LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • w25 October maq. 24-29
  • Hopola ho Rapella Batho ba Bang

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • Hopola ho Rapella Batho ba Bang
  • Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2025
  • Dihloohwana
  • Dintlha tse Ding
  • KE HOBANENG HA O LOKELA HO RAPELLA BATHO BA BANG?
  • BA HLOKA HORE RE BA RAPELLE
  • HA O RAPELLA MOTHO KA MONG
  • RE LOKELA HO BA LE PONO E NEPAHETSENG KA DITHAPELO TSA RONA
  • Thapelo e ka o Thusa ho ba Motswalle wa Modimo
    O ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
  • O ka Ntlafatsa Dithapelo Tsa Hao Jwang?
    Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2025
  • Bibele e re Rutang ka Thapelo?
    Bibele e re Rutang?
  • Ananela Mpho ya Thapelo
    Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2022
Tse Ding
Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2025
w25 October maq. 24-29

SEHLOOHO SE ITHUTWANG SA 43

PINA YA 41 Ka Kopo, Utlwa Thapelo ya ka

Hopola ho Rapella Batho ba Bang

“ Le rapellane . . . Thapedi ya motho ya lokileng e matla haholo.”—JAK. 5:16.

NTLHAKGOLO

Bohlokwa ba ho rapella batho ba bang le hore na re ka etsa seo jwang.

1. Re tseba jwang hore dithapelo tsa rona di bohlokwa ho Jehova?

THAPELO ke mpho e babatsehang. Nahana ka sena: Jehova o file mangeloi mesebetsi e fapafapaneng. (Pes. 91:11) O boetse o file le Mora wa hae mesebetsi ya bohlokwa haholo. (Mat. 28:18) Le ha ho le jwalo, na o file motho e mong mosebetsi wa ho mamela dithapelo tsa rona? Tjhe, ke mosebetsi oo Jehova a kgethang ho iketsetsa wona. Jehova “Ya Utlwang thapelo,” ke yena ya mamelang dithapelo tsa rona ka boyena.—Pes. 65:2.

2. Moapostola Pauluse o re behetse mohlala wa ho rapella batho ba bang ka ditsela dife?

2 Le hoja re ka rapela Jehova ka bolokolohi ka mathata a rona, re boetse re lokela ho rapella batho ba bang. Moapostola Pauluse o ile a etsa sona seo. Ka mohlala, o ile a ngolla phutheho ya Efese, a re: “Ke dula ke le rapella.” (Baef. 1:16) Pauluse o ne a boetse a rapella batho ka bomong. Ka mohlala, o ile a re ho Timothea: “Ke leboha Modimo . . . Ha ke o lebale ha ke etsa dithapelo tse matla bosiu le motshehare.” (2 Tim. 1:3) Pauluse o ne a ena le mathata a hae ao a neng a ka a rapella. (2 Bakor. 11:23; 12:​7, 8) Le ha ho le jwalo, o ne a ipha nako ya ho rapella batho ba bang.

3. Ke hobaneng ha re ka nna ra lebala ho rapella batho ba bang?

3 Ka dinako tse ding re ka lebala ho rapella batho ba bang. Hobaneng? Ha Moradi wa bo rona Sabrinaa a hlalosa lebaka le leng, o re: “Bophelo bo maphathaphathe. Re ka nahana haholo ka mathata a rona hoo re ka rapellang ditlhoko tsa rona feela.” Na le wena o ye o etsahallwe ke ntho e tshwanang? Haeba ho jwalo, sehlooho sena se tlo o thusa. Se tlo (1) hlalosa hore na ke hobaneng ha ho le bohlokwa ho rapella batho ba bang le (2) ho fana ka ditlhahiso tsa hore na o ka etsa seo jwang.

KE HOBANENG HA O LOKELA HO RAPELLA BATHO BA BANG?

4, 5. Thapelo eo re e etsetsang ba bang e ka ba “matla haholo” jwang? (Jakobo 5:16)

4 Thapelo e etsetswang batho ba bang “e matla haholo.” (Bala Jakobo 5:16.) Na ka nnete ho rapella batho ba bang ho etsa phapang? E, ho jwalo. Ka ha Jesu o ne a tseba hore moapostola Petrose o tlo mo latola haufinyane, o ile a re: “Ke o rapeletse e le hore tumelo ya hao e se ke ya fela.” (Luka 22:32) Pauluse le yena o ne a tseba hore thapelo e ka etsa phapang. Ha a ne a tshwerwe Roma empa a se na molato, o ile a ngolla Filemone a re: “Ke na le tshepo ya hore ka dithapelo tsa lona ke tla lokollwa ke tlo le bona.” (Filem. 22) Ke sona se ileng sa etsahala. Pauluse o ile a lokollwa e se kgale mme a kgona ho tswela pele ka mosebetsi wa boboledi.

5 Ke nnete hore sena ha se bolele hore re ka qobella Jehova hore a arabele dithapelo tsa rona. O hlokomela dintho tseo bahlanka ba hae ba tshwenyehileng ka tsona, mme ka dinako tse ding o kgetha ho ba etsetsa dintho tseo ba di kopileng. Ho tseba sena ho ka re thusa hore re rapele Jehova ka pelo yohle ka boemo bo itseng mme ka mora moo re tlohele dintho matsohong a hae.—Pes. 37:5; 2 Bakor. 1:11.

6. Ho rapella batho ba bang ho etsa hore re ikutlwe jwang ka bona? (1 Petrose 3:8)

6 Ho rapella ba bang ho etsa hore re “qenehelane.” (Bala 1 Petrose 3:8.) Ho qenehela ho bolela ho ela hloko mathata a motho e mong le ho lakatsa ho mo thusa. (Mar. 1:​40, 41) Moholo ya bitswang Michael o re: “Ha ke rapella ditlhoko tsa batho ba bang, ke utlwisisa mathata ao ba tobanang le ona haholwanyane mme sena se etsa hore ke ba rate le ho feta. Ke ikutlwa ke atamelane haufi le bona, le hoja bona ba sa hlokomele.” Moholo e mong ya bitswang Richard o hlalosa molemo o mong. O re: “Ha re rapella batho ba bang, re susumelletseha ho ba thusa.” O boetse o re: “Ha re thusa motho eo re mo rapelletseng ka dintho tseo a di hlokang, re kenya letsoho ho etsa hore dithapelo tsa rona di arajwe.”

7. Ho rapella ba bang ho ka re thusa jwang hore re be le pono e nepahetseng ka mathata a rona? (Bafilipi 2:​3, 4) (Sheba ditshwantsho.)

7 Ho rapella ba bang ho etsa hore re be le pono e nepahetseng ka mathata a rona. (Bala Bafilipi 2:​3, 4.) Kaofela ha rona re na le mathata hobane re phela lefatsheng le laolwang ke Diabolose. (1 Joh. 5:19; Tshen. 12:12) Ha re itlwaetsa ho rapella batho bang, re tla hopola hore ‘dintho tse bohloko tse re hlahelang di ntse di hlahela bana ba bo rona bohle lefatsheng.’ (1 Pet. 5:9) Moradi wa bo rona Katherine eo e leng pulamadiboho o re: “Ho rapella batho ba bang ho nkgopotsa hore ha se nna feela ya nang le mathata. Ntho eo e etsa hore ke se ke ka ameha haholo ka mathata a ka.”

Ditshwantsho: Bara le baradi ba bo rona ba nang le mathata ba hopola ho rapella batho ba bang. 1. Moradinyana o dutse betheng o a rapela; ho hlahile le setshwantsho sa lelapa le ka hara sekepe le tlohang hae hobane ntlo ya lona e tletse metsi ka lebaka la dikgohola. 2. Lelapa le hlahileng setshwantshong se tlang pele ho sena le rapela ha mmoho; ho hlahile le setshwantsho sa morabo rona ya teronkong. 3. Morabo rona ya teronkong ya hlahileng setshwantshong se fetileng o a rapela; ho hlahile le setshwantsho sa moradi wa bo rona ya hodileng ya robetseng betheng sepetlele. 4. Moradi wa bo rona ya hodileng ya hlahileng setshwantshong se tlang pele ho sena o a rapela; ho hlahile le setshwantsho sa moradinyana ya hlahileng setshwantshong sa pele, o dutse a le mong ka tlelaseng ha bana ba bang ba ntse ba keteka letsatsi la tswalo.

Ho rapella ba bang ho re thusa hore re be le pono e nepahetseng ka mathata a rona (Sheba serapa sa 7)d


BA HLOKA HORE RE BA RAPELLE

8. Fana ka mehlala e bontshang hore na re ka rapella bomang.

8 Re ka rapella bomang? Re ka rapella dihlopha tse fapaneng tsa batho. Ka mohlala, re ka rapella batho ba kulang, bana ba songwang le ba kopanang le kgatello ya dithaka sekolong, kapa batho ba sebetsanang le mathata a botsofadi. Badumedimmoho le rona ba bangata ba mamelletse ho hanyetswa ke ba malapa kapa ba boholong pusong. (Mat. 10:​18, 36; Dik. 12:5) Bana ba bo rona ba bang ba ile ba tlameha ho siya mahae a bona ka lebaka la dintwa tse bakwang ke dipolotiki. Ba bang ba anngwe ke dikoduwa tsa tlhaho. Ke nnete hore ho ka etsahala hore ebe ha re ba tsebe. Empa ha re ba rapella, re bontsha hore re mamela taelo ya Jesu ya hore ‘re ratane.’—Joh. 13:34.

9. Ke hobaneng ha re lokela ho rapella bara ba bo rona ba etellang pele ka mokgatlong wa Jehova ha mmoho le basadi ba bona?

9 Re ka boela ra rapella bara ba bo rona ba etellang pele ka mokgatlong wa Jehova. Ba akarelletsa bara ba bo rona ba Sehlopha se Busang le bathusi ba bona, ditho tsa Dikomiti Tsa Makala, balebedi ba sebeletsang diofising tsa makala, balebedi ba potoloho, baholo ba diphutheho le bahlanka ba sebeletsang. Ba bangata ba bona ba na le mathata, empa ba sebetsa ka thata ho re thusa. (2 Bakor. 12:15) Ka mohlala, molebedi wa potoloho ya bitswang Mark o re: “Bothata ba ka bo bong bo ka sehloohong ke hore ke dula hole le batswadi ba ka ba seng ba tsofetse. Ka bobedi ba bona ba a kula. Le hoja ausi wa ka le mohatsa wa hae ba ba hlokometse, ho nkutlwisa bohloko hore ebe ha ke kgone ho thusa batswadi ba ka ka dintho tse ding.” Ho sa tsotellehe hore na re tseba mathata a bara bana ba bo rona ba sebetsang ka thata kapa tjhe, re etsa hantle haeba re ba rapella. (1 Bathes. 5:​12, 13) Re ka boela ra rapella le basadi ba bona, hobane ba a ba tshehetsa hore ba kgone ho tswela pele ka dikabelo tsa bona.

10, 11. Na dithapelo tse akaretsang tseo re di etsetsang bara le baradi ba bo rona di thabisa Jehova? Hlalosa.

10 Jwalo ka ha re se re bone, hangata re rapella bara le baradi ba bo rona e le sehlopha. Ka mohlala, le hoja re sa nahana ka motho ya itseng ka ho toba, re ka rapela hore Jehova a thuse batho ba diteronkong kapa a tshedise ba hlokahalletsweng ke baratuwa ba bona. Moholo e mong ya bitswang Donald o re: “Ho na le bara le baradi ba bo rona ba bangata ba tobanang le maemo a boima hoo ka dinako tse ding re etsang thapelo e akaretsang e le hore re kenyelletse batho bohle ba nang le mathata.”

11 Na dithapelo tse jwalo di thabisa Jehova? E, ho jwalo! Nnete ke hore ha re tsebe dintho tsohle tseo bara le baradi ba bo rona ba di hlokang. Ka hoo, ho loketse hore re etse dithapelo tse akaretsang ho leka ho kenyelletsa dihlopha tse fapaneng tsa bara le baradi ba bo rona. (Joh. 17:20; Baef. 6:18) Dithapelo tsena ke bopaki ba hore ‘re rata bana ba bo rona kaofela.’—1 Pet. 2:17.

HA O RAPELLA MOTHO KA MONG

12. Ho ela ba bang hloko ho ka re thusa jwang hore re bue ka mathata a bona a tobileng ha re ba rapella?

12 Ela ba bang hloko. Ntle le ho rapella bara le baradi ba bo rona e le sehlopha, re boetse re ka rapella motho ka mong re mo bitsa ka lebitso. Na ho na le motho eo o mo tsebang phuthehong ya heno ya tshwerweng ke bolwetse bo sa foleng? Na ho na le ngwana ya nyahameng ka lebaka la kgatello eo a kopanang le yona sekolong? Na ho na le motswadi ya se nang molekane ya hodisang ngwana, ya lekang ka thata ‘ho mo kgalemela le ho mo tataisa ka tsela eo Jehova a e batlang’? (Baef. 6:4) Ha o ela ba bang hloko, ntho eo e tla etsa hore o ba qenehele mme o tla susumelletseha hore o ba rapelle.b—Bar. 12:15.

13. Re ka etsang hore re rapelle le batho bao re sa ba tsebeng?

13 Bitsa batho ka mabitso ha o ba rapella. Re ka etsa jwalo, esita le ha re rapella batho bao re eso ka re kopana le bona. Ka mohlala, nahana ka bara le baradi ba bo rona ba diteronkong dinaheng tse kang Crimea, Eritrea, Russia le Singapore. O ka fumana mabitso a badumedimmoho le rona ba teronkong websaeteng ya rona ya jw.org.c Molebedi wa potoloho ya bitswang Brian o re: “Ke hlokometse hore ha ke ngola fatshe lebitso la modumedimmoho le nna ya teronkong ebe ka mora moo ke a le bitsa, ntho eo e nthusa hore ke mo hopole ha ke rapela.”

14, 15. Re ka etsang hore re kenyelletse dikopo tse tobileng ha re rapela?

14 Rapella dintho tse itseng ka ho toba. Morabo rona Michael eo re buileng ka yena pejana, o re: “Ha ke bala ditlaleho tsa bana ba bo rona ba teronkong ho jw.org, ke leka ho ikenya dieteng tsa bona. Ke a tseba hore nna ke ne ke tla tshwenyeha ka mosadi wa ka le hore na o na le dintho tseo a di hlokang. Ka hoo, ntho eo e nthusa hore ke kgone ho bua ka dintho tse tobileng ha ke rapella bana ba bo rona ba diteronkong ba nang le balekane.”—Baheb. 13:​3, nal.

15 Ha re nahana ka hore na bana ba bo rona ba phela jwang teronkong letsatsi le letsatsi, ntho eo e ka re thusa hore re kenyelletse dintho tse tobileng ha re ba rapella. Ka mohlala, re ka rapella hore balebedi ba teronko ba ba tshware ka mosa le hore ba boholong pusong ba ba dumelle ho rapela Jehova ka bolokolohi. (1 Tim. 2:​1, 2) Re ka rapella hore diphutheho tse haufinyane di matlafatswe ke ho bona mohlala o motle wa tumelo wa bana ba bo rona ba teronkong, kapa hore batho bao eseng Dipaki ba kgahlwe ke boitshwaro bo botle ba bana ba bo rona ba teronkong mme ba mamele molaetsa wa rona. (1 Pet. 2:12) Melaomotheo ena e ka boela ya re thusa ha re rapella bara le baradi ba bo rona ba mamelletseng diteko tse ding. Ha re ela hloko ba bang, re ba bitsa ka mabitso ha re ba rapella re bile re kenyelletsa dikopo tse tobileng, re tla be re bontsha hore ‘lerato leo re ba ratang ka lona le ntse le eketseha.’—1 Bathes. 3:12.

RE LOKELA HO BA LE PONO E NEPAHETSENG KA DITHAPELO TSA RONA

16. Re ka etsang hore re be le pono e nepahetseng ka dithapelo tsa rona? (Matheu 6:8)

16 Jwalo ka ha re se re bone, dithapelo tsa rona di ka nna tsa etsa phapang tabeng ya hore bothata bo itseng bo rarollehe. Le ha ho le jwalo, re lokela ho ba le pono e nepahetseng ka tsona. Ha re rapela, ha ho bolele hore re tsebisa Jehova ntho eo a sa e tsebeng kapa hore re mo eletsa hore a rarolle bothata jwang. Jehova o tseba ditlhoko tsa bahlanka ba hae le pele bona kapa rona re ka di hlokomela. (Bala Matheu 6:8.) Haeba ho jwalo, ke hobaneng ha re ntse re hloka ho rapella batho ba bang? Ntle le mabaka ao re seng re buile ka ona sehloohong sena, ho etsa jwalo ho bontsha hore re a tsotellana. Lerato le re susumelletsa hore re rapellane. Hape Jehova o a thaba ha a bona re mo etsisa ka ho bontshana lerato.

17, 18. Re ka etsa mohlala ofe o bontshang bohlokwa ba ho rapella badumedimmoho le rona?

17 Le haeba ho ka bonahala eka dithapelo tsa rona ha di etse phapang hore boemo bo rarollehe, di a bontsha hore na re rata bara le baradi ba bo rona hakae, mme Jehova o ela taba eo hloko. A re etse mohlala ka lelapa le nang le bana ba babedi ba banyenyane, wa moshanyana le wa ngwanana. Ngwana wa moshanyana o betheng o a kula. Wa ngwanana o ya ho ntate wa hae, o fihla a re: “Ke kopa o thuse abuti wa ka hobane o kula haholo.” Ka ha ntate o rata moshanyana wa hae, o se a ntse a etsa ho hong ho mo thusa le ho mo hlokomela. Le ha ho le jwalo, o thaba haholo ha a bona ka moo moradi wa hae a tsotellang abuti wa hae ka teng hoo a bileng a mo kopang hore a mo thuse.

18 Ke sona seo Jehova a re kgothalletsang hore re se etse, e leng ho tsotellana le ho rapellana. Ha re etsa jwalo, re tla be re bontsha hore ha re a ameha ka rona feela, empa re rata badumedimmoho le rona e le ka nnete mme Jehova o ela seo hloko. (2 Bathes. 1:3; Baheb. 6:10) Hape, jwalo ka ha re se re bone, ka dinako tse ding dithapelo tsa rona di ka etsa phapang hore bothata bo rarollehe. Ka hoo, ke ha bohlokwa hore re hopole ho rapellana.

O KA RENG?

  • Ke jwang dithapelo tsa rona di ka bang “matla haholo”?

  • Ke hobaneng ha re lokela ho rapella bara le baradi ba bo rona e le sehlopha?

  • Ke jwang re ka kenyelletsang dintho tse tobileng ha re rapella batho ka bomong?

PINA YA 101 Re Sebetsa re Momahane

a Mabitso a mang a fetotswe.

b Shebella video ya Takeshi Shimizu: Jehova ke ya “Utlwang Thapelo” ho jw.org/st-za.

c E le hore o fumane mabitso a badumedimmoho le rona ba diteronkong, batla “Jehovah’s Witnesses Imprisoned for Their Faith—By Location” ho jw.org.

d TLHALOSO YA SETSHWANTSHO: Bara le baradi ba bo rona ba nang le mathata ba hopola ho rapella batho ba bang.

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share