AspctStyle/stock.adobe.com
Jesu o Tlo Fedisa Dintwa Lefatsheng
Ha Jesu a le lefatsheng, o ile a bontsha hore o rata batho hoo a ileng a ba a tela bophelo ba hae bakeng sa bona. (Matheu 20:28; Johanne 15:13) Haufinyane o tla boela a bontsha hore o rata batho ka hore a sebedise matla a hae jwalo ka Morena wa Mmuso wa Modimo ho “fedisa dintwa lefatsheng lohle.”—Pesaleme ya 46:9.
Utlwa seo Bibele e reng Jesu o tla se etsa:
“O tla pholosa ya futsanehileng ya llang ho kopa thuso le ya maemong a tlase le mang kapa mang ya se nang mothusi. O tla qenehela ba maemong a tlase le ba futsanehileng ebile o tla pholosa bafutsana. O tla ba pholosa ho ba ba hatellang le ho ba ba lwantshang.”—Pesaleme ya 72:12-14.
Re ka bontsha jwang hore re ananela dintho tseo Jesu a re etseditseng tsona le tseo a tla re etsetsa tsona haufinyane? Tsela e nngwe ke ka ho ithuta haholwanyane ka “molaetsa o monate wa Mmuso wa Modimo” e leng molaetsa oo a neng a o bolela. (Luka 4:43) Bala sehlooho se reng “Mmuso wa Modimo ke Eng?”