Dipaki Tsa Jehova di Tshwara Bao e Neng e le Ditho Tsa Bodumedi ba Tsona Jwang?
Re etsa sohle seo re ka se kgonang ho bontsha batho ba bang lerato, mosa le tlhompho. Haeba e mong wa Dipaki Tsa Jehova a se a sa sebeletse Modimo jwalo ka pele kapa a kgaotsa ho mo sebeletsa, re buisana le yena mme re a mo kgodisa hore re ntse re mo rata le ho mo thusa hore a boele a atamele ho Modimo hape.—Luka 15:4-7.
Maemong a mang, diketso tsa motho di ka etsa hore a tloswe ka hare ho phutheho. (1 Bakorinthe 5:13) Le ha ho le jwalo, ka ha re mo rata e le ka nnete jwalo ka badumedi mmoho le yena, re etsa sohle seo re ka se kgonang ho mo thusa hore a se ke a tloswa. Le ha a se a tlositswe, re etsa sohle seo re ka se kgonang ho mo bontsha lerato le tlhompho jwalo ka ha Bibele e re kgothalletsa ho etsa jwalo.—Mareka 12:31; 1 Petrose 2:17.
Keng e ka etsang hore motho a tloswe ka hare ho phutheho?
Bibele e bolela ka ho hlaka hore haeba Mokreste a etsa sebe se tebileng mme a hana ho fetoha, o lokelwa ho tloswa ka phuthehong.a (1 Bakorinthe 5:11-13) Bibele e ya hlakisa hore na ke dibe dife tse tebileng hoo di ka etsang hore motho a tloswe. Ka mohlala, e thathamisa dibe tse kang bofebe, botahwa, ho bolaya, ho hlekefetsa ba lelapa le boshodu.—1 Bakorinthe 6:9, 10; Bagalata 5:19-21; 1 Timothea 1:9, 10.
Le ha ho le jwalo, motho ya entseng sebe ha a tloswe hanghang ka phuthehong. Baholo ba phuthehob ba leka ka matla ho mo thusa ho fetola boitshwaro ba hae. (Baroma 2:4) Ba etsa sohle seo ba ka se kgonang ho finyella pelo ya hae ka bonolo le ka mosa. (Bagalata 6:1) Ho etsa sena ho ka thusa mofosi hore a elellwe hore o entse phoso mme a bake. (2 Timothea 2:24-26) Haeba le ka mora hore a thuswe ka makgetlo a ntse a tswela pele ho etsa dintho tseo Bibele e reng di fosahetse mme a sa bake, o lokelwa ho tloswa ka phuthehong. Baholo ba tlalehela phutheho hore motho eo ha e sa le e mong wa Dipaki Tsa Jehova.
Baholo ba leka ho finyella pelo ya mofosi ka bonolo le ka mosa
Ke hobaneng ha ho le bohlokwa hore motho ya tswelang pele ho etsa sebe a tloswe ka phuthehong? Sena se nolofalletsa phutheho hore e tshehetse melaomotheo ya Modimo ya boitshwaro bo hlwekileng mme e itshireletse tshusumetsong e mpe ya motho eo. (1 Bakorinthe 5:6; 15:33; 1 Petrose 1:16) Hape, motho ya entseng sebe a ka susumelletseha hore a ikemisetse ho fetoha.—Baheberu 12:11.
Dipaki Tsa Jehova di tshwara motho ya tlositsweng ka hare ho phutheho jwang?
Bibele e re Bakreste ba lokela ho ‘kgaotsa ho itswakanya’ le motho ya tlositsweng ka hara phutheho, ‘esita le ho ja ba se ke ba ja le motho ya jwalo.’ (1 Bakorinthe 5:11) Ka hoo, ha re itswakanye le motho ya tlositsweng ka phuthehong. Le ha ho le jwalo, ha re iphapanyetse yena ka ho felletseng. Re mo tshwara ka tlhompho. O amohelehile hore a ka tla ditshebeletsong tsa rona tsa borapedi mme ha a le moo Dipaki Tsa Jehova di ka kgetha ho mo dumedisa.c A ka boela a kopa thuso ho baholo hore na a ka kgutlela ka phuthehong jwang.
Ba tlositsweng ka phuthehong ba amohelehile ho ba teng ditshebeletsong tsa rona tsa borapedis
Ho etsahalang ka motho ya tlositsweng ka hara phutheho empa molekane wa hae le bana ba hae ba banyenyane e ntse e le Dipaki Tsa Jehova? Le hoja a se a sa sebeletse Jehova hammoho le bona, e ntse e le ditho tsa lelapa le le leng. Ka ha ba ntse ba dula ka hara ntlo e le nngwe, ba ntse ba lokela ho bontshana lerato le ho etsa dintho tse tlwaelehileng tsa lelapa hammoho.
Motho ya tlositsweng ka phuthehong a ka kopa baholo hore ba mo etele. Baholo ba tla sebedisa Bibele ho mo kgothatsa ka lerato hore a bake le ho kgutlela ho Modimo. (Zakaria 1:3) Haeba a kgaotsa ho etsa dintho tse fosahetseng mme a bontsha hore o batla ho phela ka melaometheo ya Bibele ya boitshwaro, e ka boela ya eba karolo ya phutheho hape. Phutheho e tla ‘mo tshwarela ho tswa pelong e be e mo tshedise’ jwalo ka ha Bakreste ba Korinthe ba ile ba etsa ha moetsadibe a fetotse diketso tsa hae.—2 Bakorinthe 2:6-8.
Batho ba neng ba tlositswe ka phuthehong ba ikutlwa jwang hona jwale?
Hlokomela ka moo ba bang ba Dipaki Tsa Jehova ba neng ba tlositswe ka phuthehong yaba ha morao ba etsa qeto ya ho kgutlela ho Modimo ba ikutlwang ka teng.
Maria wa Amerika o re: “Ha kene ke batla ho kgutlela ka phuthehong, ke ne ke nahana hore baholo ba tla batla ho tseba ntho e nngwe le e nngwe eo ke e entseng dilemong tsa ha ke tlositswe ka phuthehong. Ho e na le hoo ba ile ba re, ‘Re batla hore o tsepamise kelello ho seo o ka se etsang ho tloha hona jwale ho ya pele.’ Ka mora moo ke ile ka utlwa ke imolohile.”
Malcom wa Sierra Leone o re: “Phutheho e ne e thabile haholo hore e be ke kgutletse ka phuthehong. Ke ne ke ikutlwa ke le motho wa bohlokwa. Bana beso ba ka phuthehong ba ile ba nthusa hore ke utlwe hore Jehova o ntshwaretse mme seo se ile sa nthusa hore ke tswele pele ka bophelo. Baholo ba ne ba dula ba le teng ho nthusa hore ke atamele haufi le Jehova hape. Ba ile ba ntshedisa mme ba nthusa ho bona hore Jehova o ntse a nkuka ke le motho wa bohlokwa ebile wa nthata.”
Sandi wa Amerika o re: “Ke thaba haholo hore ebe Jehova o rata batho ba hae haholo hoo a bolokang mokgatlo wa hae o hlwekile.Ho ka bonahala e le ho hloka toka ho tlosa motho ya entseng sebe ka phuthehong empa ho molemo ebile ke pontsho ya lerato.Ke ananela ntate wa rona wa lehodimo hobane ke Modimo ya lerato le ya tshwarelang.”
a Pele, re ne re re mofosi ya sa bakeng o kgaotswe empa hona jwale re sebedisa mantswe a hlahang ka Bibeleng a reng o tlositswe ka hara phutheho.
b Baholo ke banna ba Bakreste ba hodileng tsebong ba rutang phutheho ba sebedisa Bibele. Ba tataisa batho ba Jehova e le ho ba thusa le ho ba kgothatsa. Ha ba patallwe mosebetsi oo ba o etsang.—1 Petrose 5:1-3.
c Maemong a mang, motho ya tlositsweng ka hara phutheho a ka leka ho e kgella fatshe a ba a susumetsa batho ba bang hore ba etse boitshwaro bo bobe. Ha sena se etsahala, re latela taelo ya Bibele e reng re se ke ra “mo dumedisa.”—2 Johanne 9-11.