LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • ijwia sehlooho 6
  • “Ke Bone Morena!”

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • “Ke Bone Morena!”
  • Etsisa Tumelo ya Bona
  • Dihloohwana
  • Dintlha tse Ding
  • ‘Ba ne ba Sebeletsa ka Dintho Tsa Bona’
  • “Haufi le Thupa ya Tlhokofatso ya Jesu”
  • “Ke Tla mo Tlosa”
  • “Ke Bone Morena!”
  • “Ba ne ba sa Dumele Basadi Bao”
  • Maria Magdalena e ne e le Mang?
    Dipotso Tsa Bibele di a Arajwa
Etsisa Tumelo ya Bona
ijwia sehlooho 6
Maria Magdalena.

ETSISA TUMELO YA BONA—MARIA MAGDALENA

“Ke Bone Morena!”

Maria Magdalena o shebile hodimo sepakapakeng mme o ntse a iphumola dikeledi. Mosuwe wa hae eo a mo ratang, o kgokgothetswe thupeng ya tlhokofatso. E ne e le motshehare letsatsing le tjhesang, “le ha ho le jwalo lefifi la aperela lefatshe lohle”! (Luka 23:44, 45) Yaba o tiisa seaparo sa hae se ka hodimo mahetleng a hae mme o itshetleha ka mosadi ya emeng pela hae. Ho ile ha eba le lefifi le letsho le nkileng dihora tse tharo empa ho ne ho ka se etsahale hore le bakilwe ke ngwedi ha e sira letsatsi. Ho ka etsahala hore Maria le ba bang ba neng ba eme pela Jesu, ba ile ba utlwa medumo ya diphoofolo tsa bosiu. Batho ba neng ba le teng moo “ba tshoha haholo, ba re: ‘Ka sebele enwa e ne e le Mora Modimo.’” (Matheu 27:54) Balatedi ba Jesu le ba bang, ho ka etsahala hore ba a dumela hore lefifi lena le bakilwe ke Jehova hobane o ne a utlwile bohloko hore ba bolaile Mora wa hae ka sehloho.

Ho ne ho le thata hore Maria Magdalena a shebe bohloko boo Jesu a neng a le ho bona empa o ne a sa batle ho mo siya. (Johanne 19:25, 26) E tlameha hore ebe Jesu o ne a utlwa bohloko bo ke keng ba kgona ho lekanngwa. Le Mme wa Jesu o ne a le teng mme o ne a hloka ho kgothatswa le ho tshidiswa.

Jesu o ile a thusa Maria Magdalena ka dintho tse ngata, ke ka hoo a neng a ikutlwa a tlamehile ho mo thusa le yena. Nakong e fetileng, e ne e le mosadi ya sa hlompheheng le ya nang le mathata a mangata empa Jesu o ile a mo thusa. Jesu o ile a mo thusa hore a be le seriti le morero bophelong. E ne e se e le mosadi ya nang le tumelo. Seo se ile sa etsahala jwang? Mme rona kajeno re ka ithutang mohlaleng wa hae?

‘Ba ne ba Sebeletsa ka Dintho Tsa Bona’

Ha Bibele e qala ho bua ka pale ya Maria Magdalena, e re o ile a fuwa mpho. Jesu o ile a mo fa mpho, ka hore a mo lopolle boemong bo tshosang boo a neng a le ho bona. Mehleng eo, ho ne ho tlwaelehile hore batho ba kenwe ke Bademona mme meya eo e kgopo e ne e hlasela batho ebile ka dinako tse ding e ne e ba laola. Bibele ha e bolele hore na Bademona ba neng ba ke ne Maria Magdalena ba ne ba mo laola jwang, empa e re o ne a kenwe ke Bademona ba 7 ba neng ba mo hlokofatsa. Empa Jesu o ile a ntsha Bademona bao kaofela!—Luka 8:2.

Maria o ne a se a lokolohile mme e ne eka o phela bophelo bo botjha. O ne a ka etsang ho bontsha hore o ananela seo Jesu a mo etseditseng sona? E ile ya eba molatedi wa Jesu ya tshepahalang. O ile a boela a thusa Jesu le baapostola ba hae ka dintho tseo ba neng ba di hloka. Hobane ka dinako tse ding ba ne ba hloka dijo, diaparo le moo ba ka robalang teng. Banna bao e ne e se barui mme ba ne ba sa sebetse ka nako eo. E le hore ba kgone ho etsa sohle seo ba ka se kgonang tshebeletsong ya Modimo, ba ne ba hloka motho ya tla ba thusa ka seo ba se hlokang.

Maria le basadi ba bang, ba ile ba ithaopela ho ba thusa. Bibele e re basadi bao ‘ba ne ba ba sebeletsa ka dintho tsa bona.’ (Luka 8:1, 3) Ho ka etsahala hore ba bang ba basadi bao, e ne e le barui. Bibele ha e re bolelle hore na ba ne ba ba phehela, ba ba hlatswetsa diaparo kapa ba ba batlela marobalo metseng e meng. Empa ba ne ba ikemiseditse hore ba thuse banna bana ba ka bang 20 hore ba phethe mosebetsi wa bona. Boiteko ba basadi bao, bo ile ba thusa Jesu le baapostola ba hae hore ba phethe mosebetsi wa ho bolela. Maria o ne a tseba hore a ke ke a kgona ho etsetsa Jesu seo a ileng a mo etsetsa sona, empa o ne a thabiswa ke hore o lekile!

Kajeno ho tlwaelehile hore batho ba nyatse mosebetsi oo Maria le basadi ba bang ba neng ba o etsa. Empa ha se tsela eo Modimo a ikutlwang ka yona eo. Nahana hore ebe Jehova o ne a thabile hakaakang ha a bona Maria a etsa sohle seo a ka se kgonang ho thusa Jesu le baapostola ba bang! Le kajeno, Bakreste ba bang ba bangata ba thabela ho thusa ba bang ka dintho tseo ba di hlokang. Ka dinako tse ding, ha ho hlokahale dintho tse kgolo, mantswe a mosa a ka kgothatsa motho e mong. Jehova o a ananela ha re etsa seo.—Liproverbia 19:17; Baheberu 13:16.

“Haufi le Thupa ya Tlhokofatso ya Jesu”

Maria Magdalena ke e mong wa basadi ba neng ba le teng Pasekeng le Jesu Jerusalema ka selemo sa 33. (Matheu 27:55, 56) E tlameha hore ebe Maria Magdalena o ne a utlwile bohloko haholo ha a utlwa hore Jesu o tshwerwe mme o isitswe lekgotleng. E tlameha hore ebe o ile a utlwa bohloko le ho feta ha a utlwa hore Mmusisi Ponse Pilato o susumetswa ka baetapele ba Bajuda hore Jesu a ahlolelwe lefu le bohloko thupeng ya tlhokofatso. Ho ka etsahala hore ebe Maria o ile bona Mosuwe wa hae a ntse a qhitsa madi a tsamaya seterateng, a kgathetse a ntse a hula thupa eo ba neng ba tlo mo kgokgothela ho yona.—Johanne 19:6, 12, 15-17.

Ha ba fihla Golgotha, e ne e se e le mantsiboya mme ho le lefifi, Maria Magdalena le basadi ba bang ba ne ba eme “haufi le thupa ya tlhokofatso ya Jesu.” (Johanne 19:25) Ka ha Maria o ile a ema moo ho fihlela Jesu a shwa, o ile a bona ha Jesu a kopa moapostola wa hae Johanne hore a hlokomele Mme wa hae. O ile a utlwa ha Jesu a lla ha bohloko ha a bua le Ntate wa hae. O ile a boela a utlwa mantswe a Jesu a ho qetela pele a shwa, a reng: “Ho phethehile.” Maria o ne a utlwile bohloko bo otlang pelo. Le ha ho le jwalo, le ka mora hore Jesu a shwe, ha a ka a tsamaya. Ka mora moo, o ile a ilo ema lebitleng leo setopo sa Jesu se neng se behilwe ho sona ke Josefa wa Arimathea.—Johanne 19:30; Matheu 27:45, 46, 57-61.

Mohlala wa Maria o re hopotsa thuto ya bohlokwa ya hore re lokela ho etsang ha Bakrestemmoho le rona ba hlahelwa ke mathata. Ho ka etsahala hore ha re kgone ho thibela hore ba se ke ba hlahelwa ke mathata kapa hona ho tlosa bohloko boo ba bo utlwileng. Empa re ka kgona ho ba bontsha qenehelo le ho ba kgothatsa. Ka dinako tse ding ha motho a e na le mathata, o hloka feela motswalle ka lehlakoreng la hae mme dintho di ka ba betere. Haeba re kgothatsa metswalle ya rona ha e le mathateng, seo se tla bontsha hore re batho ba nang le tumelo mme seo se ka ba sa ba tshedisa haholo.—Liproverbia 17:17.

Maria Magdalena o kgothatsa Mme wa Jesu, ha Jesu a ntse a kgokgothetswe thupeng ya tlhokofatso. Monna, mosadi, le lesole la Moroma le emeng haufi le bona.

E tlameha ebe Mme wa Jesu o ile a tshediswa ke ho ba teng ha Maria Magdalena

“Ke Tla mo Tlosa”

Ka mora hore Jesu a behwe ka lebitleng, Maria Magdalena le basadi ba bang ba ile ba tla le dinoko e le hore ba ka mo tlotsa. (Mareka 16:1, 2; Luka 23:54-56) Ka mora letsatsi la Sabatha, Maria o ile a tsoha e sa le ka meso. Ho ne ho ntse ho le lefifi mme o ne a ntse a tsamaya le ba bang ba lebile lebitleng la Jesu. Ha ba ntse ba le tseleng, ba ne ba ipotsa hore na ke mang ya neng ya tla ba tlosetsa lejwe le boima le neng le kwetse lebitla. (Matheu 28:1; Mareka 16:1-3) Le ha ho le jwalo, seo ha se a ka sa ba nyahamisa. Tumelo ya bona e ile ya ba susumelletsa hore ba dumele hore Jehova o tla etsa ho hong ho ba thusa.

Ho ka etsahala hore Maria ke yena ya neng a di etella pele ha ba ya lebitleng. O ile a ema tlekelele ke ho tshoha. Lejwe le leholo le ne le tlositswe mme ka lebitleng ho ne ho se na letho! Maria o ile a matha hanghang mme a ilo bolella Petrose le Johanne seo a se boneng. O ile a fihla ho bona a ntse a hemesela, a re: “Ba tlositse Morena ka lebitleng la kgopotso, mme ha re tsebe hore na ba mo behile hokae”! Yaba Johanne le Petrose ba mathela lebitleng mme ba fumana ho se na letho, kamora moo, ba kgutlela malapeng a bona.a—Johanne 20:1-10.

Ha Maria a kgutlela lebitleng, o ne a eme a le mong. Ha a elellwa hore ehlile Jesu ha a yo ka moo, o ile a qala ho lla. O ile a nyarela ka lebitleng ka ha o ne a ntse a sa kgolwe hore Morena wa hae ha a sa le yo. O ile a bona mangeloi a mabedi a apereng diaparo tse tshweu a dutse moo! Mme a ile a re ho yena: “O llelang?”. A hlolletswe haholo, o ile a ba bolella seo a ileng a se bolella baapostola, a re: “Ba tlositse Morena wa ka, mme ha ke tsebe hore na ba mo behile hokae.”—Johanne 20:11-13.

Ha a hetla ho ne ho e na le monna ya emeng ka mora hae. O ne a sa hlokomele hore monna eo ke mang. O ne a nahana hore ke monna ya neng a hlokomela mabitla. Monna eo o ile a mo botsa ka mosa a re: “Mosadi, o llelang? O batla mang?” Maria o ile a mo araba a re: “Mohlomphehi, haeba o mo nkile, mpolelle hore na o mo behile hokae, mme ke tla mo tlosa.” (Johanne 20:14, 15) Ha re bueng hanyane ka seo Maria a se buileng. Ha a ne a re “ke tla mo tlosa” na o ne a bolela hore o tla kuka setopo sa Jesu a le mong, monna ya neng a na le matla ebile a phetse hantle? Maria ha a ka a nahana ka seo. Ntho eo a neng a batla ho e etsa e ne e le ho fumana setopo sa Jesu.

Maria Magdalena o eme monyakong wa lebitla la Jesu, mme ho na le monna ya emeng ka mora hae.

“Ke tla mo tlosa”

Ha re kopana le mathata a ka hodima matla a rona, na re ka etsisa mohlala wa Maria Magdalena? Haeba re dula re nahana ka mefokolo ya rona re ka nna ra tshaba mme ra ikgula hore re thuse batho ba bang. Haeba re etsa sohle seo re ka se kgonang mme re tlohella dintho matsohong a Jehova, re ka kgona ho finyella ho hoholo ho feta ka moo re neng re nahana ka teng. (2 Bakorinthe 12:10; Bafilipi 4:13) Mme ntho ya bohlokwa ka ho fetisisa re tla thabisa Jehova. Maria o ile a thabisa pelo ya Jehova mme Jehova o ile a mo hlohonolofatsa.

“Ke Bone Morena!”

Monna eo a neng a eme ka mora Maria e ne e se mohlokomedi wa mabitla. Monna eo e kile ya eba mmetli wa mapolanka, mosuwe le Morena wa Maria. Empa ha a ka a hlokomela hore na monna eo ke mang. Maria o ne a sa kgolwe seo a se bonang, Jesu o ne a tsositswe bafung! Modimo o ile a tsosa Jesu e le motho wa moya. Ka mora ketsahalo ena e hlollang ya hore Jesu a tsoswe bafung, batho ba neng ba mo tseba hantle ba ne ba sa hlokomele hore ke yena.—Luka 24:13-16; Johanne 21:4.

Jesu o ile a etsang hore Maria a hlokomele hore ke yena? O ile a bua lentswe le le leng feela, a re: “Maria!” O ile a hetla mme ka lebaka la thabo a lla, mme o ile a bitsa Jesu ka lebitso la Seheberu leo a neng a tlwaetse ho mo bitsa ka lona a re: “Rabboni!” E ne e le Mosuwe wa hae eo a mo ratang haholo! O ne a thabile haholo. O ile a mo haka mme o ne a sa batle ho mo tlohella.—Johanne 20:16.

Jesu o ne a tseba hore Maria o ikutlwa jwang. Ka hoo o ile a bua le yena ka mantswe a mosa ebile mohlomong a bososela, a re: “Kgaotsa ho mmamarela. Ha ke e so nyolohele ho Ntate.” Nako ya hore a ye lehodimong e ne e so fihle. O ne a na le mosebetsi oo a neng a lokela ho o etsa lefatsheng mme o ne a batla hore Maria a mo thuse mme Maria o ile a mamela ka hloko. Jesu o ile a re: “Eya ho banabeso mme o re ho bona, Ke nyolohela ho Ntate le Ntata lona le ho Modimo wa ka le Modimo wa lona.”—Johanne 20:17.

Morena wa hae o ne a mo file mosebetsi wa bohlokwa haholo! Maria e ne e le yena motho wa pele wa ho tseba ha Jesu a tsoswa mme jwale ke yena motho wa pele wa ho fuwa boikarabelo ba ho bolella batho ba bang ditaba tsena tse monate. O se o ka inahanela hore o ne a thabile jwang ha a ilo bolella baapostola ditaba tsena tse monate. O fihlile ho bona a thabile hona hoo mme a hemela hodimo, a re: “Ke bone Morena!” Ka ha o ne a thabile haholo, o ne a bua ka pele yaba o ba bolella sohle seo Jesu a mo bolelletseng sona. (Johanne 20:18) Ditaba tseo Maria a neng a di tshwere, di ne di tlatsetsa ho seo basadi bane ba ileng ba se bolella baapostola.—Luka 24:1-3, 10.

Maria Magdalena o matha ka potlako ho ya moo baapostola ba dutseng teng mme o ba bolella ditaba tse monate a thabile: ‘Ke bone Morena!’

“Ke bone Morena!”

“Ba ne ba sa Dumele Basadi Bao”

Baapostola ba Jesu ba ile ba etsang ha ba utlwa ditaba tsee? Bibele e re: “Dipolelo tsena tsa bonahala di se na kelello ho bona mme ba ne ba sa dumele basadi bao.” (Luka 24:11) Banna bao ba hodiseditswe sebakeng seo basadi ba neng ba sa tsheptjwe mme molao wa bo rabi o ne o sa dumele hore mosadi a fane ka bopaki kgotla. Ho ka etsahala hore baapostola ba ne ba susumeditswe ke meetlo eo ba sa elellwe. Empa Jehova le Jesu ha ba na kgethollo. Ba ile ba tshepa Maria ka boikarabelo bo babatsehang hakaakang!

Maria ha a ka a dumella hore banna bao ba mo nyahamise. O ne a tseba hore Morena wa hae o a mo tshepa mme seo se ne se mo fa matla. Balatedi bohle ba Jesu le bona ka ho tshwanang le bona ba filwe mosebetsi wa bohlokwa wa ho tsamaisa molaetsa. Bibele e re ditaba tseo ke “ditaba tse molemo tsa Mmuso wa Modimo.” (Luka 8:1) Jesu o ile a re ha se batho kaofela ba tla mamela molaetsa wa rona. (Johanne 15:20, 21) Ka hoo, Bakreste bohle ba lokela ho etsisa mohlala wa Maria Magdalena. Le hoja barutuwa ba bang ba Jesu ba sa ka ba mo kgolwa hanghang, seo ha se a ka sa mo nyahamisa kapa sa etsa hore a se ke a bolella ba bang ditaba tsena!

Ha morao, Jesu o ile a hlaha ho baapostola le ho balatedi ba hae. Ka lekgetlo le leng, o ile a boela hape a hlaha ka pela balatedi ba hae ba ka bang 500 ka nako e le nngwe! (1 Bakorinthe 15:3-8) Ha Maria a bona Jesu kapa a utlwela ka yena, seo se ile sa matlafatsa tumelo ya hae. Ebile ho ka etsahala hore Maria Magdalena ke e mong wa basadi ba neng ba le teng Jerusalema ka Pentakonta ha balatedi ba Jesu ba fumana moya o halalelang.—Liketso 1:14, 15; 2:1-4.

Ka hoo, re na le mabaka a mangata a ho kgodiseha hore Maria Magdalena o ile a dula a tshepahala bophelo bohle ba hae. E se e ka kaofela re ka etsisa mohlala wa hae! Re tlabe re bontsha hore re etsisa tumelo ya Maria Magdalena haeba re bontsha hore re ananela sohle seo Jesu a re etseditseng sona le haeba re tswela pele re thusa batho ba bang mme re tshepa hore Modimo o tla re thusa.

a Maria o ne a se a tsamaile ha lengeloi le fihla mme le bolella sehlopha sa basadi hore Jesu o tsositswe bafung. Haeba a ne a le teng, a ka be a ile a bolella Petrose le Johanne hore lengeloi le mo bolelletse hore na ke hobaneng ha setopo sa Jesu se le siyo moo.—Matheu 28:2-4; Mareka 16:1-8.

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share