LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • ijwbv sehlooho 33
  • Tshenolo 21:1—“Lehodimo le Letjha le Lefatshe le Letjha”

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • Tshenolo 21:1—“Lehodimo le Letjha le Lefatshe le Letjha”
  • Ditemana Tsa Bibele di a Hlaloswa
  • Dihloohwana
  • Dintlha tse Ding
  • Tlhaloso ya Tshenolo 21:1
  • Ditaba Tse Potolohileng Tshenolo 21:1
  • Mmuso wa Modimo Keng?
    Bibele e re Rutang?
  • Ke Bomang ba Yang Lehodimong?
    Dipotso Tsa Bibele di a Arajwa
  • Jerusalema e Ntjha ke Eng?
    Dipotso Tsa Bibele di a Arajwa
  • Mmuso wa Modimo Keng?
    Ditaba Tse Molemo Tse Tswang ho Modimo!
Ditemana Tsa Bibele di a Hlaloswa
ijwbv sehlooho 33

DITEMANA TSA BIBELE DI A HLALOSWA

Tshenolo 21:1—“Lehodimo le Letjha le Lefatshe le Letjha”

“Ka bona lehodimo le letjha le lefatshe le letjha. Lehodimo la pele le lefatshe la pele di ne di se di fetile mme lewatle le ne le se le le siyo.”—Tshenolo 21:1, Bibele​—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha.

“Yaba ke bona lehodimo le letjha le lefatshe le letjha hobane lehodimo la pele le lefatshe la pele di ne di fetile, le lona lewatle le ne le se le le siyo.”—Tshenolo 21:1, Bibele e Halalelang.

Tlhaloso ya Tshenolo 21:1

Temana ena e sebedisa mantswe a tshwantshetso ho bontsha hore Mmuso wa Modimo o tlo fedisa mebuso yohle ya batho. Mmuso wa Modimo o tla tlosa dintho tse mpe mme o buse batho ba ikemiseditseng ho mamela Modimo.

Buka ya Tshenolo e bua ka ‘dipontsho’ kapa dintho tsa tshwantshetso. (Tshenolo 1:1) Ka hoo, ho a utlwahala hore re re lehodimo le lefatshe tseo ho buuwang ka tsona temaneng ena ke tsa tshwantshetso. Ho ekelletsa moo, ho buuwa ka “mahodimo a matjha” le “lefatshe le letjha” tsa tshwantshetso ditemaneng tse ding tsa Bibele. (Esaia 65:17; 66:22; 2 Petrose 3:13) Ho hlahloba mangolo ana le ditlaleho tse ding tsa Bibele ho ka re thusa ho utlwisisa hore na temana ena e bolelang.

“Lehodimo le letjha.” Ka dinako tse ding, Bibele e sebedisa lentswe “lehodimo” ha e bua ka mebuso. (Esaia 14:12-14; Daniele 4:25, 26) Ke ka hoo tshupiso e nngwe ha e bua ka dipono tsa boprofeta e reng “lehodimo le tshwantshetsa matla a ho busa kapa mmuso.”a “Lehodimo le letjha” leo ho buuwang ka lona ho Tshenolo 21:1 le bolela Mmuso wa Modimo. Mmuso ona wa lehodimo oo ka dinako tse ding o bitswang “Mmuso wa mahodimo” ho buuwa ka ona lengolong lohle la Tshenolo le dibukeng tse ding tsa Bibele. (Matheu 4:17; Diketso 19:8; 2 Timothea 4:18; Tshenolo 1:9; 5:10; 11:15; 12:10) Mmuso wa Modimo oo Morena wa wona e leng Jesu, o tla nkela “lehodimo la pele” sebaka e leng mebuso yohle e sa phethahalang ya batho.​—Daniele 2:44; Luka 1:31-33; Tshenolo 19:11-18.

“Lefatshe le letjha.” Bibele e ruta hore lefatshe leo re phelang ho lona ha le na senngwa kapa ho tloswa moo le leng teng. (Pesaleme ya 104:5; Moeklesia 1:4) Jwale lefatshe la tshwantshetso ke eng? Hangata Bibele e sebedisa lentswe “lefatshe” ha e bua ka batho. (Genese 11:1; 1 Dikronike 16:31; Pesaleme ya 66:4; 96:1) Jwale e tlameha hore e be “lefatshe le letjha” le bolela batho ba ikemiseditseng ho buswa ke mmuso wa Modimo o lehodimong. “Lefatshe la pele” kapa batho ba hanyetsang Mmuso wa Modimo, ha ba sa tla hlola ba eba teng.

“Lewatle le ne le se le le siyo.” “Lewatle” le lona le sebedisitswe ka tsela ya tshwantshetso ho Tshenolo 21:1. Jwalo ka ha lewatle le bakela batho mathata ha le lwebehlana, ho loketse ho le tshwantsha le batho ba bakang mathata le pherekano hobane ba sa batle ho mamela Modimo kapa ho phela ka melao ya hae. (Esaia 17:12, 13; 57:20; Tshenolo 17:1, 15) Batho bana ba tla fediswa. Pesaleme ya 37:10 e re: “Ho setse nakwana e seng kae mme batho ba kgopo ha ba sa tla hlola ba eba teng. O tla sheba moo ba neng ba le teng empa ba tla be ba le siyo.”

Ditaba Tse Potolohileng Tshenolo 21:1

Buka ya Tshenolo e profetile se etsahalang “letsatsing la Morena.” (Tshenolo 1:10) Ho latela boprofeta ba Bibele, letsatsi leo le qadile ka 1914 ha Jesu a qala ho busa e le Morena wa Mmuso wa Modimo.b Empa ha a tlo busa lefatshe hanghang. Ha e le hantle, boprofeta bo bong bo bontsha hore maemo a lefatshe a tlo mpefala le ho feta qalong ya ‘letsatsi la Morena.’ Nako eo e bitswa ‘mehla ya bofelo.’ (2 Timothea 3:1-5, 13; Matheu 24:3, 7; Tshenolo 6:1-8; 12:12) Ha mehla eo ya bofelo e fela, Mmuso wa Modimo o tla tlosa mebuso yohle ya batho ha mmoho le batho ba hanyetsang Modimo e leng lehodimo la kgale le lefatshe la kgale mme o tla etsa hore ho be le kgotso le kutlwano. Batho ba tla beng ba buswa ke Mmuso wa Modimo e leng “lefatshe le letjha” ba tla thabela bophelo bo monate le bo phethahetseng.—Tshenolo 21:3, 4.

Bala Tshenolo kgaolo ya 21 ho Bibele–Phetolelo ya Lefatshe le letjha. Bibele ena e habonolo, e na le dinaletsana, mangolo a tsamaisanang le ditemana le dintlha tse ding tse nang le ditshwantsho le dimmapa.

Shebella video ena e kgutshwanyane ho ithuta ho eketsehileng ka buka ya Tshenolo.

a McClintock and Strong’s Cyclopedia (1891), Volume IV, leqephe 122.

b Sheba sehlooho se reng “Tatellano ya Diketsahalo Tsa Bibele e Bontshang Mabapi le Selemo sa 1914?”

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share