alfa27/stock.adobe.com
Jesu o Tla Fedisa Tlolo ya Molao
Jesu o tseba hantle hore na re ikutlwa jwang ha ho e na le tlolo ya molao ebile re tshwarwa ka ho hloka toka, hobane le yena o ile a etselletswa, a otlwa, a hloriswa, a ahlolwa ka ho hloka toka a ba a bolawa ka sehloho. Le hoja Jesu a ne a se na molato, o ne a ikemiseditse ho fana ka “bophelo ba hae e le tefo bakeng sa ho lopolla batho ba bangata.” (Matheu 20:28; Johanne 15:13) Jwalo ka ha Jesu e se e ntse e le Morena wa Mmuso wa Modimo, haufinyane o tla fedisa ho hloka toka lefatsheng lohle a be a fedise tlolo ya molao ka ho feletseng.—Esaia 42:3.
Bibele e ya hlalosa hore na ho tla ba jwang lefatsheng ka mora hore Jesu a nke kgato:
“Batho ba kgopo ha ba sa tla hlola ba eba teng. O tla sheba moo ba neng ba le teng empa ba tla be ba le siyo. Le ha ho le jwalo, lefatshe e tla ba lefa la ba bonolo, ba tla thaba haholo hobane ho tla be ho rena kgotso.”—Pesaleme ya 37:10, 11.
Re ka bontsha jwang hore re ananela dintho tseo Jesu a re etseditseng tsona le tseo a tla di etsa? Tsela e nngwe ke ka ho ithuta haholwanyane ka “molaetsa o monate wa Mmuso wa Modimo” e leng molaetsa oo a neng a o bolela. (Luka 4:43) Bala sehlooho se reng “Mmuso wa Modimo ke Eng?”