Laboraro la 3 September
Josefa . . . [a] etsa ka moo lengeloi la Jehova le neng le mo laetse ka teng, a isa mosadi wa hae lapeng.—Mat. 1:24.
Josefa o ne a mamela tataiso ya Jehova hanghang mme seo se ile sa etsa hore e be monna ya molemo. Diketsahalong tse tharo, o ile a fumana ditaelo tse tswang ho Modimo mabapi le lelapa la hae. O ile a mamela ditaelo tseo hanghang le ha ho ne ho se bonolo. (Mat. 1:20; 2:13-15, 19-21) Ka ha Josefa o ne a mamela tataiso ya Modimo, o ile a kgona ho sireletsa Maria, ho mo tshehetsa le ho mo hlokomela. Nahana feela hore na dintho tseo Josefa a ileng a di etsa di ile tsa etsa hore Maria a mo rate le ho mo hlompha hakae. Banna, le ka etsisa Josefa ka hore le batle dikeletso tse tswang ka Bibeleng e le hore le hlokomele malapa a lona. Ha o mamela dikeletso tsena le haeba o tlameha ho etsa diphetoho, o tla be o bontsha hore o rata mosadi wa hao ebile le tla ratana le ho feta. Moradi wa bo rona ya dulang Vanuatu ya seng a qetile dilemo tse 20 a nyetswe o re: “Ha monna wa ka a batla tataiso ya Jehova a bile a e mamela, ke mo hlompha le ho feta. Ke ikutlwa ke sireletsehile ebile ke tshepa diqeto tsa hae.” w23.05 21 ¶5
Labone la 4 September
Ho tla ba le tsela e kgolo, e bitswang Tsela ya Kgalalelo.—Esa. 35:8.
Bajuda ba kgutlelang Iseraele ba tswa Babilona e ne e lokela ho ba “setjhaba se halalelang” sa Modimo. (Deut. 7:6) Le ha ho le jwalo, taba ena e ne e sa bolele hore ba ne ba sa lokela ho etsa diphetoho e le hore ba thabise Jehova. Boholo ba Bajuda bo ne bo hlahetse Babilona mme ho bonahala eka ba ne ba se ba tlwaetse mekgwa ya Bababilona ba bile ba se ba nahana jwalo ka bona. Dilemo tse ngata ka mora hore Bajuda ba kgutlele Iseraele, Nehemia o ile a makala ha a fumana hore bana ba hlahetseng Iseraele ba ne ba sa tsebe ho bua puo ya Bajuda. (Deut. 6:6, 7; Neh. 13:23, 24) Bana bao ba ne ba tla ithuta ho rata le ho sebeletsa Jehova jwang empa ba sa utlwisise Seheberu e leng puo eo Lentswe la Modimo le neng le ngotswe ka yona? (Esdr. 10:3, 44) Ka hoo, Bajuda ba ne ba lokela ho etsa diphetoho tse ngata empa ho ne ho tla ba bonolo hore ba di etse ha ba le Iseraele e leng moo Jehova a neng a ka rapelwa ka tsela eo a e batlang.—Neh. 8:8, 9. w23.05 15 ¶6-7
Labohlano la 5 September
Jehova o tshehetsa bohle ba wang ebile o phahamisa bohle ba imetsweng.—Pes. 145:14.
Re ka nna ra hlahelwa ke dintho tseo re sa di lebellang le hoja re ne re ikemiseditse ho etsa dintho tseo re neng re di rerile. Ka mohlala, re ka hlahelwa ke “dintho ka tshohanyetso” tse ka re sitisang ho etsa dintho tseo re neng re di rerile. (Moek. 9:11) Re ka hlahelwa ke mathata hoo re ka nyahamang mme ra fellwa ke matla. (Diprov. 24:10) Ka ha re baetsadibe, re ka etsa diphoso tse ka etsang hore ho be thata ho finyella dintho tseo re batlang ho di etsa. (Bar. 7:23) Ka dinako tse ding re ka ikutlwa re kgathetse. (Mat. 26:43) Re ka thuswa keng ha re hlahelwa ke dintho tseo re sa di lebellang? Ha ho etsahala ntho eo o sa e lebellang e o sitisang ho finyella seo o se rerileng, seo ha se bolele hore o hlolehile. Bibele e re re ka hlahelwa ke mathata hangata. Le ha ho le jwalo, e boetse e bontsha hore re ka finyella dintho tseo re di rerileng. Ha o leka ho finyella seo o se rerileng le hoja ho le thata, o bontsha Jehova hore o batla ho mo thabisa mme o thaba haholo ha a bona o etsa jwalo. w23.05 30 ¶14-15