LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
Log Out
Log In
LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Re a o Amohela.
Laebrari ena e sebedisetswa ho etsa dipatlisiso dingolweng tsa Dipaki Tsa Jehova ka dipuo tse sa tshwaneng.
Haeba o batla ho downloada dingolwa, re kopa o ye ho jw.org.
  • Kajeno

Labobedi la 2 September

Moya o senola dintho tsohle esita le dintho tse tebileng tsa Modimo.—1 Bakor. 2:10.

Haeba o le phuthehong e kgolo mme o bona eka o kgethwa ka sewelo, o ka nna wa ikutlwa o se o sa thabele ho arabela ha o le dibokeng mme wa mamela feela. Empa o se ke wa tela. Lokisetsa dikarabo tse ngata. Haeba o sa kgethwe qalong ya thuto ya Tora ya ho Lebela, o tla nne o fumane menyetla e meng ya ho arabela ha diboka di ntse di tswela pele. Nahana hore na serapa ka seng se amana jwang le sehlooho ha o lokisetsa Tora ya ho Lebela. Ha o etsa jwalo o tla ba le dikarabo tse monate tseo o ka fanang ka tsona. O ka boela wa lokisetsa ho arabela dirapeng tse hlalosang dithuto tse tebileng. Hobaneng? Hobane e ka ba batho ba mmalwa feela ba phahamisang serapeng seo. O ka etsang haeba o ntse o sa kgethwe? Pele diboka di qala o ka bua le morabo rona ya tlo kganna thuto mme o mo kope hore a o kgethe ho arabela serapeng seo o se kgethileng. w23.04 21-22 ¶9-10

Ho Hlahlobisisa Mangolo Ka Mehla—2025

Laboraro la 3 September

Josefa . . . [a] etsa ka moo lengeloi la Jehova le neng le mo laetse ka teng, a isa mosadi wa hae lapeng.—Mat. 1:24.

Josefa o ne a mamela tataiso ya Jehova hanghang mme seo se ile sa etsa hore e be monna ya molemo. Diketsahalong tse tharo, o ile a fumana ditaelo tse tswang ho Modimo mabapi le lelapa la hae. O ile a mamela ditaelo tseo hanghang le ha ho ne ho se bonolo. (Mat. 1:20; 2:​13-15, 19-21) Ka ha Josefa o ne a mamela tataiso ya Modimo, o ile a kgona ho sireletsa Maria, ho mo tshehetsa le ho mo hlokomela. Nahana feela hore na dintho tseo Josefa a ileng a di etsa di ile tsa etsa hore Maria a mo rate le ho mo hlompha hakae. Banna, le ka etsisa Josefa ka hore le batle dikeletso tse tswang ka Bibeleng e le hore le hlokomele malapa a lona. Ha o mamela dikeletso tsena le haeba o tlameha ho etsa diphetoho, o tla be o bontsha hore o rata mosadi wa hao ebile le tla ratana le ho feta. Moradi wa bo rona ya dulang Vanuatu ya seng a qetile dilemo tse 20 a nyetswe o re: “Ha monna wa ka a batla tataiso ya Jehova a bile a e mamela, ke mo hlompha le ho feta. Ke ikutlwa ke sireletsehile ebile ke tshepa diqeto tsa hae.” w23.05 21 ¶5

Ho Hlahlobisisa Mangolo Ka Mehla—2025

Labone la 4 September

Ho tla ba le tsela e kgolo, e bitswang Tsela ya Kgalalelo.—Esa. 35:8.

Bajuda ba kgutlelang Iseraele ba tswa Babilona e ne e lokela ho ba “setjhaba se halalelang” sa Modimo. (Deut. 7:6) Le ha ho le jwalo, taba ena e ne e sa bolele hore ba ne ba sa lokela ho etsa diphetoho e le hore ba thabise Jehova. Boholo ba Bajuda bo ne bo hlahetse Babilona mme ho bonahala eka ba ne ba se ba tlwaetse mekgwa ya Bababilona ba bile ba se ba nahana jwalo ka bona. Dilemo tse ngata ka mora hore Bajuda ba kgutlele Iseraele, Nehemia o ile a makala ha a fumana hore bana ba hlahetseng Iseraele ba ne ba sa tsebe ho bua puo ya Bajuda. (Deut. 6:​6, 7; Neh. 13:​23, 24) Bana bao ba ne ba tla ithuta ho rata le ho sebeletsa Jehova jwang empa ba sa utlwisise Seheberu e leng puo eo Lentswe la Modimo le neng le ngotswe ka yona? (Esdr. 10:​3, 44) Ka hoo, Bajuda ba ne ba lokela ho etsa diphetoho tse ngata empa ho ne ho tla ba bonolo hore ba di etse ha ba le Iseraele e leng moo Jehova a neng a ka rapelwa ka tsela eo a e batlang.—Neh. 8:​8, 9. w23.05 15 ¶6-7

Ho Hlahlobisisa Mangolo Ka Mehla—2025
Re a o Amohela.
Laebrari ena e sebedisetswa ho etsa dipatlisiso dingolweng tsa Dipaki Tsa Jehova ka dipuo tse sa tshwaneng.
Haeba o batla ho downloada dingolwa, re kopa o ye ho jw.org.
  • Sesotho (South Africa)
  • Share
  • Preferences
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ya Tshebediso
  • Privacy Policy
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Log In
Share