LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • wp22 No. 1 maq. 10-11
  • 3 | Ntsha Lehloyo ka Pelong ya Hao

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • 3 | Ntsha Lehloyo ka Pelong ya Hao
  • Tora ya ho Lebela O Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (Ya Batho Kaofela)—2022
  • Dihloohwana
  • Dintlha tse Ding
  • Seo Bibele e se Rutang:
  • Seo Temana Ena e se Bolelang:
  • Seo o ka se Etsang:
  • Setefane—“Modimo o ne a mo Rata Hape a mo File Matla”
    Ho Fana ka “Bopaki bo Hlakileng ka Mmuso wa Modimo”
  • Re ka Etsang Hore re Hlole Lehloyo?
    Tora ya ho Lebela O Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (Ya Batho Kaofela)—2022
  • Re ka Kgona ho Hlola Lehloyo
    Tora ya ho Lebela O Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (Ya Batho Kaofela)—2022
  • Ke Hobaneng ha Batho ba Hloyane Hakaale?
    Tora ya ho Lebela O Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (Ya Batho Kaofela)—2022
Tse Ding
Tora ya ho Lebela O Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (Ya Batho Kaofela)—2022
wp22 No. 1 maq. 10-11
Ntate o iketsetsa setshwantsho seo ho sona a tshwereng letsoho la ntate e mong wa morabe o fapaneng. Diriti tsa bona di ba hlahisa ba tshwere dikarete tsa boipiletso mme ba phehisana kgang.

RE KA ETSANG HORE RE HLOLE LEHLOYO?

3 | Ntsha Lehloyo Ka Pelong Ya hao

Seo Bibele e se Rutang:

“Le fetohe ka ho fetola dikelello tsa lona, e le hore le ka ipakela e le lona thato ya Modimo e molemo le e amohelehang le e phethahetseng.”​—BAROMA 12:⁠2.

Seo Temana Ena e se Bolelang:

Tsela eo re nahanang ka yona ke ya bohlokwa ho Modimo. (Jeremia 17:​10) Re lokela ho etsa ho fetang ho qoba ho etsa dintho tse bontshang lehloyo kapa ho di bua. Lehloyo le qala ka pelong le ka dikelellong tsa rona. Ka hoo, re lokela ho kgaotsa ho nahana ka dintho tse ka etsang hore re be le lehloyo. Haeba re etsa jwalo, re tla kgona “ho fetoha” mme re hlole lehloyo.

Seo o ka se Etsang:

Nahanisisa ka hloko hore na o ikutlwa jwang ka batho ba bang, haholoholo ba morabe o fapaneng kapa ba tswang dinaheng tse ding. Ipotse: ‘Ke ba tshwara jwang? Na tsela eo ke ba tshwarang ka yona e itshetlehile ka hore na ke a ba tseba kapa e itshetlehile ka hore na ke na le kgethollo?’ Qoba metjha ya puisano, difilimi kapa boithabiso bo bontshang lehloyo kapa dintwa.

Lentswe la Modimo le ka re thusa  hore re hlole lehloyo le ka pelong le le ka dikelellong tsa rona

Ka dinako tse ding ho ba thata ho hlokomela tsela eo re hlileng re ikutlwang ka yona. Empa Lentswe la Modimo le re thusa “ho lemoha menahano le boikemisetso ba pelo.” (Baheberu 4:​12) Ka hoo dula o ntse o ithuta Bibele. Bapisa seo Bibele e se rutang le tsela eo o nahanang ka yona mme o leke ho ithuta ho nahana ka tsela e thabisang Modimo. Lentswe la Modimo le ka re thusa hore re hlole lehloyo le “metseng ka matla” ka dipelong le ka dikelellong tsa rona.​—2 Bakorinthe 10:​4, 5.

Pale ya Bophelo​—STEPHEN

O Ile a Fetola Tsela eo a Neng a Nahana ka Yona

Stephen.

Stephen le ba lelapa la hae ba ne ba hlouwe ke makgowa. Ka lebaka leo, Stephen e ile ya eba karolo ya sehlopha se neng se lwanela ditokelo tsa botho. Ha nako e ntse e ya, o ile a qala ho lwantsha makgowa. Stephen o re: “Ka dinako tse ding nna le metswalle ya ka re ne re shebella difilimi tse bontshang ha makgoba a Maafrika a sotlwa Amerika. Ka ha ho hloka toka ho jwalo ho ne ho re utlwisa bohloko, re ne re hlasela batjha ba makgowa hona moo sebakeng seo ho shebellwang difilimi. Ka mora moo re ne re ya dibakeng tsa makgowa ebe re batla bao re ka ba lwantshang.”

Tsela eo Stephen a neng a nahana ka yona e ile ya fetoha ha a qala ho ithuta Bibele le Dipaki Tsa Jehova. O re: “Ka ha ke ne ke ena le bothata bo tebileng ba kgethollo ya morabe, ke ne ke hlollwa ha ke le hara Dipaki. Ka mohlala, ha lekgowa le leng la paki le nka leeto, le ile la siya bana ba lona ha Dipaki tsa batho ba batsho. Hape lelapa le leng la Dipaki tsa makgowa le ile la dula le motjha wa motho ya motsho ya neng a hloka bodulo.” Stephen o ile a kgodiseha hore Dipaki Tsa Jehova ke lelapa le ratanang le hore di phetha tshepiso ya Jesu e bontshang hore balatedi ba hae ba tla bontshana lerato.​—Johanne 13:⁠35.

Ke eng e thusitseng Stephen hore a tlohelle ho ba mabifi le ho hloya ba bang? O thusitswe ke lengolo la Baroma 12:⁠2. O re: “Ke ile ka hlokomela hore ke lokela ho fetola boikutlo ba ka. Ke ne ke lokela ho fetola tsela eo ke nahanang ka yona ka ha ho phela ka kgotso le batho ba bang ke tsela e molemo ka ho fetisisa.” Stephen o thabetse bophelo bo se nang lehloyo ka dilemo tse fetang tse 40.

O ka bala pale ya Stephen ho Molula-Qhooa wa July 1, 2015, leqepheng la 10 ho ya la 11, o fumanehang ho jw.org/st.

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share