Pina ea 114
Buka ea Molimo ke Letlotlo
1. Ho na le buka eo taba tsa eona
Li fang batho nyakallo le khotso.
Likhopolo tsa eona ke tse hlollang
Ke tse nang le matla a maholo;
Ena ke Bibele e Halalelang.
E bululetsoe ke Molimo Jah
A sebelisa banna ba mo ratang,
Ba susumetsoa ke moea oa hae.
2. Ba buile ka pōpo ea Molimo,
Kamoo bokahohle bo bileng teng,
Le ha batho ba ne ba se na sebe,
Ba lahleheloa ke Paradeise;
Le ka lengeloi leo la mohanyetsi,
Le phephelitseng bobusi ba Jah.
Kahoo ra oela sebeng le masoabing,
Empa Jah o tla lokisa lintho.
3. Kajeno re phela nakong ea thabo.
Joale Kreste o lutse teroneng.
’Me lena ke letsatsi la poloko
Ho bohle ba boelang ho eena.
Re utloa taba tsena tse monate;
Ha re ithuta Lentsoe la ’Mōpi,
Re fumana khotso e fetisisang.
Bohle ba ke ba ithute lona.
(Sheba le 2 Tim. 3:16; 2 Pet. 1:21.)