panitan/stock.adobe.com
Jesu o Tla Fedisa Bofutsana
Jesu ha a ne a le lefatsheng o ile a bontsha batho lerato le tebileng, haholoholo ba futsanehileng le ba mahlomoleng. (Matheu 9:36) O ile a boela a tela bophelo ba hae bakeng sa batho ba bangata. (Matheu 20:28; Johanne 15:13) Haufinyane, o tla fedisa bofutsana bo teng lefatsheng lohle mme sena se tla netefatsa hore o rata batho e le ka nnete le hore o na le matla jwalo ka Morena Mmusong wa Modimo.
Bibele e re bolella dintho tse monate tseo Jesu a tlo di etsa:
“A ke a buelle batho ba maemo a tlase, a pholose bara ba ba futsanehileng.”—Pesaleme ya 72:4.
Re ka bontsha jwang hore re ananela dintho tseo Jesu a re etseditseng tsona le tseo a tla re etsetsa tsona haufinyane? Tsela e nngwe ke ka ho ithuta haholwanyane ka “molaetsa o monate wa Mmuso wa Modimo” e leng molaetsa oo a neng a o bolela. (Luka 4:43) Bala sehlooho se reng “Mmuso wa Modimo ke Eng?”