3 | Dipale Tsa Batho ba ka Bibeleng di ka o Thusa
BIBELE E BUA KA . . . Basadi le banna ba tshepahalang ba neng ba ‘ikutlwa jwalo ka rona.’—JAKOBO 5:17 BIBELE E HALALELANG.
Taba ee e Bolelang?
Bibele e na le dipale tse ngata tsa banna le basadi ba ileng ba ikutlwa ka ditsela tse sa tshwaneng. Ha re ntse re bala dipale tsa bona, re tla fumana hore ho na le motho ya ileng a ikutlwa ka tsela eo re e ikutlwang ka yona.
Ho Tseba Taba ee ho ka re Thusa Jwang?
Kaofela ha rona re hloka ho tseba hore batho ba bang ba utlwisisa tsela eo re ikutlwang ka yona. Empa batho ba nang le kgatello ya maikutlo ba hloka ho tseba taba ena le ho feta. Ha re bala Bibele, re ithuta ka batho ba ileng ba nahana le ho ikutlwa ka tsela eo re ikutlwang ka yona. Ka hoo, re a hlokomela hore ha re bang hobane batho ba bang le bona ba ile ba eba le kgatello ya maikutlo jwalo ka rona.
Bibele e na le mantswe a mangata a batho ba neng ba ikutlwa ba le bang ebile ba tshwenyehile. Na o kile wa utlwa ho le thata hoo o seng o sa kgone ho mamella? Moshe, Elia le Davida ba ile ba ikutlwa ka tsela ena.—Numere 11:14; 1 Marena 19:4; Pesaleme ya 55:4.
Bibele e bua hape ka mosadi e mong ya bitswang Anna ya ileng a “utlwa bohloko haholo” hobane a ne a sa kgone ho ba le bana ebile mosadi e mong wa monna wa hae o ne a mo soma.—1 Samuele 1:6, 10.
Bibele e boetse e bua ka monna emong ya bitswang Jobo. Le hoja a ne a ena le tumelo e matla, o ile a eba le kgatello ya maikutlo mme o ile a re: “Ke hloile bophelo ba ka, ha ke sa batla ho phela.”—Jobo 7:16.
Ho ithuta hore na banna le basadi bana ba hlahang ka Bibeleng ba ile ba etsang ha ba nahana ka dintho tse fosahetseng, ho tla re thusa hore re fumane matla a ho mamella mathata.