LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • bt kgao. 6 maq. 45-51
  • Setefane—“Modimo o ne a mo Rata Hape a mo File Matla”

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • Setefane—“Modimo o ne a mo Rata Hape a mo File Matla”
  • Ho Fana ka “Bopaki bo Hlakileng ka Mmuso wa Modimo”
  • Dihloohwana
  • Dintlha tse Ding
  • “Ba Baka Moferefere Hara Setjhaba” (Diketso 6:​8-15)
  • Ho Paka ka Sebete ka “Modimo ya Hlomphehang” (Diketso 7:​1-53)
  • “Morena Jesu, ke Kopa o Amohele Bophelo ba Ka” (Diketso 7:​54–8:3)
  • Na o ne o Tseba?
    Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang—2018
  • 3 | Ntsha Lehloyo ka Pelong ya Hao
    Tora ya ho Lebela O Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (Ya Batho Kaofela)—2022
Ho Fana ka “Bopaki bo Hlakileng ka Mmuso wa Modimo”
bt kgao. 6 maq. 45-51

KGAOLO YA 6

Setefane​—‘Modimo o ne a mo Rata Hape a mo File Matla’

Seo re ithutang sona ho Setefane ha a ne a paka ka sebete ka pela Lekgotla le Phahameng la Bajuda

E Thehilwe ho Diketso 6:8–8:3

1-3. (a) Setefane o boemong bofe bo tshosang, hona o etsang? (b) Re tla tshohla dipotso dife?

SETEFANE o ka lekgotleng. O potapotilwe ke banna ba 71 ka holong e kgahlehang, mohlomong e pela tempele e Jerusalema. Letsatsing lena Lekgotla le Phahameng la Bajuda le kopane ho tla ahlola Setefane. Baahlodi ke banna ba tummeng, ba hlaheletseng setjhabeng, boholo ba bona ha ba tsotelle morutuwa enwa wa Jesu. Ha e le hantle, monna ya bitsitseng Lekgotla le Phahameng la Bajuda ke Kaifase, Moprista ya Phahameng, ya neng a okametse nyewe ha lekgotla le ahlolela Jesu Kreste lefu dikgwedi tse seng kae pejana. Na Setefane o tshohile?

2 Tsela eo Setefane a shebahalang ka yona nakong ena e a ikgetha. Ha baahlodi ba mo tadima ba bona sefahleho sa hae “eka sa lengeloi.” (Dik. 6:​15) Mangeloi a phatlalatsa melaetsa e tswang ho Jehova Modimo, ka lebaka leo ho a utlwahala hore ebe ha a na tshabo mme a tletse kgotso. Le Setefane o jwalo​—esita le baahlodi bao ba tletseng lehloyo ba ka bona seo. Ke hobaneng ha a kgobile matshwafo?

3 Kajeno Bakreste ba ka ithuta ho hongata karabong ya potso eo. Ho hlokahala hore re tsebe se entseng hore Setefane a be boemong boo bo sa jeseng ditheohelang. O ne a ile a emela tumelo ya hae jwang pele? Hona re ka mo etsisa ka ditsela dife?

“Ba Baka Moferefere Hara Setjhaba” (Diketso 6:​8-15)

4, 5. (a) Ke hobaneng ha Setefane e ne e le motho wa bohlokwa phuthehong? (b) Ho bolelwang ha ho thwe Setefane ke monna eo ‘Modimo a neng a mo rata hape a mo file matla’?

4 Re se re ithutile hore Setefane e ne e le morutuwa wa bohlokwa phuthehong ya Bakreste e neng e sa tswa thehwa. Kgaolong e fetileng ya buka ena, re bone hore e ne e le e mong wa banna ba supileng ba ikokobeditseng ba neng ba ikemiseditse ho thusa baapostola ha ba koptjwa hore ba thuse. Boikokobetso ba hae bo tsoteha le ho feta ha re nahana ka dimpho tseo monna enwa a neng a hlohonolofaditswe ka tsona. Diketso 6:8 e re o ile a fuwa matla a ho etsa “mehlolo e meholo,” e neng e etswa ke baapostola ba bang. Hape re bolellwa hore ‘Modimo o ne a mo rata hape a mo file matla.’ Seo se ne se bolelang?

5 Lentswe la Segerike le bolelang hore ‘Modimo o ne a mo rata’ le ka boela la bolela hore Setefane o ne a “tletse mosa.” Ka sebele Setefane o ne a ratwa ke batho ka ha o ne a le mosa a bile a le bonolo. O ne a bua ka tsela e susumetsang batho ba bangata ba neng ba mo mametse, hoo ba neng ba kgodiseha hore o tiile le hore seo a se rutang se tla ba tswela molemo. O ne a tletse matla hobane moya wa Jehova o ne o sebetsa ho yena, hobane ka boikokobetso o ile a o dumella hore o mo tataise. Ho ena le hore a iphahamise ka lebaka la dimpho tseo a neng a ena le tsona le bokgoni ba hae, o ile a lebisa thoriso yohle ho Jehova mme a bontsha hore o tsotella batho bao a neng a bua le bona. Hase feela a neng a sa jese bahanyetsi ba hae ditheohelang!

6-8. (a) Bahanyetsi ba Setefane ba ile ba mo qosa ka dintho dife tse pedi, hona hobaneng? (b) Ke hobaneng ha mohlala wa Setefane o ka ba molemo ho Bakreste kajeno?

6 Banna ba fapafapaneng ba ile ba phehisana le Setefane, empa “ba ne ba sa kgone ho ikemela hobane Setefane a le bohlale a bile a thuswa ke moya o halalelang ho bua.”a Ka ha ba ne ba ferekane, ba ile “ba hlohlelletsa batho ka lekunutu” hore ba qose molatedi enwa wa Kreste ya se nang molato. Ba boela “ba baka moferefere hara setjhaba,” baholo le bangodi mme ba nka Setefane ka dikgoka ba mo isa ka pela Lekgotla le Phahameng la Bajuda. (Dik. 6:​9-12) Bahanyetsi bana ba ile ba mo qosa ka dintho tse pedi. Ba re o nyefola Modimo le Moshe. Jwang?

7 Ba ne ba qosa Setefane ka bohata ba re o nyefotse Modimo ka ho bua dintho tse kgahlanong le “tempele”​—e leng tempele e Jerusalema. (Dik. 6:​13) Ba ile ba re o nyefotse Moshe ka ha o buile Molao wa Moshe hampe, a fetola ditlwaelo tse fetisitsweng ka Moshe. E ne e le qoso e tebileng haholo, hobane Bajuda ba nakong eo ba ne ba nka tempele e le ya bohlokwa ha mmoho le dintlha tsohle tse amanang le Molao wa Moshe le dineano tse ngata tseo ba neng ba di kenyelleditse Molaong oo. Ka hoo, qoso eo e ne e bontsha hore Setefane ke motho ya kotsi, ya tshwanelwang ke lefu!

8 Ka maswabi ditho tsa bodumedi di tlwaetse ho sebedisa maqheka a jwalo e le hore di ka bakela bahlanka ba Modimo mathata. Ho fihlela kajeno, ka dinako tse ding batho ba bodumedi ba hlohlelletsa babusi hore ba hlorise Dipaki Tsa Jehova. Re lokela ho etsa jwang ha re etselletswa? Re ka ithuta dintho tse ngata ho Setefane.

Ho Paka ka Sebete ka “Modimo ya Hlomphehang” (Diketso 7:​1-53)

9, 10. Basomi ba itseng ka seo Setefane a se buileng ka pela Lekgotla le Phahameng la Bajuda, mme ho hlokahala hore re hopole eng?

9 Jwalo ka ha ho boletswe qalong, sefahleho sa Setefane se ne se edile, se tshwana le sa lengeloi, ha a mametse dintho tseo a qoswang ka tsona. Jwale Kaifase a re ho yena: “Na ditaba tsee ke nnete?” (Dik. 7:1) Ha fihla nako ya hore Setefane a ikarabelle. mme a fela a ikarabella!

10 Basomi ba bang ba nnile ba nyatsa seo Setefane a ileng a se bua, ba bolela hore le hoja a ile lolololo, ha a arabe seo a qoswang ka sona. Nnete ya sala, Setefane o re behetse mohlala o motle wa ka moo re ka ‘ikarabellang’ ka teng ha re bolela ditaba tse monate. (1 Pet. 3:​15) Hopola hore Setefane o ne a qoswa ka hore o nyefola Modimo ka ho bua tempele hampe, a bile a qoswa ka hore o nyefola Moshe ka ho bua Molao hampe. Ha Setefane a araba o ile a akaretsa dinako tse tharo historing ya Baiseraele, mme a hatisa dintlha tse itseng ka hloko. A re hlahlobeng nako ka nngwe ho tsena tse tharo.

11, 12. (a) Setefane o ile a sebedisa mohlala wa Abrahama hamolemo jwang? (b) Ke hobaneng ha Setefane a ile a bua ka Josefa?

11 Mehla ya bapatriareka. (Dik. 7:​1-16) Setefane o ile a qala ka ho bua ka Abrahama, eo Bajuda ba neng ba mo hlompha ka lebaka la tumelo ya hae. O ile a qala ka taba ena eo ba neng ba dumellana ka yona, mme a hatisa hore Jehova “Modimo ya hlomphehang,” o ile a iponahatsa ho Abrahama ka lekgetlo la pele ha a le Mesopotamia. (Dik. 7:2) Ha e le hantle, monna eo e ne e le mojaki Naheng e Tshepisitsweng. Abrahama o ne a se na tempele ebile a se na Molao wa Moshe. Ho hang ha ho motho ya neng a ka tsitlella hore ka mehla ho tshepahala ho Modimo ho lokela ho itshetleha ka tempele le melao.

12 Batho bana ba neng ba mametse Setefane ba ne ba boetse ba hlompha Josefa setloholo sa Abrahama haholo empa Setefane o ile a ba hopotsa hore barababo Josefa, e leng dihlooho tsa meloko ya Iseraele, ba ile ba hlorisa monna eo ya lokileng mme ba mo rekisa bokgobeng. Le ha ho le jwalo, Modimo o ile a mo sebedisa hore a pholose setjhaba sa Iseraele tlaleng. Ho ka etsahala hore ebe Setefane o ile a bona ka ho hlaka dintlha tseo Josefa a neng a tshwana le Jesu Kreste ka tsona, empa ha a ka a bua ka tsona e le hore ba ka mo mamela ka nako e telele ka moo ho ka kgonehang.

13. Setefane o ile a araba diqoso tseo a neng a qoswa ka tsona jwang ka ho bua ka Moshe, hona see se ile sa thusa ho hatisa molaetsa ofe?

13 Mehla ya Moshe. (Dik. 7:​17-43) Setefane o ile a bua ka Moshe haholo​—mme ho ne ho loketse, ka ha ditho tse ngata tsa Lekgotla le Phahameng la Bajuda e ne e le Basaduse, ba neng ba amohela dibuka tse ngotsweng ke Moshe feela ka Bibeleng. Hape hopola qoso ya hore Setefane o ne a nyefotse Moshe. Mantswe a Setefane a ile a arabela qoso eo ka ho toba, hobane o ile a bontsha hore o hlompha Moshe le Molao haholo. (Dik. 7:​38) O ile a re Moshe le yena ha a ka a amohelwa ke batho bao a neng a leka ho ba pholosa. Sena se ile sa etsahala ha a le dilemo di 40. Dilemong tse fetang 40 ha morao ba ile ba hanyetsa boetapele ba hae.b Ka hoo, butlebutle Setefane o ile a hatisa molaetsa ona wa bohlokwa. Kgafetsa batho ba Modimo ba ile ba hana ho amohela bao Jehova a neng a ba kgethile hore ba ba etelle pele.

14. Setefane o ile a sebedisa mohlala wa Moshe ho tshehetsa dintlha dife?

14 Setefane o ile a hopotsa batho ba neng ba mo mametse hore Moshe o boletse esale pele hore ho ne ho tla hlaha moprofeta ya kang Moshe Iseraele. E ne e tla ba mang, mme o ne a tla amohelwa jwang? Setefane o ile a araba dipotso tsena ha a dihela dikgala. O ile a bolela ntlha e nngwe ya bohlokwa. Ya hore Moshe o ne a tseba hore sebaka sefe kapa sefe se ka etswa hore se halalele, jwalo ka sebaka seo sehlahla se neng se tuka ho sona, moo Jehova a ileng a bua le yena. Ka hona, na Jehova a ka rapelwa mohahong o itseng feela, o kang wa tempele e Jerusalema? A re boneng.

15, 16. (a) Ke hobaneng ha tabernakele e ne e le ya bohlokwa tabeng eo Setefane a neng a bua ka yona? (b) Setefane o ile a reng ka tempele ya Solomone?

15 Tabernakele le tempele. (Dik. 7:​44-50) Setefane o ile a hopotsa lekgotla hore pele ho eba le tempele Jerusalema, Modimo o ile a laela Moshe hore a hahe tabernakele​—e leng tente ya borapedi e neng e ka tloswa sebakeng se seng ya iswa ho se seng. Ha ho motho ya neng a ka re tabernakele e ne e se ya bohlokwa jwalo ka tempele, ka ha le Moshe o ile a rapela ho yona.

16 Ha morao, ha Solomone a ne a haha tempele e Jerusalema, o ile a budulelwa hore a bolele ntlha ya bohlokwa thapelong ya hae. Setefane o itse, “Ya Phahameng ka ho Fetisisa ha a dule ka matlung a entsweng ka matsoho.” (Dik. 7:​48; 2 Dikron. 6:​18) Jehova a ka nna a sebedisa tempele ho ntshetsa merero ya hae pele empa a ke ke a dula ho yona. Jwale, ke hobaneng ha barapedi ba hae ba ka nahana hore borapedi bo hlwekileng bo lokela ho etsetswa mohahong o entsweng ka matsoho a batho? Setefane o ile a dihela dikgala ka mantswe a matla ha a qotsa buka ya Esaia a re: “Jehova o re: ‘Lehodimo ke terone ya ka mme lefatshe ke setulwana sa maoto a ka. Le tla nkahela ntlo ya mofuta ofe kapa ke phomole hokae? Letsoho la ka le entse dintho tsena tsohle.”​—Dik. 7:​49, 50; Esa. 66:​1, 2.

17. Ke jwang mantswe a Setefane a ileng (a) a senola maikutlo a batho ba neng ba mo mametse mme (b) a arabela diqoso tseo a neng a qoswa ka tsona?

17 Ha o ntse o hlahloba seo Setefane a ileng a se bolella Lekgotla le Phahameng la Bajuda ho fihlela boemong bona, na ha o dumele hore o ile a hlakisa hore ba mo qosang ba ne ba ena le maikutlo a fosahetseng? O ile a bontsha hore morero wa Jehova o tswela pele ebile ha ho letho le ka o emang pele, ha wa ema nqa e le nngwe ebile ha wa itshwarella ka neano. Ba neng ba nka mohaho o Jerusalema ha mmoho le ditlwaelo le dineano tse thehilweng Molaong wa Moshe e le tsa bohlokwa, ba ne ba sa utlwisise morero wa Molao le tempele! Ka tsela e sa tobang Setefane o ile a botsa potso ya bohlokwa e reng: Na ha ho molemo ho hlompha Molao le tempele ka ho mamela Jehova? Ka sebele dipolelo tsa Setefane di ile tsa tshehetsa Diketso tsa hae, hobane o ile a mamela Jehova ka hohle ka moo a neng a ka kgona.

18. Re lokela ho leka ho etsisa Setefane ka ditsela dife?

18 Seo Setefane a se buileng se re ruta eng? O ne a tseba Mangolo hantle. Ka ho tshwanang, ho hlokahala re kgothalle ho ithuta Lentswe la Modimo e le hore re rute le ho hlalosa “lentswe la nnete hantle.” (2 Tim. 2:​15) Hape mohlala wa Setefane o re ruta ho ba mosa le ho ba masene. Batho ba neng ba mo mametse ba ne ba le hlaha haholo! Empa ka hohle ka moo ho ka kgonehang, o ile a bua ka dintho tseo ba dumellanang ka tsona le tseo ba neng ba di nka e le tsa bohlokwa. Hape o ile a bua le bona ka tlhompho, a re banna ba baholo ke “bontate.” (Dik. 7:2) Le rona ho hlokahala re bolele dinnete tsa Lentswe la Modimo ka “bonolo le ka tlhompho.”​—1 Pet. 3:15.

19. Setefane o ile a iteta sebete jwang ho bolella Lekgotla le Phahameng la Bajuda molaetsa wa Jehova wa kahlolo?

19 Le ha ho le jwalo, ha re tsilatsile ho bolela dinnete tsa Lentswe la Modimo hobane re tshaba ho kgopisa batho; ebile ha re bebofatse molaetsa wa Jehova wa kahlolo. Setefane ke mohlala o motle. Ha ho pelaelo hore o ne a bona hore le ka mora bopaki bohle boo a faneng ka bona ka pela lekgotla, ho ne ho se moo ho reng teke! ho baahlodi bao ba pelo di thata. Ka hona, ka ha o ne a susumetswa ke moya o halalelang, o ile a dihela dikgala ka hore ka sebete a ba bontshe hore ba tshwana le baholoholo ba bona ba sa kang ba amohela Josefa, Moshe le baprofeta bohle. (Dik. 7:​51-53) Ha e le hantle, baahlodi bana ba Lekgotla le Phahameng la Bajuda ba ne ba bolaile Mesia, eo Moshe le baprofeta bohle ba neng ba boletse esale pele hore o ne a tla tla. Ka sebele ba ne ba tlotse Molao wa Moshe ka hohlehohle!

“Morena Jesu, ke Kopa o Amohele Bophelo ba Ka” (Diketso 7:​54–8:3)

Setefane o eme ka pela Lekgotla le Phahameng la Bajuda a kgobile matshwafo.

“Ha ba utlwa a tjho jwalo, ba tuka ke bohale mme ba batla ho mo ntsha kotsi.”​—Diketso 7:54

20, 21. Lekgotla le Phahameng le Bajuda le ile la etsang ha le utlwa mantswe a Setefane, hona Jehova o ile a mo matlafatsa jwang?

20 Nnete e ke keng ya latolwa eo Setefane a ileng a e bolella baahlodi bao e ile ya ba halefisa haholo. Ba ile ba tswa taolong mme ba batla ho mo ntsha kotsi. E tlamehile ebe monna eo ya tshepahalang o ile a bona hore ba ke ke ba mo hauhela jwalo ka ha ba sa ka ba hauhela Monga hae, Jesu.

21 Ho ne ho hlokahala hore Setefane a be sebete e le hore a tadimane le se larileng ka pele mme ha ho pelaelo hore pono eo Jehova a ileng a mo bontsha yona e ile ya mo kgothatsa haholo. Setefane o ile a bona kganya ya Modimo mme a bona Jesu a eme letsohong le letona la Jehova. Ha Setefane a ntse a hlalosa pono ena, baahlodi ba hae ba ile ba ithiba ditsebe ka matsoho. Hobaneng? Pejana, Jesu o ne a boleletse lekgotla lona leo hore ke Mesia le hore o ne a tla tloha a dula ka letsohong le letona la Ntatae. (Mar. 14:​62) Pono ya Setefane e ile ya tiisa hore Jesu o ne a bua nnete. Ha e le hantle Lekgotla le Phahameng la Bajuda leo le ne le ekile Mesia la ba la mo bolaya! Ka tumellano ba kgorohela Setefane hore ba mo tlepetse ka majwe ho fihlela a eshwa.c

22, 23. Lefu la Setefane le tshwana le la Monga hae ka ditsela dife, mme kajeno Bakreste ba ka ba sebete jwalo ka Setefane jwang?

22 Setefane o shwele ka tsela e batlang e tshwana le eo Monga hae a shweleng ka yona, a tletse kgotso, a tshepile Jehova a bile a tshwaretse babolai ba hae. O ile a re, “Morena Jesu, ke kopa o amohele bophelo ba ka,” mohlomong e le hobane a ne a bona Mora motho le Jehova ponong. Ha ho pelaelo hore Setefane o ne a tseba mantswe a Jesu a kgothatsang a reng: “Ke nna tsoho le bophelo.” (Joh. 11:​25) Qetellong Setefane o ile a rapela Modimo ka ho toba ka lentswe le phahameng a re: “Jehova, o se ke wa ba balla sebe sena.” Ka mora hore a bue mantswe ana, o ile a shwa.​—Dik. 7:​59, 60.

23 Ka hoo Setefane e ile ya eba yena moshwelatumelo wa pele ya boletsweng tlalehong ya balatedi ba Kreste. (Sheba lebokose la sehlooho se reng: “E ne e le ‘Moshwelatumelo’ ka Kutlwisiso Efe?”) Le ha ho le jwalo, ka maswabi e ne e ke ke ya eba wa ho qetela. Ho fihlela mehleng ya rona, ho bile le bahlanka ba Jehova ba tshepahalang ba ileng ba bolawa ke batho ba tjhesehelang bodumedi le dipolotiki ka ho feteletseng le bahanyetsi ba bang ba mabifi. Ho ntse ho le jwalo, re na le mabaka a ho ba sebete jwalo ka Setefane. Hona jwale Jesu ke Morena, o sebedisa matla a hae a maholo ao Ntate wa hae a mo fileng wona. Ha ho letho le tla mo thibela ho tsosa balatedi ba hae ba tshepahalang bafung.​—Joh. 5:​28, 29.

E NE E LE “MOSHWELATUMELO” KA KUTLWISISO EFE?

Bibele e hlalosa Setefane ka lentswe la Segerike marʹtys, le bolelang “paki”​—e leng motho ya bonang ketsahalo kapa ntho e itseng. Empa lentswe lena la Segerike le bolela se fetang seo. Ho latela buka e nngwe e hlalosang mantswe a Segerike, lentswe la Bibele marʹtys le boetse le bolela motho ya “etsang ho itseng, ya biletswang ho bolela seo a se boneng le ho se utlwa, ho bolela seo a se tsebang.” Bakreste bohle ba nnete ba tlameha ho paka seo ba se tsebang ka Jehova le merero ya hae. (Luka 24:​48; Dik. 1:8) Mangolo a re Setefane ke “paki” hobane o ne a bua ka Jesu.​—Dik. 22:20.

Bakreste ba etsang mosebetsi wa ho paka ba atisa ho hanyetswa, ho tshwarwa, ho shapuwa esita le ho bolawa. Ka hoo, ho tloha lekgolong la bobedi la dilemo C.E., lentswe marʹtys le ne le boetse le bolela motho ya hlahelwang ke dintho tse jwalo ho ena le hore a latole tumelo ya hae. Ke ka kutlwisiso ena ho ka thweng Setefane ke moshwelatumelo wa pele wa Mokreste. Le ha ho le jwalo, tshimolohong motho o ne a nkwa e le marʹtys hobane a paka, eseng hobane a shwele.

24. Saule o ile a kenya letsoho jwang polaong ya Setefane, mme lefu la monna eo ya tshepahalang le bile le diphello dife tse molemo ha morao?

24 Mohlankana ya bitswang Saule o ne a shebeletse ha sena sohle se etsahala. O ile a dumellana le polao ya Setefane a ba a kata diaparo tsa ba neng ba mo tlepetsa ka majwe. Kapele ka mora moo, e ile ya eba yena ya di hulang pele mahlorisong a sehloho. Empa lefu la Setefane le ne le tla ba le phello e molemo ha morao. Mohlala wa hae o ne o tla matlafatsa Bakreste ba bang hore ba dule ba tshepahala le hore e be bahlodi jwalo ka yena. Ho feta moo, Saule​—eo ha morao a neng a atisa ho bitswa Pauluse​—o ne a tla ikwahlaya haholo ka hore ebe o ile a kenya letsoho lefung la Setefane. (Dik. 22:​20) O ne a thusitse ho bolaya Setefane, empa ha morao a re: “Ke ne ke nyefola Modimo, ke hlorisa batho ba hae ebile ke ikgohomosa.” (1 Tim. 1:​13) Ho hlakile hore ho hang Pauluse ha a ka a lebala Setefane le mantswe a matla ao a ileng a a bua letsatsing leo. Ha e le hantle, dintho tse ding tseo Pauluse a ileng a di bua le ho di ngola di ne di akarelletsa dintlha tsa Setefane. (Dik. 7:​48; 17:​24; Baheb. 9:​24) Ha nako e ntse e feta, Pauluse o ile a ithuta ka ho felletseng ho latela mohlala wa tumelo le sebete o behilweng ke Setefane, monna eo ‘Modimo a neng a mo rata hape a mo file matla’. Potso ke hore, Na re tla etsa jwalo?

a Ba bang ba bahanyetsi bana e ne e le ditho tsa “Ntlo ya Thapelo ya Batho ba Lokolotsweng.” E ka nna yaba ba ne ba hapilwe ke Baroma mme ha morao ba lokollwa, kapa mohlomong e kile ya eba makgoba mme ba sokolohetse Bojudeng. Ba bang ba ne ba tswa Silisia, e leng moo Saule wa Tarsase a neng a tswa teng. Tlaleho ena ha e bontshe hore Saule e ne e le e mong wa Basilisia ba neng ba sa kgone ho ikemela kgahlanong le Setefane.

b Setefane o boletse dintlha tseo re sa di fumaneng dibakeng tse ding ka Bibeleng, tse kang tse mabapi le thuto ya Moshe Egepeta, dilemo tsa hae ha a baleha Egepeta ka lekgetlo la pele, le hore na o dutse nako e kae Midiane.

c Ho bonahala eka tlasa molao wa Roma Lekgotla le Phahameng la Bajuda le ne le se na matla a ho laela hore motho a bolawe. (Joh. 18:​31) Le ha ho le jwalo, ho bonahala hore Setefane o bolailwe ke mokgopi o halefileng, eseng hobane a ahlotswe ka molao.

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share