BATJHA BA A BOTSA
Nka Kgetha Role Model e Nepahetseng Jwang?
“Ha ke kopana le mathata sekolong, ke thuswa ke ho nahana ka motho eo ke mo ratang ya kileng a feta boemong bo tshwanang le ba ka. Ka mora moo ke leka ho latela mohlala wa hae. Ho ba le role model ho etsa hore ho be bonolo ho feta hara mathata.”—Haley.
Role model e ka o thusa hore o qobe mathata mme o fihlele seo o se batlang. O ka thuswa ke ho kgetha role model e nepahetseng.
Ke hobaneng ha o lokela kgetha ka bohlale?
Di role model di ka susumetsa tsela eo o itshwarang ka yona.
Bibele e bolella Bakreste hore ba ithute ho batho ba behang mohlala o motle, e re: “Ha le ntse le nahanisisa kamoo boitshwaro ba bona bo fellang kateng le etsise tumelo ya bona.”—Baheberu 13:7.
Keletso: Ka ha di role model di ka o susumelletsa ho etsa hantle kapa hampe, kgetha batho ba nang le makgabane ao o a ratang eseng batho ba hlaheletseng kapa ba lekanang le wena ka dilemo.
“Ke ithutile dintho tse ngata ho mokestemmoho le nna ya Bitswang Adam ya nang le boitshwaro bo botle. Ho a makatsa hore ebe ke ntse ke hopola dintho tseo a di buileng le tseo a di entseng. Ha a tsebe hore boitshwaro ba hae bo nsusumeditse ha kae.”—Colin.
Di role model di ka susumetsa tsela eo o nahanang ka yona le kamoo o ikutlwang kateng.
Bibele e re: “Le se ke la thetswa. Ditlwaelano tse mpe di senya mekgwa e metle.”—1 Bakorinthe 15:33.
Keletso: Kgetha motho ya nang le boitshwaro bo botle eseng ya nang le ponahalo e ntle feela. Eseng moo o ka nna wa phoqeha.
“Ho ipapisa le batho ba batle ho etsa hore motho a utlwe e ka ha se wa bohlokwa ebile o mobe. Ho ka etsa hore o tshwenyehe ka hore na o shebahala jwang.”—Tamara.
Seo o ka nahanang ka sona: Keng e ka bang kotsi ka hore motho a kgethe batho ba hlaheletseng le ba dipapadi jwalo ka di role model?
Di role model tsa hao di ka susumetsa tsela ya ho fihlela seo o se batlang.
Bibele e re: “Ya tsamayang le batho ba bohlale o tla hlalefa.”—Liproverbia 13:20.
Keletso: Kgetha di role model tseo boitshwaro ba tsona bo bontshang makgabane a matle ao o batlang hoba le ona. Ha o ntse o shebile boitshwaro ba bona, o ka nna wa hlokomela mehato eo o ka e nkang hore o fihlele seo o se batlang.
“Ho ena le hore o re feela ‘ke batla ho ba le boikarabelo,’ e leng ntho e sa hlakang, ho ka ba molemo hore o re ‘Ke batla ho ba le boikarabelo jwalo ka Jane. O dula a tshwere nako mme o nka mosebetsi wa hae e le wa bohlokwa.’”—Miriam.
Taba ya bohlokwa: Ha o kgetha role model e nepahetseng, o a bontsha hore na o batla ho ba motho ya jwang.
Ho ka ba bonolo hore o finyelle dintho tseo o di batlang haeba o na le role model e nepahetseng.
O ka kgetha jwang?
O ka kgetha role model ka ditsela tsena tse pedi tse latelang.
O ka kgetha bokgabane boo o bo batlang ka mora moo, kgetha motho eo o mo ratang ya nang le bona.
O ka kgetha motho eo o mo ratang mme o be o kgetha bokgabane boo a nang le bona boo o batlang ho ba le bona.
Leqephe la ho ngolla la sehlooho sena le ka o thusa ho etsa seo.
Di role model tsa hao di ka akarelletsa:
Dithaka tsa hao. “Ke batla ho tshwana le motswalle wa ka wa hlooho ya kgomo. O dula a na le nako ya ho thusa batho ba bang. O monyane ho nna empa o na le makgabane ao ke se nang ona, mme ke yona ntho e etsang hore ke batle ho tshwana le yena.”—Miriam.
Batho ba hodileng. E kaba batswadi ba hao kapa Bakrestemmoho le wena. “Batswadi ba ka ke di role model tsa ka. Ba na le makgabane ao ke a ratang. Ba na le diphoso tsa bona empa ba dula ba tshepahala ho ntse ho le jwalo. Ke batla hore le nna ha ke fihla dilemong tsa bona batho ba bue hantle ka nna.”—Annette.
Batho ba hlahang ka Bibeleng. “Ke na le di role model tse mmalwa ka Bibeleng, ke Timothea, Ruthe, Jobo, Petrose le Ngwanana wa Moiseraele, e mong le e mong o na le ntho eo ke e ratang ka yena. Batho ba hlahang ka Bibeleng eba ba sebele ho nna ha ke tswela pele ho ithuta ka bona. Ke ile ka thabela ho bala ditlaleho tse hlahang bukeng ya Etsisa Tumelo ya Bona, le tse hlahang ho ‘Index ya Mehlala e Metle’ e fumanehang dibukeng tsa Lipotso bacha baa botsa—likarabo tse sebetsang.”—Melinda.
Keletso: O se ke wa kgetha role model e le nngwe. Moapostola Pauluse o ile a re ho Bakrestemmoho le yena: “Le nne le hlokomele ba tsamayang ka tsela e dumellanang le mohlala oo le nang le ona ho rona.”—Bafilipi 3:17.
Na o ne o tseba? O ka ba role model ya motho e mong! Bibele e re: “Ho ba tshepahalang o be mohlala ho bueng, boitshwarong, leratong, tumelong, tlhwekong.”—1 Timothea 4:12.
“Le hoja ho ka nna ha hlokahala hore o ntlafatse a mang a makgabane a hao, o ntse o ka kgona ho thusa batho ba bang hore le bona ba ntlafatse. O ka se tsebe hore na ke mang ya o shebileng le hore seo o se buang kapa o se etsang se ka ama motho e mong jwang.”—Kiana.
Ho ka ba bonolo hore o finyelle dintho tseo o di batlang haeba o na le role model e nepahetseng.