LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
Log Out
Log In
LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Re a o Amohela.
Laebrari ena e sebedisetswa ho etsa dipatlisiso dingolweng tsa Dipaki Tsa Jehova ka dipuo tse sa tshwaneng.
Haeba o batla ho downloada dingolwa, re kopa o ye ho jw.org.
  • Kajeno

Sontaha, la 31 August

Ba bohlale ke bona ba tla di utlwisisa.—Dan. 12:10.

Re lokela ho kopa thuso haeba re batla ho utlwisisa boprofeta ba Bibele. Nahana ka mohlala ona. A re re o etetse sebaka seo o sa se tsebeng empa motswalle wa hao eo o tsamayang le yena o se tseba hantle. O tseba hantle hore na le hokae le hore tsela e nngwe le e nngwe e ya hokae. O ne o tla thaba hore ebe motswalle wa hao o dumetse ho tsamaya le wena. Ka tsela e tshwanang, Jehova o tshwana le motswalle eo mme o tseba bokamoso ba rona hantle. Ka hoo, e le hore re utlwisise boprofeta ba Bibele, re lokela ho ikokobetsa mme re kope thuso ho Jehova. (Dan. 2:28; 2 Pet. 1:​19, 20) Jehova o jwalo ka motswadi ya molemo, o batla hore re thabele bophelo nakong e tlang. (Jer. 29:11) Ha a tshwane le batho hobane ke motswadi ya kgonang ho re bolella hantle hore na ho tlo etsahalang nakong e tlang ebile o dula a nepile. Jehova o kgethile batho hore ba ngole boprofeta ka Lentsweng la hae e le hore re ka tseba ka diketsahalo tsa bohlokwa pele di etsahala.—Esa. 46:10. w23.08 8 ¶3-4

Ho Hlahlobisisa Mangolo Ka Mehla—2025

Mantaha la 1 September

Re tla bona kganya e tswang lehodimong e tshwanang le ya ha letsatsi le tjhaba.—Luka 1:78.

Modimo o file Jesu matla a ho fedisa mathata ohle a rona. Jesu o ile a etsa mehlolo ho bontsha hore o na le matla a ho hlola mathata ao re ke keng ra a hlola ka borona. Ka mohlala, o na le matla a ho re lokolla mohloding wa mathata a rona e leng sebe seo re se futsitseng le diphello tsa sona tse kang ho kula le lefu. (Mat. 9:​1-6; Bar. 5:​12, 18, 19) Mehlolo eo Jesu a e entseng e a tiisa hore a ka fodisa mafu “a mefuta yohle” a ba a tsosa bafu. (Mat. 4:23; Joh. 11:​43, 44) O boetse o na le matla a ho laola difefo tse matla le ho ntsha bademona ba keneng bathong. (Mar. 4:​37-39; Luka 8:2) Ka nnete ho a kgothatsa ho tseba hore Jehova o file Mora wa hae matla a makana. Re ka kgodiseha hore ditshepiso tsa Modimo di tla phethahala nakong e tlang tlasa Mmuso wa hae. Mehlolo eo Jesu a ileng a e etsa ha a ntse a le lefatsheng e a re bontsha hore na o tla etsa dintho tse kgolo hakae ha e se e le Morena wa Mmuso wa Modimo. w23.04 3 ¶5-7

Ho Hlahlobisisa Mangolo Ka Mehla—2025

Labobedi la 2 September

Moya o senola dintho tsohle esita le dintho tse tebileng tsa Modimo.—1 Bakor. 2:10.

Haeba o le phuthehong e kgolo mme o bona eka o kgethwa ka sewelo, o ka nna wa ikutlwa o se o sa thabele ho arabela ha o le dibokeng mme wa mamela feela. Empa o se ke wa tela. Lokisetsa dikarabo tse ngata. Haeba o sa kgethwe qalong ya thuto ya Tora ya ho Lebela, o tla nne o fumane menyetla e meng ya ho arabela ha diboka di ntse di tswela pele. Nahana hore na serapa ka seng se amana jwang le sehlooho ha o lokisetsa Tora ya ho Lebela. Ha o etsa jwalo o tla ba le dikarabo tse monate tseo o ka fanang ka tsona. O ka boela wa lokisetsa ho arabela dirapeng tse hlalosang dithuto tse tebileng. Hobaneng? Hobane e ka ba batho ba mmalwa feela ba phahamisang serapeng seo. O ka etsang haeba o ntse o sa kgethwe? Pele diboka di qala o ka bua le morabo rona ya tlo kganna thuto mme o mo kope hore a o kgethe ho arabela serapeng seo o se kgethileng. w23.04 21-22 ¶9-10

Ho Hlahlobisisa Mangolo Ka Mehla—2025
Re a o Amohela.
Laebrari ena e sebedisetswa ho etsa dipatlisiso dingolweng tsa Dipaki Tsa Jehova ka dipuo tse sa tshwaneng.
Haeba o batla ho downloada dingolwa, re kopa o ye ho jw.org.
  • Sesotho (South Africa)
  • Share
  • Preferences
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ya Tshebediso
  • Privacy Policy
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Log In
Share