LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • wp23 No. 1 maq. 8-9
  • 2 | ‘Mangolo a a re Tshedisa’

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • 2 | ‘Mangolo a a re Tshedisa’
  • Tora ya ho Lebela O Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (Ya Batho Kaofela)—2023
  • Dihloohwana
  • Dintlha tse Ding
  • Taba ee e Bolelang?
  • Ho Tseba Taba ee ho ka re Thusa Jwang?
  • Ke Hobaneng ha Batjha ba e na le Kgatello ya Maikutlo? Ba ka Thuswa Keng?
    Fadimehang!—2017
  • 3 | Dipale Tsa Batho ba ka Bibeleng di ka o Thusa
    Tora ya ho Lebela O Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (Ya Batho Kaofela)—2023
Tora ya ho Lebela O Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (Ya Batho Kaofela)—2023
wp23 No. 1 maq. 8-9
Ntate ya hodileng o nahana ka seo a se badileng Bibeleng.

2 | ‘Mangolo a a re Tshedisa’

BIBELE E RE: “Dintho tsohle tse ileng tsa ngolwa kgale di ile tsa ngollwa ho re ruta e le hore re be le tshepo. Ha e le hantle, Mangolo ao a a re tshedisa ebile a re thusa hore re mamelle.”​—BAROMA 15:4.

Taba ee e Bolelang?

Bibele e na le mantswe a tshedisang a ka re thusang ha re nahana ka dintho tse re nyahamisang. Molaetsa wa Bibele o boetse o re fa tshepo ya hore haufinyane ha re sa tla hlola re utlwa bohloko.

Ho Tseba Taba ee ho ka re Thusa Jwang?

Kaofela ha rona re ka nna ra ba le nako eo re ikutlwang re sa thaba empa batho ba nang le kgatello ya maikutlo ba qeta nako e ngata ba sa thaba. Bibele e ka re thusa jwang?

  • Bibele e bua ka dintho tse ngata tse kgothatsang tse ka etsang hore re se ke ra qeta nako e ngata re nahana ka dintho tse nyahamisang. (Bafilipi 4:8) E ka re thusa hore re nahane ka dintho tse tshedisang le tse ka re thusang hore re kgobe matshwafo e le hore re kgone ho laola maikutlo a rona.​—Pesaleme ya 94:​18, 19.

  • Bibele e ka re thusa hore re tlohele ho nahana hore ha re na thuso.​—Luka 12:​6, 7.

  • Ditemana tse ngata tse ka Bibeleng di a re kgodisa hore ha re bang le hore Modimo e leng Mmopi wa rona o utlwisisa hantle ka moo re ikutlwang ka teng.​—Pesaleme ya 34:​18; 1 Johanne 3:​19, 20.

  • Bibele e a re tshepisa hore nakong e tlang Modimo o tla etsa hore re se ke ra hlola re hopola dintho tse bohloko tse re etsahaletseng. (Esaia 65:​17; Tshenolo 21:4) Tshepiso ena e re thusa hore re mamelle ha re nahana ka dintho tse re tshwenyang.

Bibele e Thusitse Jessica

Ka Moo Kgatello ya Maikutlo e Etsang Hore ke Ikutlwe ka Teng

Jessica o kgalehile a ntse a tshwere Bibele.

“Ha ke le dilemo di 25 ke ile ka ba le bothata ba ho tshwenyeha haholo yaba ha ke ya ngakeng, dingaka di mpolella hore ke na le kgatello ya maikutlo. Ke ne ke dula ke nahana ka dintho tse bohloko tse ileng tsa nketsahalla nakong e fetileng. Dingaka di ile tsa nthusa ho utlwisisa hore ke na le kgatello ya maikutlo hobane ke ne ke dula ke nahana ka dintho tse fosahetseng ka lebaka la dintho tse bohloko tse nketsahaletseng bophelong. Ke ile ka fumana meriana e nthusang yaba ke a e sebedisa hape ke ile ka bua le dingaka e le hore di nthuse ho tlohela ho nahana ka dintho tse etsang hore ke nyahame.”

Bibele e Nthusitse

“Ha kgatello ya ka ya maikutlo e ne e eba matla, ke ne ke tshoha, ke tshwenyeha haholo ebile ke sa kgone ho robala. Hangata bosiu ke ne ke nahana ka dintho tse fosahetseng mme ke ne ke sa kgone ho kgaotsa ho nahana ka tsona. Pesaleme ya 94:​19 e bontsha hore Modimo o a re tshedisa le ho re thoba dipelo ha re tshwenyehile haholo. Ka hoo, ke ne ke dula ke behile Bibele pela bethe ya ka le buka eo ke ngotseng mangolo a nkgothatsang ho yona. Ha ke sa kgone ho robala, ke ne ke bala ditemana tsa Bibele e le hore ke dumelle Lentswe la Modimo hore le ntshedise.

Bibele e re kgothaletsa hore re se ke ra nahana ka dintho tse sa dumellaneng le seo re se tsebang ka Modimo. Nakong e fetileng, ke ne ke kgodisehile hore ha ke na thuso le hore ha hona motho ya nthatang. Empa ke ile ka ithuta hore dintho tseo ke di nahanang ha di dumellane le seo Bibele e se buang hobane e bontsha hore Modimo ke Ntate ya lerato, ya utlwelang batho bohloko le ya tsotellang batho ka bomong. Butlebutle ke ile ka kgona ho laola dintho tseo ke di nahanang. Ke ithutile ho itadima ka tsela eo Modimo a ntadimang ka yona mme ho etsa jwalo ho nthusitse hore ke ikutlwe ke le motho wa bohlokwa.

Ke lebeletse nako eo re ke keng ra hlola re hopola dintho tse bohloko tse re etsahaletseng le ho nahana ka dintho tse re nyahamisang. Ke a tseba hore nakong e tlang ha ke sa tla hlola ke eba le kgatello ya maikutlo. Taba ena e nthusa hore ke mamelle hona jwale le hore ke be le tshepo ya hore ha ke sa tla hlola ke eba le kgatello ya maikutlo.”

Haeba o Batla ho Fumana Dintlha Tse Ding:

Bala sehlooho se reng “Thuso e Tswang ho ‘Modimo wa Matshediso,’” makasineng ya Tsoha! ya July 2009 ho jw.org/st.

Bala buka ya Dipesaleme ho jw.org/st-za.

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share