Moqebelo, la 30 August
Ka matshediso a tswang ho [Modimo]. . . re ka kgona ho tshedisa ba bang.—2 Bakor. 1:4.
Jehova o kgatholla le ho tshedisa ba imetsweng, feela jwalo ka ha metsi a hlwekileng a sediba a kgatholla ba nyorilweng. Re ka etsisa Jehova jwang ka ho utlwela batho bohloko le ho ba tshedisa? Tsela e nngwe ke ka hore re lwanele ho ba le makgabane a tla re thusa hore re utlwele batho ba bang bohloko le ho ba tshedisa. Makgabane ao ke afe? Ke eng e tla re thusa hore re dule re ratana e le hore ‘re nne re tshedisane’ letsatsi le letsatsi? (1 Bathes. 4:18) Re lokela ho ba le makgabane a kang kutlwelobohloko, lerato le mosa. (Bakol. 3:12; 1 Pet. 3:8) Makgabane aa a tla re thusa jwang? Ha re utlwela bana ba bo rona bohloko ebile re ba tsotella e le ka nnete, re tla ba le takatso e matla ya ho ba tshedisa ha ba ena le mathata. Jwalo ka ha Jesu a ile a tjho, “motho o bua ntho e tletseng ka pelong ya hae. Motho ya lokileng o bua dintho tse ntle hobane ho tletse tsona ka pelong ya ha.” (Mat. 12:34, 35) Ho tshedisa bana ba bo rona ha ba ena le mathata ke tsela ya bohlokwa ya ho bontsha hore re a ba rata. w23.11 10 ¶10-11
Sontaha, la 31 August
Ba bohlale ke bona ba tla di utlwisisa.—Dan. 12:10.
Re lokela ho kopa thuso haeba re batla ho utlwisisa boprofeta ba Bibele. Nahana ka mohlala ona. A re re o etetse sebaka seo o sa se tsebeng empa motswalle wa hao eo o tsamayang le yena o se tseba hantle. O tseba hantle hore na le hokae le hore tsela e nngwe le e nngwe e ya hokae. O ne o tla thaba hore ebe motswalle wa hao o dumetse ho tsamaya le wena. Ka tsela e tshwanang, Jehova o tshwana le motswalle eo mme o tseba bokamoso ba rona hantle. Ka hoo, e le hore re utlwisise boprofeta ba Bibele, re lokela ho ikokobetsa mme re kope thuso ho Jehova. (Dan. 2:28; 2 Pet. 1:19, 20) Jehova o jwalo ka motswadi ya molemo, o batla hore re thabele bophelo nakong e tlang. (Jer. 29:11) Ha a tshwane le batho hobane ke motswadi ya kgonang ho re bolella hantle hore na ho tlo etsahalang nakong e tlang ebile o dula a nepile. Jehova o kgethile batho hore ba ngole boprofeta ka Lentsweng la hae e le hore re ka tseba ka diketsahalo tsa bohlokwa pele di etsahala.—Esa. 46:10. w23.08 8 ¶3-4
Mantaha la 1 September
Re tla bona kganya e tswang lehodimong e tshwanang le ya ha letsatsi le tjhaba.—Luka 1:78.
Modimo o file Jesu matla a ho fedisa mathata ohle a rona. Jesu o ile a etsa mehlolo ho bontsha hore o na le matla a ho hlola mathata ao re ke keng ra a hlola ka borona. Ka mohlala, o na le matla a ho re lokolla mohloding wa mathata a rona e leng sebe seo re se futsitseng le diphello tsa sona tse kang ho kula le lefu. (Mat. 9:1-6; Bar. 5:12, 18, 19) Mehlolo eo Jesu a e entseng e a tiisa hore a ka fodisa mafu “a mefuta yohle” a ba a tsosa bafu. (Mat. 4:23; Joh. 11:43, 44) O boetse o na le matla a ho laola difefo tse matla le ho ntsha bademona ba keneng bathong. (Mar. 4:37-39; Luka 8:2) Ka nnete ho a kgothatsa ho tseba hore Jehova o file Mora wa hae matla a makana. Re ka kgodiseha hore ditshepiso tsa Modimo di tla phethahala nakong e tlang tlasa Mmuso wa hae. Mehlolo eo Jesu a ileng a e etsa ha a ntse a le lefatsheng e a re bontsha hore na o tla etsa dintho tse kgolo hakae ha e se e le Morena wa Mmuso wa Modimo. w23.04 3 ¶5-7