le hore o fumane dikarabo tsa dipotso tsena, empa tseba hore boiteko ba hao ha se ba lefeela. A re hlahlobeng mehlala e latelang.

13. Re ka ithuta eng ka thapelo mohlaleng wa Anna? (1 Samuele 1:​10, 11) (Sheba setshwantsho.)

13 Bala 1 Samuele 1:​10, 11. Ha Anna a ne a etsa thapelo ena, o ne a tobane le mathata a mabedi a maholo. O ne a sa kgone ho ba le bana, hape mosadi e mong wa monna wa hae o ne a mo sulafalletsa bophelo. (1 Sam. 1:​4-7) Haeba o tobane le bothata bo sa yeng moriting, o ka ithuta eng thapelong ya Anna? O ile a imoloha ka mora hore a rapele Jehova a iketlile a bile a mo phetlela sefuba. (1 Sam. 1:12, 18) Le rona re ka imoloha ha re “lahlela morwalo wa [rona] ho Jehova” ka hore re mo hlalosetse hore na re ikutlwa jwang ka bothata bo bong le bo bong boo re tobanang le bona.—Pes. 55:22.

Ditshwantsho: 1. Anna o sheba kwana a ntse a lla ha Elkana a ntse a bapala le bana ba hae ba babedi. 2. Penina o bososela a nkile ngwana wa hae ya sa tswa hlaha. 3. Anna o a lla ha a ntse a rapela ka matla. 4. Moprista ya Phahameng Eli o dutse a phuthile matsoho, o shebile Anna a halefile.

Ha Anna a ne a sa kgone ho ba le bana le ha mosadi e mong wa monna wa hae a dula a mo sulafalletsa bophelo, o ile a tshollela pelo ya hae ho Jehova (Sheba serapa sa 13)


14. (a) Re ka ithuta eng hape mohlaleng wa Anna? (b) Ho bala le ho nahanisisa ka Lentswe la Modimo ho ka re thusa ho ntlafatsa dithapelo tsa rona jwang? (Sheba naletsana.)

14 Dilemo tse seng kae ka mora hore mora wa Anna e leng Samuele a hlahe, o ile a mo tlisa ho Moprista ya Phahameng Eli. (1 Sam. 1:​24-28) Ha a rapela, o ile a bolella Jehova hore o ananela tsela eo a sireletsang le ho hlokomela bahlanka ba hae ba tshepahalang ka yona.c (1 Sam. 2:​1, 8, 9) Anna o ne a ntse a ena le mathata, empa ho ena le hore a nahane ka mathata a hae feela, o ile a nahana ka tsela eo Jehova a mo hlohonolofaditseng ka yona. Re ithutang? Re tla kgona ho mamella mathata a sa yeng moriting haeba re nahana ka ka moo Jehova esale a re tshehetsa ka teng ho fihlela hona jwale.

15. Re ka ithuta eng thapelong ya moprofeta Jeremia ha re tshwarwa ka ho hloka toka? (Jeremia 12:1)

15 Bala Jeremia 12:1. Ho na le nako eo moprofeta Jeremia a neng a tshwenyeha ha a bona batho ba kgopo ba atleha. O ne a boetse a nyahamiswa ke tsela eo Baiseraelemmoho le yena ba neng ba mo tshwara ka yona. (Jer. 20:​7, 8) Re ikutlwa ka tsela eo a neng a ikutlwa ka yona ha re bona batho ba sa tshepahaleng ba atleha kapa ha re songwa. Le hoja Jeremia a ile a bolella Modimo tsela eo a ikutlwang ka yona, ha a ka a belaella toka ya Modimo. Ha a bona tsela eo Jehova a ileng a kgalemela batho ba hae ba sa mameleng ka yona, o ile a kgodiseha le ho feta hore Jehova ke Modimo ya nang le toka. (Jer. 32:19) Le rona re ka bolella Jehova maikutlo a rona ha re rapela, re tshepile hore ka nako e loketseng o tla lokisa ho hloka toka hoo re tobanang le hona.

16. Re ka ithuta eng mohlaleng wa Molevi ya neng a le botlamuweng haeba maemo a rona a sa re dumelle ho etsa dintho tse itseng? (Pesaleme ya 42:​1-4) (Sheba ditshwantsho.)

16 Bala Pesaleme ya 42:​1-4. Pina ena e ngotswe ke Molevi ya neng a le botlamuweng a sa kgone ho ya tempeleng ho yo rapela le Baiseraelemmoho le yena. Pesaleme ena ya hae e bontsha tsela eo a neng a ikutlwa ka yona. Re ka kgona ho utlwisisa tsela eo a neng a ikutlwa ka yona haeba le rona re sa kgone ho tloha hae hobane re kula kapa re tshwerwe ka lebaka la tumelo ya rona. Maikutlo a rona a ka fetofetoha, empa re tla be re etsa hantle haeba re bolella Jehova tsela eo re ikutlwang ka yona. Ho etsa jwalo ho ka re thusa hore re utlwisise haholwanyane hore na re ikutlwa jwang le hore re kgone ho sheba boemo ba rona ka tsela e fapaneng. Ka mohlala, Molevi o ile a hlokomela hore o na le ditsela tse ding tseo a ka rorisang Jehova ka tsona. (Pes. 42:5) O ile a boela a nahanisisa ka ka moo Jehova a mo hlokomelang ka teng. (Pes. 42:8) Ho rapela Modimo ka tiyo ho ka re thusa hore re utlwisise haholwanyane hore na ke hobaneng ha re ikutlwa ka tsela eo re ikutlwang ka yona, ha etsa hore re be le kgotso ha ba ha re matlafatsa e le hore re ka mamella.

Ditshwantsho: 1. Molevi o rapela ka matla a le lefeelleng. 2. Morabo rona o dutse betheng ya sepetlele mme o rapela a butse Bibele a e behileng diropeng.

Molevi ya ngotseng Pesaleme ya 42 o ile a tshollela pelo ya hae ho Modimo. Ha re bolella Jehova ka moo re ikutlwang ka teng, seo se tla re thusa hore re shebe maemo a rona ka tsela e fapaneng (Sheba serapa sa 16)


17. (a) Re ka ithuta eng thapelong ya moprofeta Jonase? (Jonase 2:​1, 2) (b) Dipolelo tse ding tse hlahang Dipesalemeng di ka re thusa jwang ha re ena le mathata? (Sheba naletsana.)

17 Bala Jonase 2:​1, 2. Moprofeta Jonase o ile a etsa thapelo ena a le ka mpeng ya tlhapi e kgolo. Le hoja a ne a sa ka a mamela Jehova, Jonase o ne a kgodisehile hore Modimo o tla mo utlwa. Thapelong ya hae e matla, o ile a sebedisa dipolelo tse ngata tse hlahang Dipesalemeng.d E tlameha ebe o ne a tseba dipesaleme tseo hantle. Ho nahanisisa ka tsona, ho ile ha etsa hore a kgodisehe hore Jehova o tla mo thusa. Ka ho tshwanang, haeba re leka ho tshwara ditemana tse ding tsa Bibele ka hlooho, re ka di hopola mme tsa re kgothatsa nakong eo re rapelang Jehova ha re ena le mathata.

DULA O ATAMELA HAUFI LE JEHOVA KA THAPELO

18, 19. Haeba re sa tsebe hore na re reng ha re rapela, ke kgodiseho efe eo re e fumanang ho Baroma 8:​26, 27? Fana ka mohlala.

18 Bala Baroma 8:​26, 27. Ka dinako tse ding, re ka nna ra tshwenyeha hoo re sa tsebeng hore na re reng ha re rapela. Empa moya o halalelang o ka re thusa. Ka dinako tse jwalo, moya o halalelang “o a re buella.” Jwang? Jehova o ile a sebedisa moya o halalelang ho susumetsa bangodi ba Bibele hore ba ngole dithapelo tse ngata ka Lentsweng la hae. Ha re sa tsebe hore na re reng ha re rapela, Jehova a ka amohela dipolelwana tse ding tse hlahang dithapelong tseo e le dintho tseo re batlang ho mo kopa tsona, ebe o a di araba.

19 Taba ena e ile ya thusa Moradi wa bo rona Yelena wa Russia. O ile a tshwarwa hobane a ne a rapela le ho bala Bibele. O ne a imetswe hoo a neng a sitwa le ho rapela. O re: “Ke ile ka hopola hore ha ke tshwenyehile hoo ke sa tsebeng hore na ke rapelle eng, Jehova o tla amohela dithapelo tsa bahlanka ba hae ba kgale tse tlalehilweng ka Bibeleng . . . jwalo ka ha eka ke dithapelo tseo ke neng ke batla ho di etsa. . . . Sena se ile sa nkgothatsa nakong eo e thata haholo.”

20. Re ka lokisa dikelello tsa rona jwang pele re rapela ha re imetswe?

20 Ha re imetswe, ho ka ba thata hore re tsepamise mohopolo ha re rapela. Re ka lokisa dikelello tsa rona ka hore re mamele Dipesaleme tse rekotilweng. Re ka boela ra ngola tsela eo re ikutlwang ka yona fatshe jwalo ka ha Morena Davida a ile a etsa. (Pes. 18, 34, 142; sehloohwana.) Ke nnete hore ha ho na melao ya hore na re lokela ho lokisa dikelello tsa rona jwang pele re rapela. (Pes. 141:2) Etsa se o sebeletsang.

21. Ke hobaneng ha re lokela ho rapela ka pelo yohle?

21 Ho a thabisa ho tseba hore Jehova o utlwisisa tsela eo re ikutlwang ka yona le pele re mo bolella. (Pes. 139:4) Le ha ho le jwalo, o thabela ho utlwa hore na re ikutlwa jwang le ho bona hore na re mo tshepa hakae. Ka hoo, o se ke wa tsilatsila ho rapela Ntate wa hao ya lehodimong. Sebedisa dipolelo tse hlahang dithapelong tse tlalehilweng ka Lentsweng la hae. Mo rapele ka pelo ya hao yohle. Mo bolelle dintho tse o thabisang le tse o utlwisang bohloko. Jehova o tla dula a ena le wena jwalo ka Motswalle wa hao wa hlooho ya kgomo!

O KA RENG?

  • Keng e ka o thusang hore o phetlele Jehova sefuba ha o rapela?

  • Re ka etsang e le hore dithapelo tsa rona di be matla?

  • Ho nahanisisa ka dithapelo tse tlalehilweng ka Bibeleng, ho ka o thusa jwang?

PINA YA 45 Dintho Tseo ke Nahanisisang ka Tsona

a Sheba “Ditsela tse ding tseo Jehova a hlaloswang ka tsona” tlasa sehlooho “Jehova” bukeng ya Ditemana Tsa Bibele Tse Thusang Bakreste

b Hangata dithapelo tse etswang dibokeng di kgutshwanyane.

c Ha Anna a ntse a rapela, o ile a sebedisa dipolelo tse hlahang mangolong a Moshe. Ho hlakile hore o ne a ipha nako ya ho nahanisisa ka mangolo. (Deut. 4:35; 8:18; 32:​4, 39; 1 Sam. 2:​2, 6, 7) Dilemo ha morao, Maria mme wa Jesu, o ile a rorisa Jehova a sebedisa mantswe a tshwanang le ao Anna a ileng a a sebedisa.—Luka 1:​46-55.

d Ka mohlala, bapisa Jonase 2:​3-9 le Pesaleme ya 69:1; 16:10; 30:3; 142:​2, 3; 143:​4, 5; 18:6; le 3:8. Jonase o ile a sebedisa mantswe a hlahang ditemaneng tsena ka tatellano ya tsona.

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share