LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • mwbr18 April maq. 1-8
  • Ditshupiso tsa Bukana ya Seboka sa Bophelo le Tshebeletso ya Rona

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • Ditshupiso tsa Bukana ya Seboka sa Bophelo le Tshebeletso ya Rona
  • Ditshupiso tsa Bukana ya Seboka sa Bophelo le Tshebeletso ya Rona (2018)
  • Dihloohwana
  • 2-8 APRIL
  • nwtsty study note se ho Mat 26:26
  • 9-15 APRIL
Ditshupiso tsa Bukana ya Seboka sa Bophelo le Tshebeletso ya Rona (2018)
mwbr18 April maq. 1-8

Ditshupiso tsa Bukana ya Seboka sa Bophelo le Tshebeletso ya Rona

2-8 APRIL

MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | MATHEU 26

“Paseka le Sehopotso di Tshwana Jwang Ebile di Fapana Jwang?”

(Matheu 26:17-20) Ka letsatsi la pele la mahobe a sa lomoswang barutuwa ba tla ho Jesu, ba re: “Ke hokae moo o batlang hore re o lokisetse ho jela paseka teng?” 18 A re: “Kenang motseng le ye ho Nnyeo mme le re ho yena, Mosuwe o re, ‘Nako ya ka e behilweng e haufi; ke tla ketekela Paseka le barutuwa ba ka lapeng la hao.”’” 19 Yaba barutuwa ba etsa ka moo Jesu a ba laetseng kateng, mme ba lokisa dintho bakeng sa Paseka. 20 Jwale, ha e se e le shwalane, o ne a otlile ka lehlakore tafoleng le barutuwa ba leshome le metso e mmedi.

nwtsty media

Dijo Tsa Paseka

Dijo tse neng di hlokahala ka Paseka e ne e le: konyana e besitsweng (ha ho na masapo a neng a lokela ho rojwa) (1); bohobe bo sa lomoswang (2); le meroho e babang (3). (Ex 12:5, 8; Nu 9:11) Ho ya ka buka e bitswang Mishna, e ka nna yaba meroho e babang e ne e hopotsa Baiseraele ka bokgoba boo ba neng ba le ho bona Egepeta. Jesu o ile a sebedia bohobe bo sa lomoswang e le ha a tshwantshetsa mmele wa hae o se nang sebe. (Mat 26:26) Moapostola Pauluse o ile a re Jesu ke ‘konyana ya rona ya Paseka.’ (1Ko 5:7) Dilemong tsa bo 100, veine (4) e ne e se e le karolo ya dijo tsa Paseka. Jesu o ile a sebedisa veine ho tshwantshetsa madi a hae a neng a tla tshollwa e le sehlabelo.—Mat 26:27, 28.

(Matheu 26:26) Ha ba ntse ba tswela pele ho ja, Jesu a nka bohobe mme, ka mora ho kopa tlhohonolofatso, a bo qhetsola mme, ha a bo fa barutuwa, a re: “Nkang, le je. Sena se bolela mmele wa ka.”

nwtsty study note se ho Mat 26:26

bolela: Lentswe la Segerike e·stinʹ (leo ha e le hantle le bolelang “ke”) mona le hlalosa “ho bontsha, ho tshwantshetsa kapa ho emela.” Tlhaloso ena e ne e hlakile ho baapostola ka ha lekgetlong lena, mmele wa Jesu o phethahetseng o ne o le ka pela bona hammoho le bohobe bo sa lomoswang. Kahoo, bohobe boo e ne e ke ke ya e ba mmele wa hae wa sebele. Hlokomela hore lentswe leo la Segerike le sebedisitswe le ho Mat 12:7, mme diphetholelo tse ngata tsa Bibele di le sebedisa e le “bolela.”

(Matheu 26:27, 28) Hape, a nka senwelo mme, ha a lebohile, a ba fa sona, a re: “Nwang ho sona, kaofela ha lona; 28 ka ha sena se bolela ‘madi a selekane’ a ka, a tlang ho tshollwa molemong wa ba bangata bakeng sa tshwarelo ya dibe.

nwtsty study note se ho Mat 26:28

madi a selekane: Selekane se setjha seo Jehova a se entseng le batlotsuwa, se qadile ho sebetsa ka lebaka la sehlabelo sa Jesu. (Heb 8:10) Mona Jesu o sebedisa polelo e tshwanang le eo Moshe a ileng a e sebedisa ha e ne e le moemedi mme a theha selekane sa Molao le Iseraele Thabeng ya Sinai. (Ex 24:8; Heb 9:19-21) Feela jwalo ka ha madi a dipoho le a dipodi a ne a tiisa selekane sa Molao se pakeng tsa Modimo le Iseraele, ka ho tshwanang, madi a Jesu a tiisitse selekane se setjha seo Jehova a neng a tla se etsa le Iseraele ya tshwantshetso. Selekane seo se qadile ho sebetsa ka Pentakonte ya 33 C.E.— Heb 9:14, 15.

Batlisisa Matlotlo a Patilweng

(Matheu 26:17) Ka letsatsi la pele la mahobe a sa lomoswang barutuwa ba tla ho Jesu, ba re: “Ke hokae moo o batlang hore re o lokisetse ho jela Paseka teng?”

nwtsty study note se ho Mat 26:17

Ka letsatsi la pele la Mahobe a sa Lomoswang: Mokete wa Mahobe a sa Lomoswang o qadile ka la 15 Nisane, letsatsi ka mora Paseka (14 Nisane), mme o ne o ketekwa ka matsatsi a supileng. (Sheba Appendix B15.) Mehleng ya Jesu, Paseka e ne e amana haufi le mokete ona hoo ka dinako tse ding matsatsi ao a supileng ho kopanyelletsa le la 14 Nisane, a neng a bitswa “mokete wa Mahobe a sa Lomoswang.” (Lu 22:1) Tabeng ena, polelo e reng “Ka letsatsi la pele la” e ka fetolelwa e le “Letsatsi pele ho.” (Bapisa le Joh 1:15, 30, moo lentswe la Segerike [proʹtos] “pele” le fetoletsweng e le “pele ho,” sebopeho se seng se tshwanang e ka ba, “o bile teng pele ho [proʹtos] nna.”) Ka hoo ho latela Segerike, le tlwaelo ya Bajuda, e tlameha e be barutuwa ba ile ba botsa Jesu potso ka 13 Nisane. Motshehare wa 13 Nisane, barutuwa ba ile ba lokisetsa Paseka, eo hamorao e ileng ya ketekwa “ka mora hore shwalane e tshware” qalong ya 14 Nisane.—Mar 14:16, 17.

(Matheu 26:39) Ha a e ya pejana, a itihela fatshe ka sefahleho, a rapela mme a re: “Ntate, haeba ho kgoneha, senwelo sena se ke se mphete. Empa le ha ho le jwalo, eseng kamoo ho ratang nna, empa ka moo ho ratang wena.”

nwtsty study note se ho Mat 26:39

senwelo sena se ke se mphete: Ka Bibeleng, lentswe “senwelo” hangata le sebediswa ka tsela ya tshwantshetso ha le bua ka thato ya Modimo, kapa “boikarabelo bo itseng” bo fuweng motho. (Sheba study note se ho Mat 20:22.) Ha ho pelaelo hore Jesu o ile a tshwenyeha haholo ka lebaka la mokgwa oo a neng a tlo shwa ka ona, o neng o tlo tlisa thohako ho Modimo, mme sena se ile sa etsa hore a kope hore “senwelo” sena se mo fete.

Mmalo wa Bibele

(Matheu 26:1-19)

9-15 APRIL

MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | MATHEU 27-28

“Ke Hobaneng ha re Lokela ho Etsa Barutuwa, re ka ba Etsa Hokae Hona Jwang?”

(Matheu 28:18) Yaba Jesu o a atamela mme o bua le bona, o re: “Ke filwe matla ohle lehodimong le lefatsheng.

w04 7/1 8 ¶4

‘E yang Mme le Etse Barutuwa’

4 Jesu o na le matla hodima phutheho ya hae, mme ho tloha ka 1914 o ile a ba le matla hodima Mmuso wa Modimo o neng o sa tswa hlongwa. (Bakolose 1:13; Tšenolo 11:15) Ke lengeloi le ka sehloohong mme ka hoo o laola lebotho la lehodimo la mangeloi a dikete tse dimilione. (1 Bathesalonika 4:16; 1 Petrose 3:22; Tšenolo 19:14-16) Ntate wa hae wa lehodimo o mo file matla a ho timetsa “puso yohle le bolaodi bohle le matla” tse hanyetsang melaomotheo e lokileng. (1 Bakorinthe 15:24-26; Baefese 1:20-23) Matla a Jesu ha a felle feela ho ba phelang. Hape ke “moahlodi wa ba phelang le wa bafu” mme Modimo o mo file matla a ho tsosa ba robetseng lefung. (Liketso 10:42; Johanne 5:26-28) Ka sebele re lokela ho nka taelo eo Jesu a fanang ka yona e le ya bohlokwa ka ho fetisisa hobane o na le matla a maholo. Kahoo, ka tlhompho le ka boikemisetso re mamela taelo ya Kreste ya hore re ‘ye mme re etse barutuwa.’

(Matheu 28:19) Ka hona e yang mme le etse batho ba ditjhaba tsohle barutuwa, le ba kolobetse ka lebitso la Ntate le la Mora le la moya o halalelang,

nwtsty study notes tse ho Mat 28:19

le etse barutuwa: Leetsi la Segerike e leng ma·the·teuʹo le ka hlaloswa e le ho “ruta” ka sepheo sa ho etsa barutuwa. (Bapisa ka moo le sebedisitsweng ka teng ho Mat 13:52, e le “rutilwe.”) Ho ‘kolobetsa’ le ho ‘ruta’ ke maetsi a hlalosang taelo ya ho ‘etsa barutuwa.’

batho ba ditjhaba tsohle: Mantswe ana a fetoletswe e le “ditjhaba tsohle,” empa ha e le hantle a bolela batho ba tswang ditjhabeng tsohle, ka ha leemedi la Segerike e leng “ba” le hlahang polelong e reng ba kolobetse, le bolela batho eseng “ditjhaba.” Taelo e reng e yang ho “batho ba ditjhaba tsohle” e ne e le ntjha. Pele Jesu a qala tshebeletso ya hae, Mangolo a bontsha hore Baditjhaba ba ne ba amohelehile Iseraele haeba ba ne ba tlile ho tlo sebeletsa Jehova. (1 Mar 8:41-43) Le ha ho le jwalo, Jesu o ne a laela barutuwa ba hae hore ba bolele ditaba tse molemo le ho batho bao e seng Bajuda, a hatisa bohlokwa ba hore Bakreste ba lokela ho etsa barutuwa lefatsheng lohle.—Mat 10:1, 5-7; Tše 7:9; sheba study note se ho Mat 24:14.

(Matheu 28:20) le ba rute ho boloka dintho tsohle tseo ke le laetseng tsona. Mme, bonang! Ke na le lona ka matsatsi ohle ho fihlela qetellong ya tsamaiso ya dintho.”

nwtsty  study note se ho Matheu 28:20

le ba rute: Lentswe la Segerike le hlalosang ho ‘ruta’ le akarelletsa ho fana ka taelo, tlhaloso, ho buella ntho e itseng le ho fana ka bopaki. (Sheba study notes tse ho Mat 3:1; 4:23.) Ho ba ruta ho boloka dintho tsohle tseo Jesu a di laetseng ke ntho e tswellang pele, mme ho akarelletsa ho ba ruta seo Jesu a se rutileng, ho sebedisa dithuto tsa hae le ho latela mohlala wa hae. —Joh 13:17; Ef 4:21; 1Pe 2:21

Batlisisa Matlotlo a Patilweng

(Matheu 27:51) Bonang! Lesira la sehalalelo la hahoha dikoto tse pedi, ho tloha hodimo ho ya tlase, lefatshe la sisinyeha, mafika a petsoha.

nwtsty study notes tse ho Mat 27:51

Lesira: Lesela lena le letle le ne le arola Sehalaledisiso le Sehalalelo ka tempeleng. Ho latela tlwaelo ya Bajuda, lesela lena le boima le ne le le botelele ba dimithara tse 18, bophara ba dimithara tse 9 le botenya ba disenthimithara tse 7.4. Ka hore e be lesela lena le ile la taboha dikoto tse pedi, Jehova o ne a bontsha kgalefo ho babolai ba mora wa hae hape sena se ne se bontsha hore ho kena lehodimong ho se ho kgonahala.—Heb 10:19, 20; sheba le Glossary

sehalalelo: Lentswe lena la Segerike e leng na·osʹ mona le hlalosa karolo ya bohlokwa ka hara tempele e leng Sehalalelo le Sehalaledisiso.

(Matheu 28:7) E yang kapele mme le bolelle barutuwa ba hae hore o tsositswe bafung, mme, bonang! o le etella pele ho kena Galilea; le tla mo bona moo. Bonang! Ke le boleletse.”

nwtsty study note se ho Mat 28:7

le bolelle barutuwa ba hae hore o tsositswe bafung: Basadi bana ke bona barutuwa ba pele ba ho bolellwa ka ho tsoswa ha Jesu hape ke bona ba ileng ba laelwa hore ba ilo bolella barutuwa ba bang. (Mat 28:2, 5, 7) Ho latela moetlo wa Bajuda o neng o sa thehwa Bibeleng, basadi ba ne ba sa dumellwa ho fana ka bopaki ka kgotla. Ho fapana le hoo, lengeloi la Jehova le ile la bontsha hore le hlompha basadi bana ka ho ba fa kabelo ena e thabisang.

Mmalo wa Bibele

(Matheu 27:38-54)

16-22 APRIL

MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | MAREKA 1-2

“O Tshwaretswe Dibe”

(Mar 2:3-5) Yaba banna ba a tla ba mo tlisetsa motho ya shweleng ditho a kakasitswe ke batho ba bane. 4 Empa ha ba sa kgone ho mo tlisa ho Jesu ka lebaka la bongata, ba tlosa marulelo ka hodima moo a neng a le teng, mme ha ba phuntse lesoba ba theola lempara leo motho ya shweleng ditho a neng a robetse ho lona. 5 Ha Jesu a bona tumelo ya bona a re ho motho ya shweleng ditho: “Ngwana, o tshwaretswe dibe.”

jy 67 ¶3-5

“O Tshwaretswe Dibe”

Ha Jesu a ntse a ruta ka hara ntlo e tletseng batho, banna ba bane ba tlisa monna ya shweleng ditho ya robetseng hodima lempara. Ba batla hore Jesu a phekole motswalle wa bona. Le ha ho le jwalo, ka lebaka la hore ho ne ho tletse, ba ne ba sa kgone “ho mo tlisa ho Jesu”. (Mareka 2:4) O ka inahanela feela hore ba ne ba utlwile bohloko jwang. Ka hoo, ba hlwella ka hodima ntlo mme ba tlosa marulelo e le hore ba etse lesoba la ho kena. Ka mora moo ba ile ba theola lempara yaba ba kenya monna eo ya holofetseng ka tlung.

Na Jesu o ile a ba halefela? Ho hang! O ile a kgahlwa ke tumelo eo ba neng ba e na le yona yaba o re ho monna eo ya holofetseng: “O tshwaretswe dibe.” (Matheu 9:2) Empa na kannete Jesu a ka tshwarela dibe? Bangodi le Bafarisi ba ile ba belaela yaba ba re: “Ke hobaneng ha monna enwa a bua ka mokgwa oo? O a nyefola. Ke mang ya ka tshwarelang dibe haese a le mong, Modimo?”—Mareka 2:7.

Ka ha Jesu o ne a tseba menahano ya bona, o ile a re: “Ke hobaneng ha le nahana dintho tsee ka dipelong tsa lona? Ke hofe ho bonolo, ho re ho motho ya shweleng ditho, ‘O tshwaretswe dibe,’ kapa ho re, ‘Ema mme o nke lempara la hao o tsamaye’? (Mareka 2:8, 9) Jesu o ne a ka tshwarela monna eo dibe hobane o ne a tlo fana ka mmele wa hae e le sehlabelo.

(Mareka 2:6-12) Jwale ho ne ho e na le ba bang ba bangodi moo, ba dutse mme ba nahana ka dipelong tsa bona: 7 “Ke hobaneng ha monna enwa a bua ka mokgwa oo? O a nyefola. Ke mang ya ka tshwarelang dibe haese a le mong, Modimo?” 8 Empa Jesu, ha a lemohile kapele pele ka moya wa hae hore ba ne ba nahana ka tsela eo ka ho bona, a re ho bona: “Ke hobaneng ha le nahana dintho tsee ka dipelong tsa lona? 9 Ke hofe ho bonolo, ho re ho motho ya shweleng ditho, ‘O tshwaretswe dibe,’ kapa ho re, ‘Ema mme o nke lempara la hao o tsamaye? 10 Empa e le hore le tsebe hore Mora motho o na le matla a ho tshwarela dibe lefatsheng,” a re ho motho ya shweleng ditho: 11 “Ke re ho wena, Ema, o nke lempara la hao, mme o ye lapeng la hao.” 12 Yaba wa ema, mme kapele pele o nka lempara la hae o tswa ka pela bona kaofela, hoo kaofela ba ileng hlollwa, mme ba tlotlisa Modimo, ba re: “Le ka mohla ha re e so bone ho kang hona.”

nwtsty study note se ho Mar 2:9

Ke hofe ho bonolo: Ho ne ho ka ba bonolo hore motho a re o kgona ho tshwarela dibe ka ha ho ne ho se na bopaki bo tshwarehang bo neng bo hlokahala hore a bo etse e le hore a netefatse seo a se buang. Empa ho re Ema . . . mme o tsamaye ho ne ho hloka mohlolo o neng o tla etsa hore batho ba dumele hore Jesu o na le matla a ho tshwarela dibe. Tlaleho e na le e hlahang ho Esa 33:24 e bontsha hore ho kula ho amana le ho se phethahale hoo re nang le hona.

Batlisisa Matlotlo a Patilweng

(Mar 1:11) Yaba lentswe le tswa mahodimong: “O Mora wa ka, ya ratwang; ke o amohetse.”

nwtsty study notes tse ho Mar 1:11

lentswe le tswa mahodimong: Le na ke lekgetlo la pele ho a mararo ditlalehong tsa Dikospele moo Jehova a buang ka ho toba le batho.—Sheba study notes tse ho Mar 9:7; Joh 12:28.

O Mora wa ka: Ha Jesu e ntse e le lengeloi e ne e le Mora wa Modimo. (Joh 3:16) Ho tloha ka nako eo a neng a tswalwa, Jesu e ne e le “mora wa Modimo” mme a phethahetse jwalo ka ha Adama a ne a phethahetse. (Lu 1:35; 3:38) Ka hoo, ke ho utlwahalang hore mona lentswe la Modimo ha le hlalose Jesu feela e le mora wa hae. Empa ka phatlalatso ena ha mmoho le ho tlotswa ka moya o halalelang, Modimo o kgetholla Jesu e le mora wa hae, ya ‘tswetsweng hape’ ka tshepo ya ho kgutlela lehodimong e le motlotsuwa ya tla etswa Morena le Moprista Ya Phahameng.—Bapisa le Joh 3:3-6; 6:51; Lu 1:31-33; Heb 2:17; 5:1, 4-10; 7:1-3.

Ke o amohetse: Kapa “Ke o thabetse; ke motlotlo ka wena.” Polelo ena e hlaha hape ho Mat 12:18, e qotsitsweng ho Esa 42:1 mabapi le Mesia ya tshepisitsweng kapa Kreste. Phatlalatso ya Modimo ha mmoho le ho tlotswa ha Jesu ka moya o halalelang e ne e le bopaki bo hlakileng ba hore Jesu e ne e le Mesia ya tshepisitsweng.—Sheba study notes tse ho Mat 3:17; 12:18.

(Mareka 2:27, 28) Ka hoo a tswela pele ho re ho bona: “Sabatha e bile teng ka lebaka la motho, eseng hore motho o bile teng ka lebaka la sabatha; 28 kahoo Mora motho ke Morena esita le wa Sabatha.”

nwtsty study note se ho Mar 2:28

Morena . .  wa sabatha: Jesu o ile a re ke Morena wa Sabatha (Mat 12:8; Lu 6:5), e le ha a bontsha hore Sabatha e ne e le teng bakeng sa hore a etse mosebetsi oo Ntate wa hae wa lehodimo a mo laetseng ona. (Bapisa le Joh 5:19; 10:37, 38.) Ka letsatsi la Sabatha, Jesu o ile a etsa mehlolo e babatsehang, ho akarelletsa le ho fodisa ba kulang. (Lu 13:10-13; Joh 5:5-9; 9:1-14) Sena se ne se bontsha dintho tseo a tlang ho di etsa nakong ya Puso ya hae, e tla beng e tshwana le nako ya phomolo ka letsatsi la sabatha.—Heb 10:1.

Mmalo wa Bibele

(Mareka 1:1-15)

23-29 APRIL

MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | MAREKA 3-4

“Ho Fodisa ka Letsatsi la Sabatha”

(Mareka 3:1, 2) A boela a kena ka synagogeng, mme ho ne ho e na le monna e mong ya omeletseng letsoho. 2 Kahoo ba ne ba mo shebile ka hloko ho bona hore na o ne a tla phekola monna eo ka Sabatha, e le hore ba ka mo qosa.

jy 78 ¶1-2

Keng seo Molao o se Dumellang ka Letsatsi la Sabatha?

Ka letsatsi le leng la Sabatha, Jesu o ile a ya synagogeng, ho ka etsahala o ne a le Galilea. Ha a fihla moo, o ile a kopana le monna ya omeletseng letsoho. (Luka 6:6) Bangodi le Bafarisi ba behile Jesu leihlo. Hobaneng? Morero wa bona o a hlaka ha ba mo botsa hore: “Na ho dumellwa ke molao ho phekola ka Sabatha?”—Matheu 12:10.

Baetapele ba Bajuda ba dumela hore ho fodisa ka Sabatha ho molaong ha feela bophelo ba motho bo le kotsing. Ka mohlala, ho ne ho se molaong ho tlamisa motho ya robehileng lesapo kapa ya nonyetsehileng, hobane ho ne ho nkwa hore ha se maemo a mabe hakaalo. Ho hlakile hore bangodi le Bafarisi ba ne ba sa botse Jesu potso ena hobane ba tshwenyehile ka monna enwa ya neng a le mahlomoleng. Empa feela ba leka ho fumana lebaka la ho qosa Jesu.

(Mareka 3:3, 4) Yaba o re ho monna eo ya omeletseng letsoho: “Phahama mme o tle bohareng.” 4 Ka mora moo a re ho bona: “Na ho dumellwa ke molao ho etsa ketso e molemo kapa ho etsa ketso e mpe ka Sabatha, ho pholosa kapa ho bolaya moya?” Empa ba kgutsa.

jy 78 ¶3

Keng seo Molao o se Dumellang ka Letsatsi la Sabatha?

Le ha ho le jwalo, Jesu o tseba monahano wa bona o fosahetseng. O a hlokomela hore ba se ba e na le pono e sa thehwang mangolong le hore ba fetelletsa dintho mabapi le se lokelwang ho etswa ka letsatsi la Sabatha. (Exoda 20:8-10) O ne a se a ile a kopana le batho ba mo qosang ka mesebetsi ya hae e molemo. Ka mora moo, Jesu o etsa se neng se sa lebellwa ha a bolella monna eo ya omeletseng letsoho hore: “Phahama mme o tle bohareng.”—Mareka 3:3.

(Mareka 3:5) Ka mora ho ba ya ka mahlo ka kgalefo, a saretswe haholo ka lebaka la ho hloka boikutlo ha dipelo tsa bona, a re ho monna eo: “Otlolla letsoho la hao.” Yaba wa le otlolla, mme letsoho la hae la tsosoloswa.

nwtsty  study note se ho Mar 3:5

ka kgalefo, a saretswe haholo: Mareka ke yena feela ya tlalehang seo Jesu a ileng a se etsa ha a hlokomela ho hloka boikutlo ho dipelong tsa baeta pele ba Bajuda ketsahalong ena. (Mat 12:13; Lu 6:10) Ka ha Petrose e ne e le motho ya nang le maikutlo a tebileng, ho ka etsahala hore e be ke yena ya hlaloseditseng Mareka ka tlaleho ena ya Jesu.—Sheba “Seo re ka Ithutang Sona Lengolong la Mareka.”

Batlisisa Matlotlo a Patilweng

(Mareka 3:29) “Le ha ho le jwalo, mang kapa mang ya nyefolang moya o halalelang a ke ke a tshwarelwa, ka ho sa feleng, empa o molato wa sebe se sa feleng.”

nwtsty study notes tse ho Mar 3:29

ya nyefolang moya o halalelang: Ho nyefola ho hlaloswa e le ho senya botumo ba Modimo, ho bua puo e kotsi kapa e mpe kgahlanong le yena kapa dintho tsa hae tse halalelang. Ka ha moya o halalelang o tswa ho Modimo, ha re o hanela ho sebetsa kapa re o sitisa ka boomo, ho tshwana le ho nyefola Modimo. Jwalo ka ha ho tlalehilwe ho Mat 12:24, 28 le Mar 3:22, baetapele ba Bajuda ba ile ba bona moya o halalelang wa Modimo o sebetsa ha Jesu a ntse a etsa mehlolo, le ha ho le jwalo, ba ile ba re ke matla a tswang ho Satane Diabolose.

molato wa sebe se sa feleng: Sena se bolela sebe se entsweng ka boomo mme se na le ditlamorao tse bohloko tsa ka ho sa feleng, mme ha ho na sehlabelo se ka kwahelang sebe seo.—Sheba study se buang ka ya nyefolang moya o halalelang temaneng ena le study note se ho Mat 12:31, se buang ka tlaleho e tshwanang.

(Mareka 4:26-29) Ka hoo a tswela pele ho re: “Ka tsela ena mmuso wa Modimo o jwalo ka ha motho a lahlela peo mobung, 27 mme a robala bosiu mme a tsoha motshehare, ebe peo ya hlaha mme ya hola e ba telele, hore na jwang ha a tsebe. 28 Mobu o beha ditholwana butle butle, lekgasi la jwang pele, e ntano ba hloohwana ya lehlaka, qetellong dithollo tse tletseng hloohwaneng. 29 Empa hang ha ditholwana di ho dumella, o akgela sekele, hobane nako ya kotulo e tlile.”

w14 12/15 12-13 ¶6-8

Na O ‘Otlwisisa se Bolelwang’?

Re ithutang papisong ee? Ntlha ya pele, re lokela ho elellwa hore ha se rona ba etsang hore moithuti wa Bibele a hatele pele. Boikokobetso bo tla re qobisa teko ya hore re batle ho hatella moithuti kapa ho mo qobella hore a kolobetswe. Re etsa sohle se matleng a rona ho thusa motho eo, empa ka boikokobetso re a elellwa hore qetellong ke yena ya lokelang ho etsa qeto ya ho inehela. Motho o lokela ho inehela hobane a rata Modimo. Ho seng jwalo, Jehova a ke ke a amohela boinehelo ba hae.—Pes. 51:12; 54:6; 110:3.

7 Ntlha ya bobedi, ho utlwisisa moelelo wa papiso ena ho tla re thusa hore re se ke ra nyahama, ha qalong re sa bone diphello tsa mosebetsi wa rona. Re lokela ho ba le mamello. (Jak. 5:7, 8) Esita le haeba peo e sa behe ditholwana, ha re etsa sohle se matleng a rona ho thusa moithuti, re tla elellwa hore seo hase bolele hore ha re tshepahale. Jehova o dumella peo ya nnete hore e hole dipelong tse ikokobeditseng, tsa ba ikemiseditseng ho fetoha. (Mat. 13:23) Ka hoo katleho ya rona tshebeletsong ha e a itshetleha ka diphello tse bang teng. Jehova ha a lekanyetse katleho ya rona ka hore na batho bao re ba rutang ba arabela jwang. Ho e na le hoo, o ananela boiteko boo re bo etsang ho sa tsotellehe hore na diphello ke dife.—Bala Luka 10:17-20; 1 Bakorinthe 3:8.

8 Ntlha ya boraro, ka dinako tse ding ha re lemohe diphetoho tseo batho ba di etsang. Ka mohlala, banyalani ba bang ba neng ba ithuta le moromuwa e mong, ba ile ba mo bolella hore ba batla ho ba bahweletsi ba sa kolobetswang. O ile a ba hopotsa hore ba lokela ho kgaotsa ho tsuba e le hore ba tshwanelehe. O ile a makala ha ba mo bolella hore e se e le dikgwedi ba sa tsube. Keng e ileng ya etsa hore ba kgaotse? Ba ne ba ithutile hore Jehova o a bona ha ba tsuba le hore o hloile boikaketsi. Ka hoo dipelo tsa bona di ile tsa ba susumelletsa hore ba kgethe pakeng tsa ho tsuba moromuwa eo a le teng, kapa ba kgaotse ka ho feletseng. Lerato la bona ho Jehova le ile la ba thusa hore ba etse qeto e nepahetseng. Ba ne ba se ba hodile tsebong, le hoja moromuwa eo a ne a sa elellwe seo.

nwtsty study note se ho Mareka 4:9

Ya nang le ditsebe ho mamela a ke a mamele: Pele Jesu a etsa papiso ya mojadi o ile a re: “Mamelang.” (Mar 4:3) O qetella papiso ya hae ka kopo ena e tiileng, a bontsha balatedi ba hae bohlokwa ba ho mamela keletso. Kopo tse jwalo di fumanwa le mangolong a latelang e leng: Mat 11:15; 13:9, 43; Mar 4:23; Lu 8:8; 14:35; Tše 2:7, 11, 17, 29; 3:6, 13, 22; 13:9.

Mmalo wa Bibele

(Mareka 3:1-19a)

30 APRIL–6 MAY

MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | MAREKA 5-6

“Jesu o na le Matla a ho Tsosa Batho ba Hlokahetseng Bao re ba Ratang”

(Mareka 5:38) Kahoo ba tla ntlong ya molaodi ya okamelang wa synagoge, mme a bona moferefere o lerata le ba llang le ho bokolla haholo.

(Mareka 5:39-41) Mme, ka mora hore a kene, a re ho bona: “Ke hobaneng ha le baka moferefere o lerata mme le lla? Ngwana e monyenyane ha aa shwa, empa o robetse.” 40 Yaba ba qala ho mo tsheha ka ho nyefola. Empa, ha a ba ntshitse kaofela, a nka ntata ngwana eo e monyenyane le mmae hammoho le ba neng ba e na le yena mme a tsamaya le bona, a kena ka moo ngwana eo e monyenyane a neng a le ka teng. 41 Ha a tshwara ngwana eo e monyenyane ka letsoho, a re ho yena: “Talitha kumi,” eo, ha e fetolelwa, e bolelang: “Morwetsana, ke re ho wena, Ema!”

nwtsty study note se ho Mar 5:39

ha a shwa, empa o robetse: Ka Bibeleng, hangata lefu le tshwantshwa le boroko. (Pes ya 13:3; Joh 11:11-14; Lik 7:60; 1Ko 7:39; 15:51; 1Th 4:13) Jesu o ne a le mothating wa ho tsosa ngwanana eo, ka hoo ho ka etsahala hore o ile a bua mantswe ana hobane o ne a batla ho bontsha hore feela jwalo ka ha batho ba kgona ho tsoswa borokong bo tebileng, ba ka kgona le ho tsoswa bafung. Jesu o fumane matla a ho tsosa ngwanana enwa ho Ntate wa hae “ya phedisang bafu le ya bitsang dintho tse siyo jwalo ka ha eka di teng.”—Bar 4:17.

(Mareka 5:42) Kapele pele morwetsana eo a ema mme a qala ho tsamaya, etswe o ne a le dilemo di leshome le metso e mmedi. Hang hang ba hlollwa haholo.

jy 118 ¶6

Morwetsana o Boetse o a Phela!

Ditlalehong tse ding, Jesu o ne a laela bao a neng a ba phekotse hore ba se ke ba bua hore o ba etseditseng, mme o etsa se tshwanang le ho batswadi ba morwetsana enwa. Ho ntse ho le jwalo, batswadi bana ba thabileng ba ile ba hasa ketsahalo ena e thabisang “sebakeng seo sohle.” (Matheu 9:26) Na le wena o ne o ke ke wa bua ka taba ena e thabisang haeba o ne o bone e mong wa batho bao o ba ratang a tsositswe bafung? Ena ke tlaleho ya bobedi eo Jesu a ileng a tsosa bafu.

Batlisisa Matlotlo a Patilweng

(Mareka 5:19, 20) Le ha ho le jwalo, ha a ka a mo dumella, empa a re ho yena: “E ya lapeng ho beng ka wena, mme o ba tlalehele dintho tsohle tseo Jehova a o etseditseng tsona le mohau oo a o bontshitseng ona.” 20 Yaba o a tloha mme o qala ho phatlalatsa ka hara Dekapolise dintho tsohle tseo Jesu a ileng a mo etsetsa tsona, mme batho bohle ba qala ho makala.

nwtsty study note se ho Mar 5:19

o ba tlalehele: Ho fapana le seo a tlwaetseng ho se laela (Mar 1:44; 3:12; 7:36), lekgetlong lena Jesu o laela monna enwa hore a tlalehele beng ka yena se etsahetseng. Mohlomong o laetse sena ka lebaka la hore o ne a bolelletswe hore a tlohe sebakeng seo mme ka hona o ne a sa tlo kgona ho fana ka bopaki ka bo yena hape sena se ne se tlo fana ka bopaki bo botle kgahlanong le tlaleho e mpe ya se neng se etsahalletse mohlape wa dikolobe.

(Mareka 6:11) Sebakeng sefe kapa sefe moo ba ke keng ba le amohela kapa ba le utlwa, ha le tswa moo le hlohlore lerole le ka tlasa maoto a lona hore e be bopaki ho bona.”

nwtsty study note se ho Mar 6:11

le hlohlore lerole le ka tlasa maoto a lona: Ketso ena e ne e bontsha hore balatedi ba Jesu ba ne ba ke ke ba nka boikarabelo ka kotlo eo Modimo a neng a tlo e tlisetsa batho ba neng ba sa batle ho mamela molaetsa wa hae. Mantswe a tshwanang le ana a hlaha ho Mat 10:14 le ho Lu 9:5. Mareka le Luka ba sebedisa polelo e reng e be bopaki ho [kapa, “kgahlanong le”] bona. Pauluse le Barnabase ba ile ba sebedisa taelo ena ha ba le Pisidia e Antioke (Lik 13:51), le ha Pauluse a ne a etsa ntho e ba tlileng e tshwana ha a ne a hlohlora diaparo tsa hae, yaba o re ho bona: “Madi a lona a ke a be hodima dihlooho tsa lona. Ke hlwekile.” (Lik 18:6) Ketso e jwalo e ne e tlwaelehile ho balatedi ba Jesu, hobane barapedi ba Bajuda ba neng ba feta naheng ya Baditjhaba ba ne ba hlohlora lerole maotong a bona leo ba neng ba nka hore ha le a hlweka pele ba kena motseng wa bona wa Bajuda. Le ha ho le jwalo Jesu o ne a e na le mohopolo o fapaneng ha a ne a fa balatedi ba hae ditaelo tsena.

Mmalo wa Bibele

(Mar 6:1-13)

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share