THUTO YA 42
Jonathane o ne a le Sebete Ebile a Tshepahala
Mora e moholo wa Morena Saule ya bitswang Jonathane e ne e le lesole le sebete. Davida o ile a re Jonathane o lebelo ho feta ntsu ebile o matla ho feta tau. Ka letsatsi le leng, Jonathane o ile a bona masole a 20 a Bafilista leralleng. Yaba o re ho motho ya mo nkelang dibetsa: ‘Re tla ba hlasela ha feela Jehova a ka re fa letshwao. Ha Bafilista ba ka re re nyolohele ho bona, re tla tseba hore re lokela ho ba lwantsha.’ Bafilista ba hweletsa ba re: ‘Nyolohang re tlo lwana!’ Ka hoo, banna bao ba babedi ba nyoloha mme ba hlola masole ao a Bafilista.
Ka ha Jonathane e ne e le mora e moholo wa Saule, e ne e lokela ho ba yena morena ya latelang. Empa Jonathane o ne a tseba hore Jehova o kgethile Davida hore e be morena ya latelang wa Iseraele mme sena ha se a ka sa mo kwatisa. Jonathane le Davida e ile ya e ba metswalle e meholo. Ba tshepisana hore ba tla sireletsana. Jonathane a fa Davida seaparo sa hae, sabole, seqha le lebanta ho bontsha hore ke metswalle.
Ha Davida a ntse a baleha Saule, Jonathane o ile a ya ho yena mme a re: ‘Eba sebete mme o be matla. Jehova o kgethile wena hore o be morena. Le Ntate o tseba seo.’ Na o ka rata ho ba le motswalle ya tshwanang le Jonathane?
Jonathane o ile a beha bophelo ba hae kotsing ka makgetlo a mangata e le hore a thuse motswalle wa hae. Ka ha o ne a tseba hore ntate wa hae o batla ho bolaya Davida, o ile a re ho yena: ‘O tla be o etsa sebe ha o ka bolaya Davida hobane ha a etsa letho le phoso.’ Saule o ile a kwatela Jonathane. Dilemo ha morao Saule le Jonathane ba ile ba bolaelwa ntweng.
Ka mora lefu la Jonathane, Davida o ile a batla mora wa Jonathane ya bitswang Mefiboshethe. Ha a mo fumana, a re ho yena: ‘Ka ha ntate wa hao e ne e le motswalle wa ka, ke tla o hlokomela bophelo bohle ba hao. O tla dula ntlong ya ka ya borena mme o tla ja le nna tafoleng.’ Davida ha a ka a lebala motswalle wa hae Jonathane.
“Le ratane jwalo ka ha ke le ratile. Ha ho ya nang le lerato le fetang la motho ya telang bophelo ba hae bakeng sa metswalle ya hae.”—Johanne 15:12, 13