LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • ijwia sehlooho 2
  • “Ha ho se ka Sitisang Jehova”

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • “Ha ho se ka Sitisang Jehova”
  • Etsisa Tumelo ya Bona
  • Dihloohwana
  • Dintlha tse Ding
  • E ne e le Mora ya Tshepahalang le Lesole le Sebete
  • ‘Hobane Kajeno o Sebedisane le Modimo’
  • Saule o Fetoha Motho ya Kgopo
  • “Wa Tlamahana le Moya wa Hae”
    Etsisa Tumelo ya Bona
  • Jonathane o ne a le Sebete Ebile a Tshepahala
    Ithute Dipaleng Tsa Bibele
  • Tswelang Pele ho Bontshana Lerato le Mofuthu
    Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2021
Etsisa Tumelo ya Bona
ijwia sehlooho 2
Jonathane

ETSISA TUMELO YA BONA | JONATHANE

“Ha ho se ka Sitisang Jehova”

Nahana o bona masole a eme hodima leralla a shebile tlaase lengopeng. Masole a Bafilista a ile a re a fumane ntho e makatsang, banna ba babedi ba Baiseraele ba eme lengopeng. Masole ao ha a tshohe ha a bona hore ke banna ba babedi feela. Haesale Bafilista ba laola Baiseraele le ha ba ne ba batla ho leotsa dithulusi tsa bona tsa ho lema, ba ne lokela ho kopa thuso ho dira tsena tsa bona. Masole a Baiseraele a ne a sena dibetsa tse lekaneng. Bafilista ba ne ba nahana hore ha ho letho leo banna bao ba tla ba etsa sona le hoja ba ka ba le dibetsa. Ba ile ba bua ba tletse lenyatso, ba re: “Nyolohelang ho rona, mme re tla le ruta thuto!”​—1 Samuele 13:19-23; 14:11, 12.

Ha e le hantle e ne e le Bafilista ba neng ba tla rutwa thuto. Baiseraele bao ba babedi ba ile ba hlwella leralleng ho ya kopana le Bafilista. Ba ile ba nyoloha leralla le neng le le moepa ba ntse ba itshwarelletsa ebile ba kgasa ho leba ho Bafilista! (1 Samuele 14:13) Bafilista e ne e le hona ba hlokomelang hore banna bao ba babedi ba ne ba tshwere dibetsa. Na e ne e le banna bao ba babedi ba neng ba tla lwana? Na monna eo o ne a hlanya?

O ne a sa hlanye, e ne e le monna ya nang le tumelo e matla. Lebitso la hae ke Jonathane mme mohlala wa hae o ntse o tswela Bakreste molemo le kajeno. Le hoja kajeno re sa lwane ntwa ya sebele, re ka ithuta dintho tse ngata ho Jonathane tse kang ho bontsha sebete le botshepehi e le hore re kgone ho ba le tumelo.​—Esaia 2:4; Matheu 26:51, 52.

E ne e le Mora ya Tshepahalang le Lesole le Sebete

E le hore re utlwisise hore na ke hobaneng ha Jonathane a ne a le ka lengopeng letsatsing leo, re lokela ho tseba hore na ke mang. Jonathane e ne e le mora e moholo wa morena wa pele wa Iseraele, e leng Saule. Ha Saule a kgethwa hore e be morena, ho ka etsahala hore ebe Jonathane o ne a se a e na le dilemo tse 20 kapa tse fetang. Ho bonahala eka Jonathane le Ntate wa hae e ne e le metswalle ka ha ba ne ba rata ho arolelana maikutlo a bona. Nakong eo ha Jonathane a ne a bona Ntate wa hae, o ne a sa bone feela monna ya motle, ya molelele le lesole le sebete empa o ne a boetse a bona monna ya nang le tumelo le boikokobetso. Ho hlakile hore Jonathane o ne a bona hore na ke hobaneng ha Jehova a ne a kgethile Saule hore e be morena. Le moprofeta Samuele o ile a ekelletsa ka hore ho ne ho se na motho ya tshwanang le Saule sebakeng seo!​—1 Samuele 9:1, 2, 21; 10:20-24; 20:2.

E tlameha hore ebe Jonathane o ne a thabela ho lwana dintwa a tataiswa ke ntate wa hae ha ba lwantsha dira tsa Jehova. Dintwa tsa nakong eo, di ne di sa tshwane le tsa mehleng ena. Mehleng eo, Jehova o ile a kgetha setjhaba sa Iseraele hore se mo emele mme se ne se dula se hlaselwa ke ditjhaba tse ding tse neng di sebeletsa medimo ya bohata. Bafilista ba ne ba rapela medimo e kang Dagone, mme ka makgetlo ba ile ba leka ho hatella le ho bolaya bahlanka ba Jehova.

Ho banna ba kang Jonathane, nakong eo ho lwana ho ne ho bontsha botshepehi ho Jehova. Ka hoo, Jehova o ile a hlohonolofatsa boiteko ba hae. Ka mora hore Saule e be morena, o ile a fa mora wa hae masole a 1 000 mme o ile a a etella pele ho hlasela masole a Bafilista Geba. Le hoja masole a hae a ne a se na dibetsa tse lekaneng, ka thuso ya Jehova Jonathane o ile a hlola ntwa letsatsing leo. Ka lebaka la seo, Bafilista ba ile ba bokella lebotho le leholo la sesole. Sena se ile sa tshosa masole a Saule haholo. Ba bang ba ile ba baleha, ha ba bang bona ba ile ba tshehetsa Bafilista mme ba ya ka lehlakoreng la bona! Empa Jonathane yena o ne a sa tshoha.​—1 Samuele 13:2-7; 14:21.

Hona letsatsing leo, Jonathane le mohlanka wa hae ba ile ba tsamaya ba sa bonwe ke motho. Jonathane o ile a bolella mohlanka wa hae leqheka ha ba ntse ba atamela Bafilista lengopeng la Mikmashe. O ne a rerile hore ba tla hlaha ho Bafilista ba sa tshwara letho. Haeba Bafilista ba ne ba ka re banna bao ba ba lwantshe, jwale leo e ne e tla ba letshwao la hore Jehova o tla ba thusa. Mohlanka wa Jonathane o ile a dumela a sa qeaqee a anngwe ke mantswe a matla a Jonathane a reng: “Etswe ha ho se ka sitisang Jehova ho pholosa ka ba bangata kapa ka ba seng bakae.” (1 Samuele 14:6-10) O ne a bolelang?

Jonathane o ne a tseba Modimo wa hae hantle. O ne a kgodisehile hore Jehova o tla mo thusa feela jwalo ka ha a ile a thusa bahlanka ba bang ba hae ho hlola dira tsa bona. Ka dinako tse ding, o ne a sebedisa motho a le mong ho hlola dintwa tsa hae. (Baahloli 3:31; 4:1-23; 16:23-30) Ka hoo, Jonathane o ne a tseba hore bahlanka bao ba ne ba sa hloke ho ba bangata, ho ba le matla kapa hore ba be le dibetsa e le hore ba hlole, empa ba ne ba hloka ho ba le tumelo ho Jehova. Ka tumelo Jonathane o ile a dumella Jehova hore e be yena ya ba etsetsang qeto ya hore ba lokela ho lwantsha Bafilista, ka hoo o ile a kopa hore a mo fe letshwao le tla bontsha hore o a dumela. Ka mora ho fumana tumello e tswang ho Jehova, Jonathane o ile a lo lwana.

Hlokomela dintho tse pedi tse thusitseng Jonathane hore a be le tumelo. Ntlha ya pele, o ne a tshaba Jehova ebile a mo hlompha. O ne a tseba hore Jehova ha a itshetleha ka matla a batho e le hore a phethise merero ya hae empa o thabela ho thusa bahlanka ba hae ba mo sebeletsang. (2 Likronike 16:9) Ntlha ya bobedi, Jonathane o ne a kopa tataiso ya Jehova pele a etsa qeto. Kajeno ha re hloke hore Jehova a re fe dipontsho tsa mohlolo e le hore re ka bona haeba a dumellana le dintho tseo re batlang ho di etsa. Empa o re file Lentswe la Hae e leng Bibele ho re tataisa ho etsa diqeto tse nepahetseng (2 Timothea 3:16, 17) Na re batla tataiso ka Bibeleng pele re etsa diqeto tsa bohlokwa? Haeba re etsa jwalo re tla be re etsisa Jonathane ya ileng a etsa thato ya Modimo eseng ya hae.

Ka hoo, banna bao ba babedi ba ile ba hlwella leralla le moepa e le hore ba ye ho Bafilista. Ha Bafilista ba hlokomela hore jwale ba a hlaselwa ba ile ba lo lwantsha banna bao. Bafilista ba ne ba le bangata ka palo mme ba eme hodima leralla, seo se ile sa etsa hore ba bone ho le bonolo hore ba bolaye banna bao. Empa Jonathane o ne a ba diha ka bo nngwe ka bo nngwe ha mohlanka wa hae yena a ba qetella ka ho ba hlaba ka sabole. Ka ho panya ha leihlo feela, ba ile ba bolaya masole a 20 mme Jehova o ile a etsa ho hong hape ho ba thusa! 1 Samuele 14:15 e re: “Jwale ho thothomela ha e ba teng diahelong naheng le hara batho bohle ba setsing se ka thoko sa sesole, lebotho la ba nkang thepa ka mahahapa la thothomela, le lefatshe la qala ho sisinyeha, mme ya e ba ho thothomela ho tswang ho Modimo.”

Jonathane le mohlanka wa hae ba hlwella leralla le moepa e le hore ba ye ho Bafilista

Jonathane le mohlanka wa hae ba ikemiseditse ho lwantsha lebotho la sesole ba le babedi feela

Saule le bahlanka ba hae ba ne ba eme hojana mme ba shebile Bafilista ha ba entse moferefere ebile ba tshohile hoo qetellong ba ileng ba tsohelana matla ka bobona! (1 Samuele 14:16, 20) Baiseraele ba ile ba eba sebete mme ba hlasela Bafilista ka dibetsa tsa bona tseo ba di nkileng masoleng a neng a se a shwele. Jehova o ile a thusa batho ba hae ho hlola letsatsing leo mme ha a eso fetohe le kajeno. Haeba re na le tumelo ho yena jwalo ka Jonathane le mohlanka wa hae, re ke ke ra etsa diqeto tse fosahetseng.​—Malakia 3:6; Baroma 10:11.

‘Hobane Kajeno o Sebedisane le Modimo’

Saule yena dintho ha di a ka tsa mo tsamaela hantle jwalo ka Jonathane. Saule o ile a etsa diphoso tse tebileng haholo mme ha a ka a mamela Jehova. O ile a nyehela sehlabelo se neng se lokelwa ho etswa ke moprofeta wa Jehova Samuele, eo e neng e le Molevi. Ha Samuele a fihla, o ile a bolella Saule hore a ke ke a busa nako e telele ka lebaka la ho se mamele Jehova. Ha Saule a ne a laela bahlanka ba hae hore ba ye ntweng, o ile a etsa kano e sa utlwahaleng a re: “Ho rohakwe motho ya jang bohobe pele ho shwalane le ho fihlela ke ipheteditse ho dira tsa ka!”​—1 Samuele 13:10-14; 14:24.

Mantswe ao a Saule, a ile a bontsha hore hanyane hanyane e ntse e eba motho ya mobe. Jwale ho etsahetseng ka monna yane eo re buileng ka yena qalong ya neng a ikokobeditse ebile a rata Jehova? Jehova o ne a so ka a fa masole ao a sebetsang ka thata le a sebete molao oo o sa utlwahaleng. Ho thweng ka mantswe ao Saule a ileng a a bua ha a ne a re “ho fihlela ke ipheteditse ho dira tsa ka” na a bontsha hore Saule o ne a nahana hore ntwa ee ke ya hae? Na o ne a lebetse hore ntwa ena e ne e le ya hore Jehova a tlise toka eseng hore yena a iphetetse, a fuwe thoriso kapa hona hore a hlole?

Jonathane o ne a sa tsebe ka molao o sa utlwahaleng oo Ntate wa hae a neng a fane ka wona. O ne a kgathetse ka lebaka la ntwa eo a tswang ho yona ka hoo, o ile a ja mahe a dinotshi mme hanghang a ikutlwa a fumana matla. Yaba e mong wa bahlanka ba hae o mo bolella molao oo ntate wa hae a neng a o entse, wa hore ha hona motho ya lokelang ho ja. Jonathane o ile a araba a re: “Ntate o tlisitse kgathatso naheng. Ka kopo, bonang ka moo mahlo a ka a kganyang ka teng hobane ke latswitse mahenyana ana a dinotshi. Ho ka be ho bile jwalo hakaakang hoja batho ba ne ba jele kajeno thepeng e hapuweng ya dira tsa bona eo ba e fumaneng! Etswe jwale polao hodima Bafilista ha ya ka ya e ba kgolo.” (1 Samuele 14:25-30) Jonathane o ne a tshepa ntate wa hae, empa o ne a emela se nepahetseng. O ne a sa dumellane le ntho e nngwe le e nngwe eo ntate wa hae a neng a e etsa kapa a e bua mme seo se ile sa etsa hore batho ba bang ba mo hlomphe.

Ha Saule a utlwa hore Jonathane o tlotse molao wa hae, o ile a nna a hana ho dumela phoso ya hae ya hore o entse molao o bowatla. Ho e na le hoo, o ile a batla ho bolaya mora wa hae! Jonathane ha a ka a phehisana le yena kapa a kopa hore a mo tshwarele. Hlokomela hore na o ile a reng. Ka sebete o ile a re: “Ke nna enwa! E re ke shwe!” Le ha ho le jwalo, Baiseraele ba ile ba re: “Na Jonathane o lokela ho shwa, ya tlisitseng poloko ee e kholo Iseraele? Ke ho sa utlwahaleng! Ka Jehova ya phelang, ha ho qoba le ha e le nngwe ya moriri wa hae e tla wela fatshe, etswe o sebeditse le Modimo letsatsing lena.” Ho ile ha etsahalang ka mora moo? Saule o ile a amohela mabaka a bona. Bibele e re: “Yaba batho ba lopolla Jonathane, mme ha a a ka a shwa.”​—1 Samuele 14:43-45.

Jonathane o bolella Ntate wa hae hore o ikemiseditse ho shwa

“Ke nna enwa! E re ke shwe!”

Jonathane o ne a iketseditse botumo bo botle ka lebaka la ho ba sebete, ho sebetsa ka thata le ho nahanela batho ba bang. O ile a pholoha ha a ne a le kotsing, ka lebaka la botumo ba hae bo botle. Re tlabe re etsa hantle ha re iketsetsa lebitso le botumo bo botle letsatsi le letsatsi. Bibele e ya re bolella hore lebitso le letle le molemo haholo. (Moeklesia 7:1) Haeba re iketsetsa lebitso le letle ho Jehova jwalo ka Jonathane, seo se tla re pholosa.

Saule o Fetoha Motho ya Kgopo

Ho sa tsotellehe diphoso tsa Saule, Jonathane o ile a nna a tswela pele ho lwana dintwa tsa ntate wa hae ka dilemo tse ngata. O ka inahanela hore o ne a nyahame jwang ha a bona ntate wa hae e se e le motho ya ikgohomosang le ya sa mameleng. Ntate wa hae o ne a ntse a ba kgopo mme Jonathane o ne a sena matla a ho mo thibela.

Bothata bo ile ba hlaha ha Jehova a ne a laela Saule hore a ilo lwana le Baamaleke, e ne e le batho ba kgopo ba neng ba phela mehleng ya Moshe, Jehova o ne a ba bolelletse hore o tla fedisa setjhaba seo sohle. (Exoda 17:14) Saule o ne a lokela ho bolaya diphoofolo tsohle tsa bona ha mmoho le morena wa bona e leng Agage. Saule o ile a hlola ntweng mme ha ho pelaelo hore Jonathane o ne a na le ntate wa hae ntweng eo le ho mamela ditaelo tsa hae. Saule o ile a tswela pele a sa mamele Jehova, o ile a inkela maruo le diphoofolo tsa Agage. Moprofeta Samuele o ile a fa Saule kahlolo ya ho qetela e tswang ho Jehova, e reng: “Ka ha o lahlile lentswe la Jehova, ka lebaka leo wa o lahla hore o se ke wa ba morena.”​—1 Samuele 15:2, 3, 9, 10, 23.

Nakwana ka mora moo, Jehova o ile a tlosa moya wa hae o halalelang ho Saule. Ka lebaka la hore moya wa Jehova o ne a se o le siyo ho yena, Saule o ne a se a dula a teneha ka pele, a le bohale mme a dula a tshohile. E ne eka moya o mobe o nketse wa Jehova sebaka. (1 Samuele 16:14; 18:10-12) E tlameha hore ebe sena se ile sa utlwisa Jonathane bohloko hakaakang ha a bona hore ntate wa hae ya neng a le bonolo o se a fetohile! Le ha ho le jwalo, tsela eo Jonathane a neng a rata Jehova ka yona ha ya ka ya fetoha. O ne a dula a tshehetsa ntate wa hae, ebile ka dinako tse ding o ne a toba taba ha a bua le yena empa ha a ka a tlohela ho lebisa tlhokomelo ho Ntate wa hae ya sa fetoheng e leng Jehova.​—1 Samuele 19:4, 5.

Na ho na le motho eo o mo ratang, eo a neng a etsa dintho hantle yaba o a fetoha mme o se a etsa dintho tse mpe? Boo ke boemo bo utlwisang bohloko haholo. Mohlala wa Jonathane o re hopotsa seo mopesaleme a ileng a se bua, ha a re: “Haeba Ntate le Mme ba ne ba ka ntlohela, Jehova o ne a tla nthola.” (Pesaleme ya 27:10) Jehova wa tshepahala. O tla o nka mme a o hlokomele, e tla ba Ntate ya molemo ka ho fetisisa, ho sa tsotellehe hore na batho bona ba ka o lahla kapa ba o swetsa.

E ka nna yaba Jonathane o ile a hlokomela hore Jehova o ne a batla ho tlosa Saule boreneng. Jonathane o ile a itshwara jwang ka taba eo? Na o ile a ipotsa hore ha e ka ba yena morena, o ne a tla busa jwang? Na o ile a nahana ka hore na o tla lokisa diphoso tseo ntate wa hae a neng a di entse jwang, kapa hore na e ne e tla ba morena ya beheng mohlala o motle, ya tshepahalang le ya mamelang Jehova? Ha re tsebe seo a neng a se nahana, empa seo re se tsebang ke hore diketso tsa hae di ne di sa bontshe seo. Na see se bolela hore Jehova o ne a lahlile monna eo ya tshepahalang? Tjhe, o ile a ngola ka Jonathane ka Bibele hore ke e mong wa batho ba re behetseng mohlala o motle le hore ke e mong wa metswalle ya hae e tshepahalang! Re tla bua ka setswalle sa bona sehloohong se seng se latelang se buang ka Jonathane.

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share