LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • ijwyp sehlooho 70
  • Nka Laola Maikutlo a ka Jwang?

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • Nka Laola Maikutlo a ka Jwang?
  • Batjha ba a Botsa
  • Dintlha tse Ding
  • 3 | Dipale Tsa Batho ba ka Bibeleng di ka o Thusa
    Tora ya ho Lebela O Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (Ya Batho Kaofela)—2023
  • 2 | ‘Mangolo a a re Tshedisa’
    Tora ya ho Lebela O Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (Ya Batho Kaofela)—2023
  • Ke Lokela Ho Etsang Ka mora Ho Kolobetswa?—Karolo ya 1: Dula o Imatlafatsa
    Batjha ba a Botsa
  • Ke Hobaneng ha ke Lokela ho Rapela?
    Batjha ba a Botsa
Tse Ding
Batjha ba a Botsa
ijwyp sehlooho 70
Motjha o toroya sefahleho se thabileng le se nyahameng

BATJHA BA A BOTSA

Nka Laola Maikutlo a ka Jwang?

“Ka matsatsi a mang ke ikutlwa ke thabile ha ka a mang ke ikutlwa ke nyahame. Dintho tseo ke neng ke sa di nkelle hloohong nakong e fitileng, hona jwale di se di qala ho ntshwenya.”​—Carissa

Na ho bonahala e ka le wena maikutlo a hao a ya hodimo le tlase jwalo ka maru a mariha?a Haeba ho jwalo, sehlooho sena se ka o thusa!

  • Ke hobaneng ha ke ikutlwa tjee

  • Dintho tse tharo tseo o ka di etsang

  • DIthaka tsa hao di reng

Ke hobaneng ha ke ikutlwa tjee

Ho fetofetoha ha maikutlo ho tlwaelehile ha motho a le dilemong tse pakeng tsa 13 le 19 kapa a le dilemong tsa botjha. Le haeba o le qetellong ya dilemo tsena, o ka nna wa makatswa ke kamoo maikutlo a hao a ntseng a fetofetoha kateng.

Haeba ha o tsebe hore ke hobaneng ha maikutlo a hao a ntse a fetofetoha tjena, hopola hore maikutlo a jwalo hangata a bakwa ke ho fetofetoha ha di hormone, haesita le ho se itshepe le ho tshwenyeha ho bang teng ha motho a ntse a hola. Ntho e thabisang ke hore, o ka kgona ho sebetsana le maikutlo a hao.

Nnete ke hore: Ho ithuta ho laola maikutlo a hao hona jwale, ho ka o thusa ho sebetsana le maemo a fapaneng a bophelo ha o se o hodile.

Motjha o leka ho qoba dikoti tse tseleng

Ho nyahama ho tshwana le tsela e dikoti. Ha ona le bokgoni o ka kgona ho qoba dikoti tse kgolo mme wa feta ka katleho

Dintho tse tharo tseo o ka di etsang

Bua. Bibele e re: “Motswalle wa nnete o lerato ka dinako tsohle, mme ke morabo motho ya tswaletsweng ha ho ena le mahlomola”​—Liproverbia 17:17.

“Lapeng re na le motswalle ya haufiufi eo ke mo nkang jwalo ka mmangwane. O mmamela ka hloko ha ke bua le yena e leng se etsang hore ke ikutlwe ke phuthulohile ha ke bua le yena. O a mpabatsa haeba ke nahana dintho tse nepahetseng, empa ha ke fositse le teng o mpha keletso ka bonolo.”​—Yolanda.

Keletso: Ho e na le hore o buisane le thaka tsa hao feela, tseo ho ka etsahalang hore di na le bothata bo tshwanang le ba hao, bua le motswadi kapa motho e mong e moholo eo o mo tshepang.

Ngola. Bibele e bua ka Jobo eo ha a ne a nyahame a ileng a re: “Ke tla bonahatsa ho tshwenyeha ha ka ka nna. Ke tla bua ka moya o utlwileng bohloko!” (Jobo 10:1) Ntle le ho bua le motho e mong, ntho e nngwe eo o ka e etsang ho “ntsha” maikutlo a hao ke ka hore o a ngole fatshe.

“Ke dula ke tsamaya ka notepad hohle moo ke yang. Ha ho etsahala ntho e nkwatisang, ke e ngola fatshe. Ho ngola maikutlo a ka ho nthusa haholo.”​—Iliana.

Keletso: Eba le diary eo o ka ngolang kamoo o ikutlwang kateng, se entseng hore o ikutlwe jwalo le hore o ka sebetsana le sona jwang. Leqephe la ho ngolla la sehlooho sena le ka o thusa ho etsa seo.

Rapela. Bibele e re: “Lahlela morwalo wa hao ho Jehova, O tla o tshehetsa. Le ka mohla a ke ke a dumella ya lokileng hore a therekele.”​—Pesaleme ya 55:22.

“Ke dula ke rapela Jehova kamehla ha ke nyahame. Ke ikutlwa ke imolohile ka mora hore ke tshollele pelo ya ka ho yena.”​—Jasmine.

Keletso: Ho sa tsotelle ho ferekana ho ka bang teng, nahana ka dintho tse tharo tseo o ka di thabelang bophelong ba hao. Hao rapela, kopa thuso ho Jehova empa o se ke wa lebala ho mo leboha ka ditlhohonolofatso tseo a o fileng tsona.

Dithaka tsa hao di reng

Daniel

“Lengolo la Bafilipi 4:6 le re re lokela ho bolella Jehova matshwenyeho a rona haesita le ho isa ‘diteboho’ tsa rona ho yena. Ha ke rapela ke dula ke batla ntho e ntjha eo nka lebohang Jehova ka yona. Sena se etsa hore ke se ke ka tshwenyeha haholo.”​—Daniel

Jessica

“Ka nako tse ding ke utlwa hole thata ho phetlela Jehova sefuba sa ka, empa ke bua le yena ho ntse ho le jwalo. Ho rapela ho nthusa hore ke bone kamoo Jehova a leng lerato kateng le hore haufinyane o tla ‘hlakola meokgo yohle mahlong a rona’ jwalo ka ha lengolo la Tšenolo 21:4 le bontsha.”​—Jessica

a  Sehlooho sena se hlalosa ho ferekana ha maikutlo ho tlwaelehileng ho batjha ba bangata. Haeba o na le bothata ba bipolar kapa mofuta o mong wa kgatello ya maikutlo, sheba sehlooho se reng http://www.jw.org/finder?wtlocale=A&docid=502017124

“Nka Sebetsana le Kgatello ya Maikutlo Jwang?”

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share