LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • ijwbq sehlooho 172
  • Maria Magdalena e ne e le Mang?

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • Maria Magdalena e ne e le Mang?
  • Dipotso Tsa Bibele di a Arajwa
  • Dihloohwana
  • Dintlha tse Ding
  • Karabo e tswang ka Bibeleng
  • Na Maria Magdalena e ne e le letekatse?
  • Na Maria Magdalena e ne e le “moapostola ho baapostola”?
  • Na Maria Magdalena e ne e le mosadi wa Jesu Kreste?
  • “Ke Bone Morena!”
    Etsisa Tumelo ya Bona
Dipotso Tsa Bibele di a Arajwa
ijwbq sehlooho 172
Maria Magdalena o kopana le Jesu ya tsositsweng bafung ka pela lebitla le se nang letho.

Maria Magdalena e ne e le Mang?

Karabo e tswang ka Bibeleng

Maria Magdalena e ne e le molatedi ya tshepahalang wa Jesu Kreste. Lebitso la hae e leng Magdalena ho ka etsahala hore le bolela toropo ya Magdala (eo ho ka etsahalang hore ke Magadan), e neng e le Lewatleng la Galilea. E ka nna yaba Maria o ne a kile a dula moo.

Maria Magdalena ke e mong wa batho ba neng ba tsamaya le Jesu le barutuwa ba hae mme ba ne ba ba thusa ka dintho tseo ba di hlokang. (Luka 8:1-3) O ile a bona ha Jesu bolawa mme e ne e le e mong wa batho ba pele ba ileng ba mmona ka mora hore a tsoswe.​—Mareka 15:40; Johanne 20:11-18.

  • Na Maria Magdalena e ne e le letekatse?

  • Na Maria Magdalena e ne e le “moapostola ho baapostola”?

  • Na Maria Magdalena e ne e le mosadi wa Jesu Kreste?

  • Ke bo Maria ba bakae bao ho buuwang ka bona ka Bibeleng?

Na Maria Magdalena e ne e le letekatse?

Ha hona moo Bibele e reng Maria Magdalena e ne e le letekatse. Ntho eo Bibele e e buang ka yena ka hore na o hotse jwang ke hore Jesu o ile a ntsha mademona a supileng ho yena.​—Luka 8:2.

Jwale taba ya hore e ne e le letekatse pele e ba molatedi wa Jesu e tswa hokae? Dilemo tse makgolo ka mora hore Maria Magdalena a hlokahale, batho ba bang ba ile ba re ke yena mosadi eo Bibele e sa bueng ka lebitso la hae (eo e neng e le letekatse) ya ileng a hlatswa maoto a Jesu ka dikeledi tsa hae mme a a phumula ka moriri wa hae. (Luka 7:36-38) Le ha ho le jwalo, ha hona moo Bibele e re fang lebaka la hore re dumele taba ena.

Na Maria Magdalena e ne e le “moapostola ho baapostola”?

Tjhe. Kereke ya Khatholike e bitsa Maria “St. Mary Magdalene” le “moapostola ho baapostola” hobane o ne a le hara batho ba pele ba ileng ba bolella baapostola hore Jesu o tsositswe bafung. (Johanne 20:18) Empa sena ha se bolele hore e ne e le moapostola. Ebile le Bibele ha e re e ne e le moapostola.​—Luka 6:12-16.

Bibele e ne e se e qetilwe ho ngola ho elella qetellong ya mehla ya Jesu Kreste. Dilemo tse makgolo tse fetileng baetapele ba dikereke ba ile ba etsa qeto ya ho fa Maria Magdalena boemo bo kgethehileng le bo phahameng. Hona le mangolo a mang a ileng a qetwa ho ngolwa dilemong tsa bo 100-300 a hlalosang hore ba bang ba barutuwa ba Jesu ba ile ba monela Maria Magdalena. Empa mangolo ana ha se karolo ya Bibele. Dipale tsena ke tseo batho ba iketseditseng tsona mme ha se karolo ya Mangolo a buduletsweng.

Na Maria Magdalena e ne e le mosadi wa Jesu Kreste?

Tjhe. Ha e le hantle Bibele e hlakisa taba ya hore Jesu o ne a sa nyala.a

a Sheba sehlooho se reng “Na Jesu o ne a Nyetse? Na Jesu o ne a na le Banababo?”

Ke bo Maria ba bakae bao ho buuwang ka bona ka Bibeleng?

Bibele e bua ka basadi ba tsheletseng bao mabitso a bona eleng bo Maria.b

  1. 1. Mme wa Jesu.​—Matheu 1:18.

  2. 2. Kgaitsedi ya Maretha le Lazaro.​—Johanne 11:1, 2.

  3. 3. Maria Magdalena.​—Luka 8:2.

  4. 4. Mme wa Jakobo le Jose.​—Matheu 27:56.

  5. 5. Mme wa Johanne ya neng a boetse a bitswa Mareka.​—Liketso 12:12.

  6. 6. Mokreste wa Roma ya neng a sebetsa ka thata bakeng sa Bakreste ba phutheho ya moo.​—Baroma 16:6.

b Lebitso Maria ke lebitso la Segerike leo ka Seheberu e leng Miriame eo e neng e le lebitso la kgaitsedi ya Moshe.​—1 Likronike 6:3.

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share