LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
Log Out
Log In
LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Re a o Amohela.
Laebrari ena e sebedisetswa ho etsa dipatlisiso dingolweng tsa Dipaki Tsa Jehova ka dipuo tse sa tshwaneng.
Haeba o batla ho downloada dingolwa, re kopa o ye ho jw.org.
  • Kajeno

Labone la 4 September

Ho tla ba le tsela e kgolo, e bitswang Tsela ya Kgalalelo.—Esa. 35:8.

Bajuda ba kgutlelang Iseraele ba tswa Babilona e ne e lokela ho ba “setjhaba se halalelang” sa Modimo. (Deut. 7:6) Le ha ho le jwalo, taba ena e ne e sa bolele hore ba ne ba sa lokela ho etsa diphetoho e le hore ba thabise Jehova. Boholo ba Bajuda bo ne bo hlahetse Babilona mme ho bonahala eka ba ne ba se ba tlwaetse mekgwa ya Bababilona ba bile ba se ba nahana jwalo ka bona. Dilemo tse ngata ka mora hore Bajuda ba kgutlele Iseraele, Nehemia o ile a makala ha a fumana hore bana ba hlahetseng Iseraele ba ne ba sa tsebe ho bua puo ya Bajuda. (Deut. 6:​6, 7; Neh. 13:​23, 24) Bana bao ba ne ba tla ithuta ho rata le ho sebeletsa Jehova jwang empa ba sa utlwisise Seheberu e leng puo eo Lentswe la Modimo le neng le ngotswe ka yona? (Esdr. 10:​3, 44) Ka hoo, Bajuda ba ne ba lokela ho etsa diphetoho tse ngata empa ho ne ho tla ba bonolo hore ba di etse ha ba le Iseraele e leng moo Jehova a neng a ka rapelwa ka tsela eo a e batlang.—Neh. 8:​8, 9. w23.05 15 ¶6-7

Ho Hlahlobisisa Mangolo Ka Mehla—2025

Labohlano la 5 September

Jehova o tshehetsa bohle ba wang ebile o phahamisa bohle ba imetsweng.—Pes. 145:14.

Re ka nna ra hlahelwa ke dintho tseo re sa di lebellang le hoja re ne re ikemiseditse ho etsa dintho tseo re neng re di rerile. Ka mohlala, re ka hlahelwa ke “dintho ka tshohanyetso” tse ka re sitisang ho etsa dintho tseo re neng re di rerile. (Moek. 9:11) Re ka hlahelwa ke mathata hoo re ka nyahamang mme ra fellwa ke matla. (Diprov. 24:10) Ka ha re baetsadibe, re ka etsa diphoso tse ka etsang hore ho be thata ho finyella dintho tseo re batlang ho di etsa. (Bar. 7:23) Ka dinako tse ding re ka ikutlwa re kgathetse. (Mat. 26:43) Re ka thuswa keng ha re hlahelwa ke dintho tseo re sa di lebellang? Ha ho etsahala ntho eo o sa e lebellang e o sitisang ho finyella seo o se rerileng, seo ha se bolele hore o hlolehile. Bibele e re re ka hlahelwa ke mathata hangata. Le ha ho le jwalo, e boetse e bontsha hore re ka finyella dintho tseo re di rerileng. Ha o leka ho finyella seo o se rerileng le hoja ho le thata, o bontsha Jehova hore o batla ho mo thabisa mme o thaba haholo ha a bona o etsa jwalo. w23.05 30 ¶14-15

Ho Hlahlobisisa Mangolo Ka Mehla—2025

Moqebelo la 6 September

Le behele mohlape mohlala.—1 Pet. 5:3.

Ho ba pulamadiboho ho thusa morabo rona e motjha hore a sebetse le batho ba fapaneng hantle. Ho boetse ho mo thusa hore a kgone ho sebedisa tjhelete hantle. (Bafil. 4:​11-13) Haeba morabo rona e motjha a batla ho kenela tshebeletso ya nako e tletseng, a ka qala pele ka hore e be pulamadiboho e thusang mme seo se ka mo thusa hore e be bopulamadiboho ya ka mehla. Ho ba pulamadiboho ho ka o bulela menyetla e meng ya tshebeletso jwalo ka ho sebeletsa kahong kapa Bethele. Bara ba bo rona ba lokela ho leka ho etsa hore ba tshwanelehe hore e be baholo. Bibele e re bara ba bo rona ba batlang ho ba baholo ba “lakatsa mosebetsi o motle.” (1 Tim. 3:1) Pele, morabo rona o lokela ho sebetsa ka thata hore e be mohlanka ya sebeletsang. Bahlanka ba sebeletsang ba thusa baholo ka ditsela tse ngata. Baholo le bahlanka ba sebeletsang ba hlokomela phutheho ebile ba tjhesehela ho bolela ditaba tse monate. w23.12 28 ¶14-16

Ho Hlahlobisisa Mangolo Ka Mehla—2025
Re a o Amohela.
Laebrari ena e sebedisetswa ho etsa dipatlisiso dingolweng tsa Dipaki Tsa Jehova ka dipuo tse sa tshwaneng.
Haeba o batla ho downloada dingolwa, re kopa o ye ho jw.org.
  • Sesotho (South Africa)
  • Share
  • Preferences
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ya Tshebediso
  • Privacy Policy
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Log In
Share