PHELA JWALO KA MOKRESTE
Qoba Maraba a Metjha ya Puisano
KE HOBANENG HA HO LE BOHLOKWA: Jwalo ka dithulusi tse ding, metjha ya puisano e ka re thusa kapa ya re ntsha kotsi. Bakreste ba bang ba kgetha ho se sebedise metjha ya puisano. Ba bang bona ba sebedisa metjha ena ya puisano hore ba dule ba buisana le ba lelapa le metswalle. Le ha ho le jwalo, Diabolose o batla re sebedise metjha ya puisano ka tsela e fosahetseng, e leng ntho e ka senyang botumo ba rona le setswalle sa rona le Jehova. Jwalo ka Jesu, re ka sebedisa melaomotheo e tswang Lentsweng la Modimo ho bona dikotsi tse ka re hlahelang mme re di qobe.—Lu 4:4, 8, 12.
MARABA AO O LOKELANG HO A QOBA:
Ho sebedisa metjha ya puisano haholo. Ho qeta nako e ngata o le metjheng ya puisano ho ka o senyetsa nako eo o e hlokang ya hore o ithute ka Jehova
Melaomotheo ya Bibele: Ef 5:15, 16; Fil 1:10
Ho sheba dintho tse fosahetseng. Ho sheba dintshwantsho tse ditshila ho ka etsa hore motho a lemalle boitshwaro bo ditshila le pornography. Ho bala dingolwa tsa bakwenehi kapa ho bala ditaba tsa bona inthaneteng ho ka senya tumelo ya rona
Ho bua dintho tse fosahetseng le ho beha dinepe tse fosahetseng. Ka ha pelo e bolotsana, e ka etsa hore motho a bue kapa a behe dinepe tse fosahetseng metjheng ya puisano. Ntho eo e ka senya botumo ba motho kapa ya etsa hore tumelo ya hae e fokole
Melaomotheo ya Bibele: Bar 14:13; Ef 4:29
SHEBELLA VIDEO E RENG: SEBEDISA METJHA YA PUISANO KA BOHLALE, E BE LE HLAHLOBA KAMOO LE KA QOBANG MAEMO A LATELANG: