Mantaha la 1 September
Re tla bona kganya e tswang lehodimong e tshwanang le ya ha letsatsi le tjhaba.—Luka 1:78.
Modimo o file Jesu matla a ho fedisa mathata ohle a rona. Jesu o ile a etsa mehlolo ho bontsha hore o na le matla a ho hlola mathata ao re ke keng ra a hlola ka borona. Ka mohlala, o na le matla a ho re lokolla mohloding wa mathata a rona e leng sebe seo re se futsitseng le diphello tsa sona tse kang ho kula le lefu. (Mat. 9:1-6; Bar. 5:12, 18, 19) Mehlolo eo Jesu a e entseng e a tiisa hore a ka fodisa mafu “a mefuta yohle” a ba a tsosa bafu. (Mat. 4:23; Joh. 11:43, 44) O boetse o na le matla a ho laola difefo tse matla le ho ntsha bademona ba keneng bathong. (Mar. 4:37-39; Luka 8:2) Ka nnete ho a kgothatsa ho tseba hore Jehova o file Mora wa hae matla a makana. Re ka kgodiseha hore ditshepiso tsa Modimo di tla phethahala nakong e tlang tlasa Mmuso wa hae. Mehlolo eo Jesu a ileng a e etsa ha a ntse a le lefatsheng e a re bontsha hore na o tla etsa dintho tse kgolo hakae ha e se e le Morena wa Mmuso wa Modimo. w23.04 3 ¶5-7
Labobedi la 2 September
Moya o senola dintho tsohle esita le dintho tse tebileng tsa Modimo.—1 Bakor. 2:10.
Haeba o le phuthehong e kgolo mme o bona eka o kgethwa ka sewelo, o ka nna wa ikutlwa o se o sa thabele ho arabela ha o le dibokeng mme wa mamela feela. Empa o se ke wa tela. Lokisetsa dikarabo tse ngata. Haeba o sa kgethwe qalong ya thuto ya Tora ya ho Lebela, o tla nne o fumane menyetla e meng ya ho arabela ha diboka di ntse di tswela pele. Nahana hore na serapa ka seng se amana jwang le sehlooho ha o lokisetsa Tora ya ho Lebela. Ha o etsa jwalo o tla ba le dikarabo tse monate tseo o ka fanang ka tsona. O ka boela wa lokisetsa ho arabela dirapeng tse hlalosang dithuto tse tebileng. Hobaneng? Hobane e ka ba batho ba mmalwa feela ba phahamisang serapeng seo. O ka etsang haeba o ntse o sa kgethwe? Pele diboka di qala o ka bua le morabo rona ya tlo kganna thuto mme o mo kope hore a o kgethe ho arabela serapeng seo o se kgethileng. w23.04 21-22 ¶9-10
Laboraro la 3 September
Josefa . . . [a] etsa ka moo lengeloi la Jehova le neng le mo laetse ka teng, a isa mosadi wa hae lapeng.—Mat. 1:24.
Josefa o ne a mamela tataiso ya Jehova hanghang mme seo se ile sa etsa hore e be monna ya molemo. Diketsahalong tse tharo, o ile a fumana ditaelo tse tswang ho Modimo mabapi le lelapa la hae. O ile a mamela ditaelo tseo hanghang le ha ho ne ho se bonolo. (Mat. 1:20; 2:13-15, 19-21) Ka ha Josefa o ne a mamela tataiso ya Modimo, o ile a kgona ho sireletsa Maria, ho mo tshehetsa le ho mo hlokomela. Nahana feela hore na dintho tseo Josefa a ileng a di etsa di ile tsa etsa hore Maria a mo rate le ho mo hlompha hakae. Banna, le ka etsisa Josefa ka hore le batle dikeletso tse tswang ka Bibeleng e le hore le hlokomele malapa a lona. Ha o mamela dikeletso tsena le haeba o tlameha ho etsa diphetoho, o tla be o bontsha hore o rata mosadi wa hao ebile le tla ratana le ho feta. Moradi wa bo rona ya dulang Vanuatu ya seng a qetile dilemo tse 20 a nyetswe o re: “Ha monna wa ka a batla tataiso ya Jehova a bile a e mamela, ke mo hlompha le ho feta. Ke ikutlwa ke sireletsehile ebile ke tshepa diqeto tsa hae.” w23.05 21 ¶5