LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • ijwbv sehlooho 27
  • Genese 1:26—“A re Etse Motho ya Tshwanang le Rona”

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • Genese 1:26—“A re Etse Motho ya Tshwanang le Rona”
  • Ditemana Tsa Bibele di a Hlaloswa
  • Dihloohwana
  • Dintlha tse Ding
  • Genese 1:26 e Bolela Eng?
  • Ditemana Tse Potolohileng Genese 1:26
  • Maikutlo a fosahetseng ka Genese 1:26
  • Bophelo bo Bile Teng Jwang?
    O ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
  • Seo re Ithutang Sona ka Bibeleng
    Fadimehang!—2021
  • Modimo o Qadile ho Bopa Lefatshe le Lehodimo Neng?
    Dipotso Tsa Bibele di a Arajwa
  • Na Diphoofolo di ya Lehodimong?
    Dipotso Tsa Bibele di a Arajwa
Ditemana Tsa Bibele di a Hlaloswa
ijwbv sehlooho 27

DITEMANA TSA BIBELE DI A HLALOSWA

Genese 1:26—“A re Etse Motho ya Tshwanang le Rona”

“Yaba Modimo o re: ‘A re etse motho ya tshwanang le rona mme a laole ditlhapi tsa lewatle, dibopuwa tse fofang, diphoofolo tse ruuwang le phoofolo e nngwe le e nngwe e hahabang lefatsheng.’ ”​—Genese 1:​26, Bibele Phetolelo ya Lefatshe le Letjha.

“Modimo wa ntoo re: ‘A re etseng motho ka setshwantsho sa rona le ka ho tshwana ha rona mme a buse dihlapi tsa leoatle, le tse rurang tsa mahodimo, le makgomo, le lefatshe lohle, le dihahabi tsohle tse hahabang lefatsheng.’ ”​—Genese 1:​26, Bibele ya Sesotho.

Genese 1:26 e Bolela Eng?

Batho ba entswe ba tshwana le Modimo, mme ba kgona ho bontsha makgabane a tshwanang le ao Modimo a nang le ona, jwalo ka lerato, kutlwelo bohloko le toka.Ke ka hoo batho ba ka kgonang ho etsisa Modimo.

“Yaba Modimo o re: ‘A re etse motho ya tshwanang le rona.’ ” Pele Jehova Modimoa a bopa batho kapa ntho le ha e le efe e nngwe, o ile a bopa lengeloi le matla le ileng la tsebahala e le Jesu. Ka Jesu, “dintho tse ding tsohle tse lehodimong le lefatsheng di ile tsa boptjwa.” (Bakolose 1:​16) Jesu o na le botho bo tshwanang le ba Jehova, ke ka hoo ‘a tshwanang le Modimo ya sa bonahaleng.’ (Bakolose 1:​15) Ke ka hoo, Modimo a neng a ka re ho Jesu: “A re etse motho ya tshwanang le rona.”

“A laole ditlhapi tsa lewatle, dibopuwa tse fofang, diphoofolo tse ruuwang . . . lefatsheng.” Modimo ha a bopa diphoofolo hore di tshwane le yena. Ha di a boptjwa di na le ditshobotsi tseo batho ba bang le tsona, jwalo ka ho ba le letswalo le ho bontsha lerato. Le ha ho le jwalo, Modimo o ntse a tsotella diphoofolo. Ke ka hoo, a ileng a laela batho hore ba “laole” diphoofolo mme taelo ena e ka boetse ya bolela ho di “busa” kapa ho di “hlokomela.” Jehova o ne a fa batho boikarabelo ba ho hlokomela diphoofolo. (Pesaleme ya 8:6-8; Diproverbia 12:10) Jehova o lebeletse hore batho ba hlokomele lefatshe le dintho tsohle tse phelang ho lona.

Ditemana Tse Potolohileng Genese 1:26

Dikgaolo tse pedi tse qalang tsa Genese di hlalosa ka moo ho ileng ha boptjwa bokahohle le polanete eo re phelang ho yona le ka moo bophelo bo ileng ba eba teng lefatsheng. Ntho e nngwe le e nngwe eo Jehova a e bopileng ya hlolla, empa batho ba a ikgetha hara dintho tsohle tseo a di bopileng lefatsheng. Ha Modimo a qeta ho bopa, o ile “a bona hore ntho e nngwe le e nngwe eo a e entseng e molemo haholo.”—Genese 1:31.

Shebella video ena e kgutshwanyane e buang ka tlaleho ya popo e hlahang ho Genese.

Maikutlo a fosahetseng ka Genese 1:26

Maikutlo a fosahetseng: Modimo o na le mmele o tshwanang le wa rona.

Nnete: ‘Modimo ke Moya’—sena se bolela hore Modimo o dula sebakeng seo batho ba ke keng ba kgona ho se bona. (Johanne 4:24) Le hoja Bibele e bua ka Modimo a na le sefahleho, matsoho, pelo le tse ding, e mpa e etsa jwalo ho re hlalosetsa ka Modimo ka tsela eo re le batho re ka e utlwisisang.—Exoda 15:6; 1 Petrose 3:12.

Maikutlo a fosahetseng: Genese 1:26 e fana ka bopaki ba hore Jesu ke Modimo.

Nnete: Modimo ke ntate, Jesu ke mora, ha se motho a le mong. Jesu o ile a ruta hore Modimo o moholo ho yena. (Johanne 14:28) E le hore o fumane dintlha tse eketsehileng, shebella video ya Na Jesu Kreste ke Modimo? Kapa o bale sehlooho se reng “Ke Hobaneng ha Jesu a Bitswa Mora wa Modimo?”

Bala Genese kgaolo ya 1 dinaletsana le mangolo a tsamaisanang le yona.

Shebella video ena e kgutshwanyane e bontshang kakaretso ya buka ya Genese.

a Jehova ke lebitso la Modimo. (Pesaleme ya 83:​18) Bala sehlooho se reng “Jehova ke Mang?”

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share