LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • mrt sehlooho 114
  • Bibele e Reng ka ho Ata ha Tlolo ya Molao Lefatsheng Lohle?

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • Bibele e Reng ka ho Ata ha Tlolo ya Molao Lefatsheng Lohle?
  • Dihlooho Tse Ding
  • Dihloohwana
  • Dintlha tse Ding
  • Seo Bibele e ileng ya se bolela esale pele ka tlolo ya molao
  • Keng e Bontshang Hore re Phela “Mehleng ya Bofelo”?
    Dipotso Tsa Bibele di a Arajwa
  • Eba le Tshepo
    Fadimehang!—2018
  • Jesu o Tla Fedisa Tlolo ya Molao
    Dihlooho Tse Ding
Dihlooho Tse Ding
mrt sehlooho 114
Batho ba tjhwatlile difensetere mme ba utswa dintho ka shopong.

Yan Zabolotnyi/stock.adobe.com

DULANG LE FADIMEHILE!

Bibele e Reng ka ho Ata ha Tlolo ya Molao Lefatsheng Lohle?

Botlokotsebe bo bakwang ke dikenke bo atile haholo Haiti. Tlolo ya molao e baka masisapelo dinaheng tse kang Afrika Borwa, Mexico le dinaha tse ding tsa Latin America. Hangata batho ba dulang dinaheng tse se nang botlokotsebe bo bongata ba ikutlwa ba sa sireletseha ba bile ba tshoenyehile hobane ba dula ba utlwa ka tlolo ya molao e kang boshodu, ho senyetsa batho ba bang le ho tjhesa thepa ya bona.

Bibele e reng ka tlolo ya molao e etsahalang lefatsheng lohle?

Seo Bibele e ileng ya se bolela esale pele ka tlolo ya molao

Bibele e ile ya bolela esale pele hore tlolo ya molao ke e nngwe ya matshwao a bontshang hore ‘lefatshe lena le a fela.’ (Matheu 24:⁠3) Ha Jesu a hlalosa diketsahalo tse bontshang hore lefatshe lena le a fela o ile a re:

  • “Batho ba bangata ha ba sa tla ratana ka lebaka la ho ata ha tlolo ya molao.”​—⁠Matheu 24:⁠12.

Bibele e ile ya bolela hore “mehleng ya bofelo” batho e tla ba “ba sa ithibeng, ba bohale bo tshosang le ba hloileng dintho tse ntle.” (2 Timothea 3:​1-⁠5) Boitshwaro boo bo etsa hore ho be le tlolo ya molao eo re e bonang mehleng ena.

Re na le mabaka a utlwahalang a ho ba le tshepo. Bibele e tshepisa hore haufinyane tlolo ya molao e tla fela.

  • “Ho setse nakwana e seng kae mme batho ba kgopo ha ba sa tla hlola ba eba teng. O tla sheba moo ba neng ba le teng, empa ba tla be ba le sieo. Le ha ho le jwalo, lefatshe e tla ba lefa la ba bonolo. Ba tla thaba haholo hobane ho tla be ho rena kgotso.”​—⁠Pesaleme ya 37:​10, 11.

Ithute ho eketsehileng ka molaetsa wa Bibele o fanang ka tshepo le hore na keng e ka o kgodisang hore diketsahalo tse etsahalang mehleng ena di phethahatsa boprofeta ba Bibele. Bala dihlooho tse latelang.

“Tshepo Bakeng sa Bokamoso bo Thabisang”

“Re tlo Bona Kang Hore ke ‘Mehla ya Bofelo’?”

“Na Bibele e Ile ya Bolela Esale Pele ka Tsela eo Batho ba Nahanang le ho Itshwara ka Yona Mehleng ee?”

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share